Ho Baefese
1 Pauluse, moapostola+ oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo,+ ho bahalaleli ba leng Efese le ba tšepahalang+ bonngoeng+ le Kreste Jesu:
2 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang+ le khotso+ e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.
3 Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rōna Jesu Kreste,+ kaha o re hlohonolofalitse+ ka tlhohonolofatso e ’ngoe le e ’ngoe ea moea libakeng tsa leholimo+ bonngoeng le Kreste, 4 feela joalokaha a ile a re khetha+ bonngoeng le eena pele lefatše le thehoa,+ e le hore re ka halalela ’me ra hloka sekoli+ ka pel’a hae leratong.+ 5 Etsoe o ile a re khetha esale pele+ hore re nkeloe ka lapeng+ re le bara+ ho eena ka Jesu Kreste, ho ea ka ho khahloa ha thato ea hae,+ 6 thorisong+ ea mosa oa hae o sa tšoanelang+ o khanyang oo ka mosa a ileng a re neha oona ka moratuoa oa hae.+ 7 Ka eena re na le tokollo ka thekollo ka mali+ a eo, e, tšoarelo+ ea litšito tsa rōna, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang.+
8 O ile a etsa hore sena se re atele ka bohlale+ bohle le kelello e ntle, 9 ka hore o ile a re tsebisa sephiri se halalelang+ sa thato ea hae. Ke ho ea ka ho khahloa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho eena+ 10 bakeng sa tsamaiso+ tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng,+ e leng, ho bokella+ lintho tsohle hape ho Kreste,+ lintho tse maholimong+ le lintho tse lefatšeng.+ E, ho eena, 11 eo re ileng ra boela ra abeloa ho ba majalefa bonngoeng le eena,+ ka hore re ile ra khethoa esale pele ho ea ka morero oa ea sebetsang lintho tsohle ho ea ka tsela eo thato ea hae e rerang ka eona,+ 12 e le hore re sebeletse thoriso ea khanya ea hae,+ rōna bao re bileng ba pele ba ho ba le tšepo ho Kreste.+ 13 Empa le lōna le ile la ba le tšepo ho eena ka mor’a hore le utloe lentsoe la ’nete,+ litaba tse molemo tse mabapi le poloko ea lōna.+ Ka eena hape, ka mor’a hore le lumele, le ile la tiisoa+ ka moea o halalelang+ o tšepisitsoeng, 14 oo e leng pontšo+ esale pele ea lefa+ la rōna, ka morero oa ho lokolla ka thekollo+ letlotlo+ [la Molimo], thorisong ea hae e khanyang.
15 Ke ka lebaka leo le ’na, kaha ke utloile ka tumelo eo le nang le eona ho Morena Jesu le ho bahalaleli bohle,+ 16 ke sa khaotseng ho le lebohela. Ke tsoela pele ho le bolela lithapelong tsa ka,+ 17 e le hore Molimo oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa khanya, a ka le fa moea oa bohlale+ le oa tšenolo tsebong e nepahetseng ea hae;+ 18 mahlo+ a lipelo tsa lōna a behiloe leseling,+ e le hore le ka tseba hore na tšepo+ eo a le bitselitseng eona ke eng, hore na maruo+ a khanyang ao a a tšoereng e le lefa bakeng sa bahalaleli+ ke eng, 19 le hore na boholo bo fetisisang ba matla+ a hae ke eng mabapi le rōna balumeli. Ke ho ea ka tšebetso+ ea bonatla ba matla a hae, 20 boo a sebelitseng ka bona tabeng ea Kreste ha a mo tsosa bafung+ ’me a mo lulisa ka letsohong la hae le letona+ libakeng tsa leholimo,+ 21 ka holimo haholo ho ’muso le bolaoli le matla le borena+ bo bong le bo bong le lebitso+ le leng le le leng le bitsoang, eseng feela tsamaisong ena ea lintho,+ empa hape le ho e tlang ho tla.+ 22 Hape o behile lintho tsohle ka tlas’a maoto+ a hae, ’me o mo entse hlooho holim ’a lintho tsohle+ ho phutheho, 23 eo e leng ’mele+ oa hae, botlalo+ ba ea tlatsang lintho tsohle ho bohle.+
2 Ho feta moo, ke lōna bao [Molimo a ileng a ba phelisa] le hoja le ne le shoele litšitong le libeng tsa lōna,+ 2 tseo ka nako e ’ngoe le neng le tsamaea ho tsona ho ea ka tsamaiso+ ea lintho ea lefatše lena, ho ea ka ’musi+ oa matla a moea, moea+ oo hona joale o sebetsang ho bara ba ho se mamele.+ 3 E, ka nako e ’ngoe kaofela re ile ra itšoara tumellanong le litakatso tsa nama+ ea rōna har’a bona, re etsa lintho tse ratoang ke nama+ le ke menahano, ’me ka tlhaho re ne re le bana ba khalefo+ esita le joaloka ba bang kaofela. 4 Empa Molimo, ea ruileng mohau,+ ka lebaka la lerato la hae le leholo leo a ileng a re rata ka lona,+ 5 o ile a re phelisa hammoho le Kreste, esita leha re ne re shoele litšitong+—le pholositsoe ka mosa o sa tšoanelang+— 6 ’me o ile a re tsosa+ hammoho ’me a re lulisa hammoho libakeng tsa leholimo+ bonngoeng le Kreste Jesu, 7 e le hore litsamaisong tse tlang+ tsa lintho ho ka bontšoa maruo+ a fetisisang a mosa oa hae o sa tšoanelang mohaung oa hae ho rōna bonngoeng+ le Kreste Jesu.
8 Ka sebele, ka mosa ona o sa tšoanelang, le pholositsoe ka tumelo;+ ’me sena hase ka lebaka la lōna,+ ke mpho+ ea Molimo. 9 Che, hase ka lebaka la mesebetsi,+ e le hore ho se ke ha e-ba le motho ea ka bang le lebaka la ho ithorisa.+ 10 Etsoe re sehlahisoa sa mosebetsi+ oa hae ’me re ile ra bōptjoa+ bonngoeng+ le Kreste Jesu bakeng sa mesebetsi e molemo,+ eo Molimo a ileng a e lokisetsa esale pele+ bakeng sa hore re tsamaee ho eona.
11 Ka hona le ’ne le hopole hore pele le ne le le batho ba lichaba mabapi le nama;+ le ne le bitsoa “ho se bolle” ke se bitsoang “ho bolla” ho entsoeng nameng ka matsoho+— 12 hore ka nako eo le ne le se na Kreste,+ le arohile+ ho sechaba sa Iseraele ’me le le basele lilekaneng tsa tšepiso,+ ’me le ne le se na tšepo+ ’me le ne le se na Molimo lefatšeng.+ 13 Empa joale bonngoeng le Kreste Jesu lōna bao le kileng la ba hōle le se le le haufi ka mali+ a Kreste. 14 Etsoe ke khotso+ ea rōna, eena ea ileng a etsa lihlopha+ tse peli se le seng+ eaba o senya lerako+ le lipakeng le neng le entse motero+ o li arolang. 15 Ka nama+ ea hae o ile a felisa ka ho feletseng bora boo,+ Molao oa litaelo o entsoeng ka melao-taelo,+ e le hore a ka bōpa lichaba+ tsena tse peli bonngoeng le eena hore e be motho+ a le mong e mocha le ho etsa khotso; 16 le hore a ka boelanya+ ka botlalo lichaba tse peli ’meleng o le mong+ ho Molimo ka thupa ea tlhokofatso,+ hobane o ne a bolaile bora+ ka eena. 17 O ile a tla ’me a bolela litaba tse molemo tsa khotso+ ho lōna, ba hōle, le khotso ho ba haufi,+ 18 hobane ka eena rōna, lichaba+ tse peli, re na le katamelo+ ho Ntate ka moea o le mong.+
19 Ka hona, ka sebele ha le sa le basele+ le bajaki,+ empa le baahi-’moho+ le bahalaleli+ ’me le litho tsa ntlo+ ea Molimo, 20 ’me le hahuoe holim ’a motheo+ oa baapostola+ le baprofeta,+ ha Kreste Jesu e le lejoe la sekhutlo la motheo.+ 21 Bonngoeng le eena mohaho oohle, o kopantsoe hammoho ka tumellano,+ o hōla ho ba tempele e halalelang bakeng sa Jehova.+ 22 Bonngoeng le eena,+ le lōna, le ntse le hahuoa hammoho hore le be sebaka seo Molimo a ahang ho sona ka moea.+
3 Ka lebaka la sena ’na, Pauluse, motšoaruoa+ oa Kreste Jesu molemong oa lōna, batho ba lichaba+— 2 ka sebele, haeba le utloile ka botsamaisi+ ba mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa bakeng sa lōna, 3 hore ka tšenolo sephiri se halalelang se ile sa tsebahatsoa ho ’na,+ feela joalokaha ke ile ka ngola pele ka bokhutšoanyane. 4 Ka lebaka la sena, ha le bala sena, le ka hlokomela kutloisiso+ eo ke nang le eona sephiring se halalelang+ sa Kreste. 5 Melokong e meng sephiri+ sena ha sea ka sa tsebahatsoa ho bara ba batho joalokaha hona joale se senotsoe+ ho baapostola ba hae ba halalelang le baprofeta+ ka moea, 6 e leng, hore batho ba lichaba e ne e tla ba majalefa hammoho ’me e be litho hammoho tsa ’mele+ le ba nang le kabelo le rōna tšepisong+ bonngoeng le Kreste Jesu ka litaba tse molemo. 7 Ke bile mosebeletsi+ oa sena ho ea ka mpho e sa lefelloeng ea mosa o sa tšoanelang oa Molimo oo ke ileng ka o fuoa ho ea ka tsela eo matla a hae a sebetsang ka eona.+
8 ’Na motho ea ka tlaase ho e monyenyane ka ho fetisisa+ ho bahalaleli bohle, ke ile ka fuoa mosa ona o sa tšoanelang,+ e le hore ke bolelle lichaba+ litaba tse molemo tse mabapi le maruo+ a ke keng a lekanngoa a Kreste 9 le hore ke etse hore batho ba bone kamoo sephiri se halalelang+ se tsamaisoang+ kateng seo ho tloha nakong e sa lekanyetsoang e fetileng se ’nileng sa patoa ho Molimo, ea bōpileng lintho tsohle.+ 10 Sena e ne e le hore joale bohlale ba Molimo+ bo fapa-fapaneng haholo bo ka tsebahatsoa ka phutheho+ ho mebuso le balaoli+ libakeng tsa leholimo, 11 ho ea ka morero oa ka ho sa feleng oo a ileng a o etsa mabapi le Kreste,+ Jesu Morena oa rōna, 12 eo ka eena re buang ka bolokolohi bona le katamelo+ ka kholiseho ka tumelo ea rōna ho eena. 13 Ka lebaka leo ke le kōpa hore le se ke la tela ka lebaka la matšoenyeho+ ana a ka molemong oa lōna, kaha a bolela khanya bakeng sa lōna.
14 Ka lebaka la sena ke khumamela+ Ntate,+ 15 eo lelapa+ le leng le le leng leholimong le lefatšeng le bitsoang ka eena,+ 16 e le hore a ka le neha ho ea ka maruo+ a khanya ea hae hore le matlafatsoe mothong eo le leng eena ka hare+ ka matla ka moea oa hae,+ 17 hore Kreste a lule ka tumelo ea lōna lipelong tsa lōna ka lerato;+ e le hore le ka mela ka metso+ le ho tiea motheong,+ 18 e le hore le ka khona ho utloisisa ka ho phethahetseng kelellong+ hammoho le bahalaleli bohle hore na bophara le bolelele le bophahamo le botebo ke eng,+ 19 le ho tseba lerato la Kreste+ le fetang tsebo, e le hore le ka tlala botlalo+ bohle boo Molimo a fanang ka bona.
20 Joale ho eo, ho ea ka matla a hae a sebetsang+ ho rōna, a ka etsang ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kōpang kapa re li nahanang,+ 21 ho eena e be khanya ka phutheho le ka Kreste Jesu ho meloko eohle ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.
4 Ka hona, ’na, motšoaruoa+ Moreneng, ke le kōpa ka tieo hore le tsamaee ka mokhoa o tšoanelang+ pitso eo le ileng la bitsoa ka eona,+ 2 ka ho ikokobetsa ho feletseng kelellong+ le bonolo, ka tiisetso,+ le mamellane ka lerato,+ 3 le leke ka tieo ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo e kopanyang ea khotso.+ 4 Ho na le ’mele o le mong,+ le moea o le mong,+ esita le joalokaha le ile la bitsoa ka tšepo e le ’ngoe+ eo le ileng la bitsetsoa ho eona; 5 Morena o mong,+ tumelo e ’ngoe,+ kolobetso e ’ngoe;+ 6 Molimo o mong+ le Ntate oa batho bohle, ea okametseng tsohle le ho pholletsa le tsohle le ho tsohle.
7 Joale e mong le e mong oa rōna o ile a fuoa mosa o sa tšoanelang+ ho ea kamoo Kreste a ileng a aba ka tekanyo mpho+ e sa lefelloeng. 8 Ka lebaka leo o re: “Ha a nyolohela holimo o ile a nka baholehuoa; a fana ka limpho [tseo e leng] banna.”+ 9 Joale polelo “a nyolohela,”+ e bolela eng haese hore o ile a boela a theohela libakeng tse tlaase, ke hore, lefatše?+ 10 Ea ileng a theoha ke eena hape ea ileng a nyolohela+ ka holimo haholo ho maholimo ’ohle,+ e le hore a ka fa lintho tsohle botlalo.+
11 O ile a fana ka ba bang e le baapostola,+ ba bang e le baprofeta,+ ba bang e le baevangeli,+ ba bang e le balisa le mesuoe,+ 12 ka sepheo sa ho khutlisetsa bahalaleli tseleng,+ bakeng sa mosebetsi oa bosebeletsi, bakeng sa ho haha ’mele oa Kreste,+ 13 ho fihlela bohle re fihlela bonngoeng tumelong le tsebong e nepahetseng ea Mora oa Molimo, ho isa ho monna ea hōlileng ka ho feletseng,+ ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste;+ 14 e le hore re se ke ra hlola re e-ba bana, ba akhotsoang+ joalokaha eka ba akhotsoa ke maqhubu ’me ba isoa koana le koana ke moea o mong le o mong oa thuto+ ka ho qhekella+ ha batho, ka mano a ho qapa phoso. 15 Empa ha re ntse re bua ’nete,+ a re hōleng+ linthong tsohle ka lerato ho eo e leng hlooho,+ Kreste. 16 Ka eena ’mele+ oohle, ka ho ba o kopantsoeng hammoho ka tumellano le ka ho etsoa hore o sebelisane ka lenonyello le leng le le leng le fanang ka se hlokahalang, ho ea ka tšebetso ea setho se seng le se seng ka tekanyo e loketseng, o sebeletsa khōlo ea ’mele bakeng sa ho ikaha ha oona ka lerato.+
17 Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaea feela joalokaha lichaba+ le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello+ tsa tsona, 18 ha li ntse li le lefifing likelellong,+ ’me li arohile+ bophelong ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo+ ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo+ ha lipelo tsa tsona. 19 E le tse feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro,+ li ineheletse boitšoaro bo hlephileng+ ho sebetsa ho se hloeke+ ha mofuta o mong le o mong ka meharo.+
20 Empa ha lea ithuta Kreste a le joalo,+ 21 ka sebele, hafeela le ile la mo utloa ’me la rutoa ho sebelisoa eena,+ feela joalokaha ’nete+ e le ho Jesu, 22 e le hore le lahle botho ba khale+ bo lumellanang le tsela ea lōna ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa+ ho ea ka litakatso+ tsa bona tse thetsang; 23 empa hore le nchafale matleng a susumetsang likelello+ tsa lōna, 24 le hore le apare+ botho bo bocha+ bo ileng ba bōptjoa+ ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng+ ha ’nete le botšepehing.
25 Ka lebaka leo, kaha joale le lahlile leshano,+ e mong le e mong oa lōna a bue ’nete le moahelani oa hae,+ hobane re litho ba bang tsa ba bang.+ 26 Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe;+ letsatsi le se ke la le likella le halefile,+ 27 hape le se ke la lumella Diabolose sebaka.+ 28 Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa,+ empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae,+ e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang.+ 29 Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong+ ea lōna, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang.+ 30 Hape, le se ke la soabisa moea o halalelang+ oa Molimo, oo le tiisitsoeng+ ka oona bakeng sa letsatsi la ho lokolloa ka thekollo.+
31 Lehloeo le nang le lonya+ le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang+ li ke li tlosoe tsohle ho lōna hammoho le bobe+ bohle. 32 Empa le bontšane mosa,+ le be le qenehelo e bonolo,+ le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.+
5 Ka hona, le be baetsisi ba Molimo,+ joaloka bana ba ratoang, 2 ’me le tsoele pele ho tsamaea leratong,+ feela joalokaha Kreste le eena a ile a le rata+ ’me a inehela bakeng sa lōna e le nyehelo+ le sehlabelo ho Molimo bakeng sa monko o lephoka le monate.+
3 Bohlola+ le ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong kapa meharo+ le ho boleloa li se ke tsa boleloa har’a lōna,+ feela joalokaha ho tšoanela batho ba halalelang;+ 4 leha e le boitšoaro bo hlabisang lihlong+ kapa puo ea booatla kapa mesoaso e nyonyehang,+ lintho tse sa tšoanelang, empa ho e-na le hoo e be ho leboha.+ 5 Etsoe sena lea se tseba, le se hlokomela e le lōna, hore ha ho sehlola+ kapa motho ea sa hloekang kapa motho ea meharo—e leng ho bolelang ho ba morapeli oa litšoantšo+—ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Kreste le oa Molimo.+
6 Ho se ke ha e-ba le motho ea le thetsang ka mantsoe a lefeela,+ kaha ka lebaka la lintho tsena tse boletsoeng pele khalefo ea Molimo e tlela bara ba ho se mamele.+ 7 Ka hona le se ke la ba le kabelo le bona;+ 8 etsoe le kile la ba lefifi,+ empa joale le leseli+ mabapi le Morena. Tsoelang pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli, 9 kaha litholoana tsa leseli li entsoe ka molemo oa mofuta o mong le o mong le ho loka le ’nete.+ 10 Le ’ne le nepisise hore na ke sefe se amohelehang+ ho Morena; 11 ’me le khaotse ho kopanela+ le bona mesebetsing e sa beheng ea lefifi,+ empa, ho e-na le hoo, le be le ba khalemele,+ 12 etsoe lintho tseo ba li etsang ka sephiring le ho li pheta ho hlabisa lihlong.+ 13 Joale lintho tsohle tse ntseng li khalemeloa+ li bonahatsoa ke leseli, etsoe ntho e ’ngoe le e ’ngoe e ntseng e bonahatsoa+ ke leseli. 14 Ka lebaka leo o re: “Tsoha,+ Uena morobali, ’me u tsohe bafung,+ ’me Kreste o tla u khanyetsa.”+
15 Kahoo le lule le lebetse ka tieo hore kamoo le tsamaeang+ kateng hase joaloka batho ba seng bohlale empa ke joaloka ba bohlale, 16 le ithekele nako e loketseng,+ hobane matsatsi a khopo.+ 17 Ka lebaka lena khaotsang ho ba ba se nang kahlolo e molemo, empa le tsoele pele ho lemoha+ seo thato+ ea Jehova e leng sona. 18 Hape, le se ke la tahoa+ ke veine, eo ho eona ho nang le ho inehella litakatso tsa nama,+ empa le ’ne le tlale moea,+ 19 le buisane ka lipesaleme+ le lithoriso+ ho Molimo le lipina tsa moea, le binele+ Jehova ’me le tsamaisane le ’mino+ ka lipelong tsa lōna, 20 ka lebitso la Morena oa rōna Jesu Kreste le fane ka liteboho+ kamehla bakeng sa lintho tsohle ho Molimo le Ntate oa rōna.
21 E mong a ipehe tlaase ho e mong+ ka ho tšaba Kreste. 22 Basali ba ke ba ipehe tlas’a+ banna ba bona joalokaha ba ipeha tlas’a Morena, 23 hobane monna ke hlooho ea mosali+ oa hae joalokaha Kreste le eena e le hlooho ea phutheho,+ kaha e le mopholosi oa ’mele ona. 24 Ha e le hantle, joalokaha phutheho e ipehile tlas’a Kreste, kahoo basali le bona ba ke ba ipehe tlas’a banna ba bona nthong e ’ngoe le e ’ngoe.+ 25 Banna, le tsoele pele le rata basali+ ba lōna, feela joalokaha Kreste le eena a ile a rata phutheho ’me a inehela bakeng sa eona,+ 26 e le hore a ka e halaletsa,+ a e hloekisa ka ho e hlatsoa ka metsi ka lentsoe,+ 27 e le hore a ka hlahisa phutheho ho eena ka botle ba eona bo khanyang,+ e se na letheba kapa masoebe kapa leha e le efe ea lintho tse joalo, empa hore e be e halalelang le e se nang sekoli.+
28 Ka tsela ena banna ba tšoanela ho rata basali ba bona joaloka ’mele ea bona. Ea ratang mosali oa hae oa ithata, 29 kaha ha ho motho ea kileng a hloea nama ea hae; empa oa e fepa le ho e baballa,+ joalokaha Kreste le eena a etsa phutheho, 30 hobane re litho tsa ’mele oa hae.+ 31 “Ka lebaka lena monna o tla siea ntat’ae le ’m ’ae ’me o tla khomarela mosali oa hae, ’me ba babeli bana e tla ba nama e le ’ngoe.”+ 32 Sephiri sena se halalelang+ se seholo. Joale ke bua mabapi le Kreste le phutheho.+ 33 Leha ho le joalo, hape, e mong le e mong oa lōna ka bomong a ke a rate mosali oa hae+ joalokaha a ithata; ka lehlakoreng le leng, mosali o lokela ho ba le tlhompho e tebileng+ ho monna oa hae.
6 Bana, le mamele batsoali+ ba lōna bonngoeng+ le Morena, kaha sena se lokile:+ 2 “Hlompha ntat’ao le ’m ’ao”;+ e leng taelo ea pele e nang le tšepiso:+ 3 “E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.”+ 4 Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana+ ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa+ ka taeo+ le kelello e laoloang+ ke Jehova.
5 Lōna makhoba, le mamele beng ba lōna ka kutloisiso ea nama,+ ka tšabo le thothomelo+ ka botšepehi ba lipelo tsa lōna, joalokaha le mamela Kreste, 6 eseng ka tšebeletso ea ha le shebiloe joaloka ba khahlisang batho,+ empa joaloka makhoba a Kreste, le etse thato ea Molimo ka moea oohle.+ 7 E-bang makhoba a nang le litšekamelo tse ntle, joaloka ho Jehova,+ eseng ho batho, 8 kaha lea tseba hore molemo ofe kapa ofe oo e mong le e mong a ka o etsang, o tla boela a o amohele ho Jehova,+ ebang ke lekhoba kapa motho ea lokolohileng.+ 9 Hape, lōna benghali, le ’ne le etse lintho tse tšoanang ho ’ona, le tlohele ho soka,+ etsoe lea tseba hore Mong’a ’ona hammoho le lōna+ o maholimong, ’me ha a leeme.+
10 Qetellong, le tsoele pele ho fumana matla+ Moreneng le bonatleng+ ba matla a hae. 11 Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa+ tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti+ a Diabolose; 12 hobane ha re loane le nama le mali,+ empa re loana le mebuso,+ le balaoli,+ le babusi ba lefatše+ ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo+ a leng libakeng tsa leholimo. 13 Ka lebaka lena nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo,+ e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore le etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.+
14 Ka hona, le eme le tiile, matheka a lōna a tlamiloe+ ka hohle ka ’nete,+ ’me le apere tšireletso ea sefuba ea ho loka,+ 15 le maoto+ a lōna a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso.+ 16 Ka holim ’a lintho tsohle, le nke thebe e khōlō ea tumelo,+ eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang+ ea ea khopo. 17 Hape, le amohele helmete+ ea poloko, le sabole+ ea moea,+ ke hore, lentsoe la Molimo,+ 18 ha ka thapelo+ ea mofuta o mong le o mong le thapeli le ntse le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea.+ ’Me ho finyella seo le lule le falimehile ka tiisetso eohle le ka thapeli molemong oa bahalaleli bohle, 19 le bakeng sa ka, e le hore nka fuoa bokhoni ba ho bua+ ka ho ahlama ha molomo oa ka, ka ho bua ka bolokolohi+ ho tsebahatsa sephiri se halalelang sa litaba tse molemo,+ 20 tseo ke li sebeletsang ke le lenģosa+ le liketaneng; e le hore nka bua mabapi le tsona ka sebete kamoo ke tšoanelang ho bua.+
21 Joale e le hore le lōna le ka tseba ka litaba tsa ka, mabapi le hore na ke ntse ke e-ea joang, Tykikase,+ mor’abo rōna ea ratoang le mosebeletsi ea tšepahalang Moreneng, o tla le tsebisa ntho e ’ngoe le e ’ngoe.+ 22 Ke mo romela ho lōna ka morero oona ona, e le hore le ka tseba ka lintho tse mabapi le rōna le hore a ka tšelisa lipelo tsa lōna.+
23 E se eka barab’abo rōna ba ka ba le khotso le lerato ka tumelo ho tsoa ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 24 E se eka mosa o sa tšoanelang+ o ka ba le bohle ba ratang Morena oa rōna Jesu Kreste ka ho se bole.