La Bobeli ho Bakorinthe
1 Pauluse, moapostola+ oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo, le mor’abo rōna Timothea+ ho phutheho ea Molimo e Korinthe, hammoho le bahalaleli+ bohle ba leng Akaia+ eohle:
2 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
3 Ho bokoe Molimo le Ntate+ oa Morena oa rōna Jesu Kreste, Ntate oa mehauhelo e bonolo+ le Molimo oa matšeliso ’ohle,+ 4 ea re tšelisang matšoenyehong+ ’ohle a rōna, e le hore re ka khona ho tšelisa+ ba matšoenyehong a mofuta leha e le ofe ka matšeliso ao re ntseng re tšelisoa ka ’ona ke Molimo.+ 5 Etsoe feela joalokaha litlhokofatso bakeng sa Kreste li ata ho rōna,+ kahoo matšeliso ao re a fumanang le ’ona a ata ka Kreste.+ 6 Joale ebang re matšoenyehong, ke bakeng sa matšeliso a lōna le poloko+ ea lōna; kapa ebang re ntse re tšelisoa, ke bakeng sa matšeliso a lōna a sebetsang ho etsa hore le mamelle litlhokofatso tse tšoanang tseo le rōna re utloisoang bohloko ke tsona.+ 7 Kahoo tšepo ea rōna bakeng sa lōna ha e thekesele, joalokaha re hlile re tseba hore, feela joalokaha le e-na le karolo litlhokofatsong, ka tsela e tšoanang le tla boela le be le karolo matšelisong.+
8 Etsoe ha re lakatse hore le hloke tsebo, barab’eso, ka matšoenyeho a ileng a re etsahalla seterekeng sa Asia,+ hore re ne re le tlas’a khatello e fetisisang e ka nģ’ane ho matla a rōna, hoo re neng re sa tiiseha esita le ka bophelo ba rōna.+ 9 Ha e le hantle, re ile ra ikutloa ka hare ho rōna hore re ne re amohetse kahlolo ea lefu. Hona e ne e le hore re se ke ra itšepa,+ empa re tšepe Molimo ea tsosang bafu.+ 10 Ho tsoa nthong e khōlō joaloka lefu o ile a fela a re pholosa ’me o tla re pholosa;+ ’me tšepo ea rōna e ho eena hore o tla boela a re pholose ka ho eketsehileng.+ 11 Le lōna le ka kopanela ho thusa ka thapeli ea lōna bakeng sa rōna,+ e le hore liteboho+ li ka fanoa ke ba bangata molemong oa rōna bakeng sa seo re se filoeng ka mosa ka lebaka la lifahleho tse ngata tse tletseng ho rapela.+
12 Etsoe ntho eo re ithorisang ka eona ke ena, eo matsoalo a rōna a e pakang,+ hore re itšoere ka khalalelo le botšepehi ba bomolimo lefatšeng, eseng ka bohlale ba nama+ empa ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo, empa haholo-holo mabapi le lōna. 13 Etsoe ha re hlile ha re le ngolle lintho haese tseo le li tsebang hantle kapa tseo hape le li hlokomelang; le tseo ke tšepang hore le tla tsoela pele ho li hlokomela ho isa bofelong,+ 14 feela joalokaha le boetse le hlokometse, ho isa tekanyong e itseng, hore re sesosa sa hore le ithorise,+ feela joalokaha le lōna le tla ba sona bakeng sa rōna ka letsatsi la Morena oa rōna Jesu.+
15 Kahoo, ka kholiseho ena, pele ke ne ke rera ho tla ho lōna,+ e le hore le ka ba le nako ea bobeli+ ea thabo, 16 ’me ka mor’a ho le fapohela ke ee Macedonia,+ le ho khutla Macedonia ho tla ho lōna+ le ho felehetsoa+ sebaka se itseng ke lōna ho ea Judea. 17 Ha e le hantle, ha ke ne ke e-na le morero o joalo, ha kea ka ka inehella mafeela+ leha e le afe, na ha ho joalo? Kapa lintho tseo ke li rerang, na ke li rera ho ea ka nama,+ e le hore ho ’na ho ka ba le “E, E” le “Che, Che”?+ 18 Empa ho ka itšetlehoa ka Molimo hore puo ea rōna e lebisitsoeng ho lōna hase E, ’me leha ho le joalo e le Che. 19 Etsoe Mora oa Molimo,+ Kreste Jesu, ea ileng a boleloa har’a lōna ka rōna, ke hore, ka ’na le Silvanase le Timothea,+ ha aa ka a fetoha E, ’me leha ho le joalo e le Che, empa E, e fetohile E, tabeng ea hae.+ 20 Etsoe ho sa tsotellehe hore na litšepiso+ tsa Molimo li ngata hakae, li fetohile E, ka eena.+ Ka hona ka eena hape ho thoe “Amen”+ ho Molimo hore e be khanya ka rōna. 21 Empa ea tiisang hore lōna le rōna re ba Kreste le ea re tlotsitseng+ ke Molimo. 22 O boetse o behile tiiso+ ea hae holim ’a rōna ’me o re file pontšo+ ea se tlang ho tla, ke hore, moea,+ ka lipelong tsa rōna.
23 Joale ke ipiletsa ho Molimo e le paki+ khahlanong le moea oa ka hore ke ho le qenehela+ hore ebe ha ke e-s’o tle Korinthe. 24 Eseng hore re laola+ tumelo ea lōna, empa re basebetsi-’moho+ bakeng sa thabo ea lōna, kaha ke ka tumelo+ ea lōna le emeng.+
2 Etsoe sena ke seo ke iketselitseng qeto ka sona, hore ke se ke ka tla ho lōna hape ka ho hlomoha.+ 2 Etsoe haeba ke etsa hore le hlomohe,+ ka sebele ke mang ea tla ntlhasimolla haese eo ke mo entseng hore a hlomohe? 3 Kahoo ke ile ka ngola ntho eona ena, e le hore, ha ke tla, ke se ke ka hlomoha+ ka lebaka la bao ke tšoanelang ho ba thabela;+ hobane ke na le kholiseho+ ho lōna kaofela hore thabo eo ke nang le eona ke ea lōna kaofela. 4 Etsoe ho tsoa matšoenyehong a mangata le bohlokong bo boholo ba pelo ke ile ka le ngolla ka meokho+ e mengata, eseng hore le ka hlomoha,+ empa e le hore le ka tseba lerato leo ke nang le lona haholo-holo bakeng sa lōna.
5 Joale haeba leha e le mang a bakile ho hlomoha,+ ha aa etsa hore ho hlomohe ’na, empa o entse hore ho hlomohe lōna kaofela ho isa tekanyong e itseng—ke se ke ka ba ea sa utloeleng bohloko ho seo ke se buang. 6 Khalemelo+ ena e matla e fanoeng ke bongata e lekane bakeng sa motho ea joalo, 7 e le hore, joale ho fapana le hoo, le ka mo tšoarela+ ka mosa le ho mo tšelisa, e le hore ka tsela e itseng motho ea joalo a se ke a sithabetsoa ke ho hlomoha ka ho fetisisa.+ 8 Ka hona ke le eletsa hore le tiise lerato+ la lōna bakeng sa hae. 9 Etsoe ho finyella sena hape ke ngola hore ke fumane hantle bopaki ba lōna, hore na lea mamela linthong tsohle.+ 10 Ntho leha e le efe eo ka mosa le e tšoarelang leha e le mang, le ’na kea e tšoarela.+ Ha e le hantle, ha e le ’na, eng kapa eng eo ka mosa ke e tšoaretseng, haeba ka mosa ke tšoaretse ntho leha e le efe, e bile ka lebaka la lōna mahlong a Kreste; 11 e le hore re se ke ra qhekelloa ke Satane,+ kaha re tseba merero ea hae.+
12 Joale ha ke fihla Troase+ ho tla bolela litaba tse molemo tse mabapi le Kreste, ’me monyako o ne o mpulehetse Moreneng,+ 13 ha kea ka ka fumana phomolo moeeng oa ka ka lebaka la ho se fumane mor’eso Tite,+ empa ka re ba sale hantle eaba ke ea Macedonia.+
14 Empa ho ke ho lebohuoe Molimo eo kamehla a re etellang pele+ mokolokong oa tlhōlo hammoho+ le Kreste le ea etsang hore monko oa tsebo ea hae o utloahale ka rōna sebakeng se seng le se seng!+ 15 Etsoe ho Molimo re monko o monate+ oa Kreste har’a ba ntseng ba pholosoa le har’a ba timelang;+ 16 ho ba timelang re monko o tsoang lefung o e-ea lefung,+ ho ba ntseng ba pholosoa re monko o tsoang bophelong o e-ea bophelong. Ke mang ea tšoanelehang ka ho lekaneng bakeng sa lintho tsee?+ 17 Ke rōna; kaha ha re rekise lentsoe la Molimo+ joalokaha batho ba bangata ba le rekisa,+ empa re bua ka botšepehi, e, joaloka ba romiloeng ba tsoa ho Molimo, ponong ea Molimo, hammoho le Kreste.+
3 Na re boetse re qala ho ipuella?+ Kapa na, mohlomong, joaloka batho ba bang, re hloka mangolo+ a puello a eang ho lōna kapa a tsoang ho lōna? 2 Ke lōna lengolo+ la rōna, le ngotsoeng lipelong tsa rōna le le tsejoang le le ntseng le baloa ke moloko oa batho kaofela.+ 3 Etsoe le bonahatsoa le le lengolo la Kreste le ngotsoeng ke rōna re le basebeletsi,+ le sa ngoloang ka enke empa le ngotsoeng ka moea+ oa Molimo ea phelang, eseng matlapeng a lejoe,+ empa matlapeng a nama, lipelong.+
4 Joale ka Kreste re na le kholiseho+ ea mofuta ona ho Molimo. 5 Eseng hore re tšoaneleha ka ho lekaneng ho lekanya hore ntho leha e le efe e tsoa ho rōna,+ empa ho tšoaneleha ha rōna ka ho lekaneng ho tsoa ho Molimo,+ 6 eo ka sebele a re entseng hore re tšoanelehe ka ho lekaneng ho ba basebeletsi ba selekane se secha,+ eseng ba molao o ngotsoeng,+ empa ba moea;+ etsoe molao o ngotsoeng o ahlolela+ lefu, empa moea oa phelisa.+
7 Ho feta moo, haeba molao o fanang ka lefu+ le o neng o ngotsoe ka ho fata litlhaku majoeng+ o ile oa ba teng ka khanya,+ hoo bara ba Iseraele ba neng ba ke ke ba talimisisa ka hloko sefahleho sa Moshe ka lebaka la khanya ea sefahleho+ sa hae, khanya e neng e tla felisoa, 8 ke hobane’ng ha ho fanoa ha moea+ ho ke ke ha e-ba ka khanya+ haholo ka ho eketsehileng? 9 Etsoe haeba molao o fanang ka kahlolo+ o ne o khanya,+ ho fanoa ha ho loka+ ho atetsoe ke khanya+ haholo ka ho eketsehileng. 10 Ha e le hantle, esita le hoo ho kileng ha etsoa ho khanyang ho hlobolisitsoe khanya tabeng+ ena, ka lebaka la khanya e ho fetang.+ 11 Etsoe haeba ho neng ho tla felisoa ho ile ha tlisoa ka khanya,+ ho salang ho ne ho tla ba ka khanya+ haholo ka ho eketsehileng.
12 Ka hona, kaha re na le tšepo+ e joalo, re bua ka bolokolohi bo boholo, 13 hape ha re etse joalokaha Moshe a ne a ikhurumetsa sefahleho ka lesira,+ e le hore bara ba Iseraele ba se ke ba talimisisa ka hloko bofelong+ ba se neng se tla felisoa. 14 Empa matla a bona a kelello a ile a thotofala.+ Etsoe ho fihlela letsatsing lena la kajeno lesira le tšoanang le sala le sa koaholloa ha ho baloa selekane sa khale,+ hobane le felisoa ka Kreste.+ 15 Ha e le hantle, ho fihlela kajeno neng kapa neng ha Moshe a baloa,+ lesira le lipelong+ tsa bona. 16 Empa ha ho retelehela ho Jehova ho le teng, lesira lea tlosoa.+ 17 Joale Jehova ke Moea;+ moo moea+ oa Jehova+ o leng teng, ho na le tokoloho.+ 18 Rōna kaofela,+ ha ka lifahleho tse koaholotsoeng lesira re ntse re bonahatsa khanya ea Jehova joaloka liipone,+ re fetoleloa+ setšoantšong se tšoanang+ ho tloha khanyeng ho ea khanyeng,+ hantle feela joalokaha ho etsa Jehova+ Moea.
4 Kaha re na le bosebeletsi+ bona ho ea ka mohau oo re ileng ra o bontšoa,+ ke ka lebaka leo, re sa teleng; 2 empa re hlobohile lintho tsa sekhukhu tseo re lokelang ho ba lihlong+ ka tsona, re sa tsamaee ka mano, leha e le ho tsoaka lentsoe la Molimo,+ empa ka ho bonahatsa ’nete re ipuella letsoalong la motho e mong le e mong mahlong a Molimo.+ 3 Joale, haeba litaba tse molemo tseo re li bolelang ha e le hantle li koahetsoe ka lesira, li koahetsoe ka lesira har’a ba timelang,+ 4 bao har’a bona molimo oa tsamaiso ena ea lintho+ a foufalitseng likelello tsa ba sa lumelang,+ e le hore khanya+ ea litaba tse molemo tse khanyang+ tse mabapi le Kreste, eo e leng setšoantšo+ sa Molimo, e se ke ea khanya.+ 5 Etsoe ha re bolele rōna, empa re bolela Kreste Jesu e le Morena,+ ’me rōna re le makhoba+ a lōna ka lebaka la Jesu. 6 Etsoe Molimo ke eena ea ileng a re: “Leseli le ke le khanye lefifing,”+ ’me o khantšelitse lipelo tsa rōna ho etsa hore li khanye+ ka tsebo+ e khanyang ea Molimo ka sefahleho sa Kreste.+
7 Leha ho le joalo, re na le letlotlo+ lena lijaneng+ tsa letsopa,+ e le hore matla+ a fetang se tloaelehileng e ka ba a Molimo+ eseng a tsoang ho rōna.+ 8 Re petelitsoe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe,+ empa ha rea patisoa hoo re ke keng ra sisinyeha; re tsielehile, empa hase hore ho hang ha re na tsela ea ho tsoa;+ 9 rea hlorisoa, empa ha rea tloheloa kherehloa;+ re akheloa fatše,+ empa ha re timetsoe.+ 10 Kamehla re mamella hohle ’meleng ea rōna tšoaro e bolaeang e ileng ea nehoa Jesu,+ e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatsoa ’meleng+ ea rōna. 11 Etsoe rōna ba phelang kamehla re ntse re etsoa hore re talimane le lefu+ ka lebaka la Jesu, e le hore bophelo ba Jesu bo ka boela ba bonahatsoa nameng e shoang+ ea rōna. 12 Ka lebaka leo lefu lea sebetsa ho rōna, empa bophelo bo sebetsa ho lōna.+
13 Joale kahobane re na le moea o tšoanang oa tumelo o kang oo ho ngoliloeng ka oona: “Ke ile ka bontša tumelo, ka hona ke ile ka bua,”+ le rōna re bontša tumelo ’me ka hona rea bua, 14 re tseba hore ea ileng a tsosa Jesu le rōna o tla re tsosa hammoho le Jesu ’me o tla re hlahisa hammoho le lōna.+ 15 Etsoe lintho tsohle li molemong oa lōna,+ e le hore mosa o sa tšoanelang o ileng oa atisoa o ka ata ka lebaka la liteboho tsa ba bangata haholo thorisong ea Molimo.+
16 Ka hona ha re tele, empa le haeba motho eo re leng eena ka ntle a ntse a senyeha, ka sebele motho eo re leng eena ka hare+ o ntse a nchafatsoa letsatsi le letsatsi. 17 Kaha le hoja matšoenyeho e le a motsotsoana+ ’me a le bobebe, a re hlahisetsa khanya ea boima bo fetisisang bo ntseng bo eketseha ’me ke ea ka ho sa feleng;+ 18 ha re ntse re behile mahlo a rōna linthong tse sa bonoeng, eseng linthong tse bonoang.+ Etsoe lintho tse bonoang ke tsa nakoana,+ empa lintho tse sa bonoeng ke tsa ka ho sa feleng.+
5 Etsoe rea tseba hore haeba ntlo+ ea rōna ea lefatše, tente+ ena, e ka qhaqhoa,+ re tla ba le mohaho o tsoang ho Molimo, ntlo e sa etsoang ka matsoho,+ ea ka ho sa feleng+ maholimong. 2 Etsoe ka sebele ntlong ena ea bolulo rea bobola,+ re lakatsa ka tieo ho apara ea rōna e tsoang leholimong,+ 3 e le hore, ha re se re e apere, re tle re se ke ra fumanoa re hlobotse.+ 4 Ha e le hantle, rōna ba leng tenteng ena rea bobola, kaha re imetsoe; hobane ha re batle ho e hlobola, empa re batla ho apara e ’ngoe,+ e le hore se shoang se ka metsoa ke bophelo.+ 5 Joale ea ileng a re hlahisa bakeng sa ntho eona ena ke Molimo,+ ea ileng a re fa pontšo+ ea se tlang ho tla, ke hore, moea.+
6 Ka hona kamehla re sebete ’me rea tseba hore, ha re ntse re e-na le lehae la rōna ’meleng, ha re eo ho Morena,+ 7 etsoe re tsamaea ka tumelo, eseng ka pono.+ 8 Empa re sebete ’me ho e-na le hoo re khahloa ke ho ba sieo ’meleng le ho etsa lehae la rōna le Morena.+ 9 Ka hona sepheo sa rōna e boetse ke hore, ebang re na le lehae la rōna le eena kapa re ntse re le sieo ho eena,+ re ka amoheleha ho eena.+ 10 Etsoe kaofela re tla bonahatsoa ka pel’a setulo sa kahlolo sa Kreste,+ e le hore e mong le e mong a ka fumana moputso oa hae bakeng sa lintho tse entsoeng ka ’mele, ho ea ka lintho tseo a ’nileng a tloaela ho li etsa, ebang li molemo kapa li mpe.+
11 Ka hona, ka ho tseba tšabo+ ea Morena, re ntse re susumetsa+ batho, empa re bonahalitsoe ho Molimo. Leha ho le joalo, ke tšepa hore re bonahalitsoe le matsoalong a lōna.+ 12 Ha re ipuelle+ hape ho lōna, empa re le fa tlhohlelletso ea ho ithorisa mabapi le rōna,+ e le hore le ka ba le karabo bakeng sa ba ithorisang ka ponahalo+ ea ka ntle empa e se ka pelo.+ 13 Etsoe haeba re ne re lahlehetsoe ke likelello,+ e ne e le bakeng sa Molimo; haeba re hlaphohetsoe likelellong,+ ke bakeng sa lōna. 14 Etsoe lerato leo Kreste a nang le lona lea re qobella, hobane sena ke seo re se ahlotseng, hore motho a le mong o ile a shoela bohle;+ kahoo, joale, bohle ba ne ba shoele; 15 o ile a shoela bohle e le hore ba phelang ba se ke ba hlola ba iphelela,+ empa ba phelele ea+ ileng a ba shoela ’me a tsosoa.+
16 Ka lebaka leo ho tloha joale ho ea pele ha ho motho eo re mo tsebang ho ea ka nama.+ Esita le haeba re tsebile Kreste ho ea ka nama,+ ka sebele hona joale ha re sa mo tseba joalo.+ 17 Ka lebaka leo haeba leha e le mang a le bonngoeng le Kreste, ke pōpo e ncha;+ lintho tsa khale li fetile,+ bonang! lintho tse ncha li teng.+ 18 Empa lintho tsohle li tsoa ho Molimo, ea ileng a re boelanya+ le eena ka Kreste ’me a re fa bosebeletsi+ ba poelano, 19 e leng hore Molimo ka Kreste+ o ne a boelanya lefatše+ le eena,+ a sa ba balle litšito+ tsa bona, ’me o ile a re fa lentsoe+ la poelano.+
20 Ka hona re+ manģosa+ a emeng bakeng sa Kreste,+ joalokaha eka Molimo o ne a etsa kōpo e tiileng ka rōna.+ Re le baemeli ba Kreste rea kōpa:+ “Boelanang le Molimo.” 21 Ea sa kang a tseba sebe+ o ile a mo etsa hore e be sebe+ bakeng sa rōna, e le hore re ka ba ho loka+ ha Molimo ka eena.
6 Ha re sebetsa hammoho le eena,+ re boetse re le kōpa ka tieo hore le se ke la amohela mosa o sa tšoanelang oa Molimo ’me la lahleheloa ke morero oa oona.+ 2 Kaha o re: “Ke u utloile ka nako e amohelehang, ’me ka u thusa ka letsatsi la poloko.”+ Bonang! Joale ke nako e amohelehang ka ho khethehileng.+ Bonang! Joale ke letsatsi la poloko.+
3 Ka tsela leha e le efe ha re fane ka sesosa leha e le sefe sa ho khoptjoa,+ e le hore bosebeletsi ba rōna bo se ke ba fumanoa bo e-na le molato;+ 4 empa re ipuella+ ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe hore re basebeletsi ba Molimo, ka ho mamella lintho tse ngata, ka matšoenyeho, ka maemo a ho hloka, ka mathata,+ 5 ka likotlo, ka lichankana,+ ka ho hloka taolo, ka mesebetsi, ka ho se robale bosiu, ka ho se je ka linako tse itseng,+ 6 ka tlhoeko, ka tsebo, ka tiisetso,+ ka mosa,+ ka moea o halalelang, ka lerato le se nang boikaketsi,+ 7 ka puo ea ’nete, ka matla a Molimo;+ ka lihlomo+ tsa ho loka ka letsohong le letona le ka ho le letšehali, 8 ka thoriso le tlhomphollo, ka tlaleho e mpe le tlaleho e ntle; joaloka bathetsi+ ’me leha ho le joalo re e-na le ’nete, 9 joaloka ba sa tsejoeng ’me leha ho le joalo re hlokomeloa,+ joaloka ba shoang ’me leha ho le joalo, bonang! rea phela,+ joaloka ba lauoang+ ’me leha ho le joalo re sa neheloe lefu,+ 10 joaloka ba sareloang empa re thabile kamehla, joaloka ba futsanehileng empa re ruisa ba bangata, joaloka ba se nang letho ’me leha ho le joalo re e-na le lintho tsohle.+
11 Melomo ea rōna e le ahlametse, Bakorinthe, lipelo+ tsa rōna li atolohile. 12 Ha lea patisana ka ho rōna hoo ho seng sebaka,+ empa le patisane hoo ho seng sebaka leratong la lōna le mofuthu.+ 13 Kahoo, e le puseletso—ke bua joalokaha ho buuoa le bana+—le lōna, le atolohe.
14 Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang.+ Etsoe ho loka le tlōlo ea molao li na le setsoalle sefe?+ Kapa leseli le na le karolo efe le lefifi?+ 15 Ho ekelletsa moo, ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale?+ Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo+ efe le ea sa lumelang? 16 ’Me tempele ea Molimo e na le tumellano efe le litšoantšo tse rapeloang?+ Etsoe re tempele+ ea Molimo ea phelang; feela joalokaha Molimo a ile a re: “Ke tla lula har’a bona+ ’me ke tsamaee har’a bona, ’me ke tla ba Molimo oa bona, ’me e tla ba sechaba sa ka.”+ 17 “‘Ka hona tsoang har’a bona, ’me le ikarole,’ ho bolela Jehova, ‘le khaotse ho ama ntho e sa hloekang’”;+ “‘’me ke tla le amohela.’”+ 18 “‘Ke tla ba ntat’a lōna,+ ’me le tla ba bara le barali ba ka,’+ ho bolela Jehova ea Matla ’Ohle.”+
7 Ka hona, kaha re na le litšepiso+ tsena, baratuoa, a re itlhatsoeng+ litšila tsohle tsa nama le tsa moea,+ re phethahatse khalalelo ka ho tšaba Molimo.+
2 Re buleleng sebaka.+ Ha ho eo re mo foselitseng, ha ho eo re mo bolisitseng, ha ho eo re ithuisitseng molemo ka eena.+ 3 Ha ke bolele sena ho le ahlola. Etsoe ke boletse pele hore le ka lipelong tsa rōna ho shoa le ho phela le rōna.+ 4 Ke bua ka bolokolohi bo boholo mabapi le lōna. Ke na le boithoriso bo boholo mabapi le lōna.+ Ke tletse matšeliso,+ ke khaphatseha thabo mahlorehong+ ’ohle a rōna.
5 Ha e le hantle, ha re fihla Macedonia,+ nama ea rōna ha ea ka ea fumana phomolo,+ empa re ile ra tsoela pele ho hlorisoa+ ka mokhoa o mong le o mong—ho ne ho e-na le lintoa ka ntle, tšabo ka hare. 6 Leha ho le joalo Molimo, ea tšelisang+ ba behiloeng tlaase, a re tšelisa ka ho ba teng ha Tite; 7 leha ho le joalo eseng feela ka ho ba teng ha hae, empa hape ka matšeliso ao ka ’ona a neng a tšelisitsoe ka lōna, ha a re tlisetsa hape tlaleho+ ea tlholohelo ea lōna, ho siama ha lōna, cheseho ea lōna bakeng sa ka; hoo ke ileng ka thaba ka ho eketsehileng.
8 Kahoo esita le haeba ke ile ka etsa hore le hlomohe ka lengolo la ka,+ ha ke ho soabele. Esita le haeba qalong ke ile ka fela ka ho soabela, (kea bona hore lengolo leo le ile la le etsa hore le hlomohe, le hoja e bile ka nakoana feela,) 9 joale ha ke thabe hobane le ile la hlomoha feela, empa ke thaba hobane le ile la hlomoha hore le bake;+ kaha le ile la hlomoha ka tsela ea bomolimo,+ e le hore le se ke la senyeheloa nthong leha e le efe ka lebaka la rōna. 10 Etsoe ho hlomoha ka tsela ea bomolimo ho tlisa pako e isang polokong e ke keng ea soabeloa;+ empa ho hlomoha ha lefatše ho hlahisa lefu.+ 11 Etsoe, bonang! ntho eona ena, ho etsoa ha lōna hore le hlomohe ka tsela ea bomolimo,+ ho hlahisitse ho tiea ho hoholo hakaakang ho lōna, e, ho itlosa molato ha lōna, e, khalefo, e, tšabo, e, tlholohelo, e, cheseho, e, ho lokisoa ha phoso!+ Ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe le ile la iponahatsa le hloekile tabeng ena. 12 Ka sebele, le hoja ke ile ka le ngolla, ha kea ka ka ho etsa bakeng sa ea entseng phoso eo,+ kapa bakeng sa ea foselitsoeng, empa e le hore ho tiea ha lōna bakeng sa rōna ho ka bonahatsoa har’a lōna mahlong a Molimo. 13 Ke ka lebaka leo re tšelisehileng.
Leha ho le joalo, ho phaella matšelisong a rōna re ile ra thaba ka ho eketsehileng haholo ka lebaka la thabo ea Tite, hobane moea+ oa hae o khatholotsoe ke lōna kaofela. 14 Etsoe haeba ke entse boithoriso leha e le bofe ho eena ka lōna, ha kea hlabisoa lihlong; empa joalokaha re le boleletse lintho tsohle ka ’nete, kahoo le boithoriso+ ba rōna ka pel’a Tite e bile ’nete. 15 Hape, lerato la hae le mofuthu le eketsehile haholo mabapi le lōna, ha a ntse a hopola ho mamela+ ha lōna bohle, kamoo le ileng la mo amohela ka tšabo le thothomelo. 16 Kea thaba hore ebe ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe nka ba sebete ka lebaka la lōna.+
8 Joale rea le tsebisa, barab’eso, ka mosa o sa tšoanelang oa Molimo o behiloeng holim ’a liphutheho tsa Macedonia,+ 2 hore nakong ea teko e khōlō tlas’a mahloreho thabo ea tsona e khōlō le bofutsana ba tsona bo tebileng li ile tsa atisa maruo a ho fana ha tsona ka seatla se bulehileng.+ 3 Etsoe ho ea ka bokhoni+ ba tsona ba sebele, e, kea paka, hona ho fetile bokhoni ba tsona ba sebele, 4 ha ka ho rata ha tsona li ntse li re kōpa ka kōpo e tiileng haholo tokelo ea ho fana ka mosa le ho ba le karolo bosebeletsing bo reretsoeng bahalaleli.+ 5 Eseng feela joalokaha re ne re tšepile, empa pele li ile tsa ipha Morena+ le rōna ka thato ea Molimo. 6 Sena se ile sa re isa ho khothaletseng Tite+ hore, feela joalokaha e ne e bile eena ea ho qalileng har’a lōna, kahoo hape o lokela ho phetha ho fana hona ha lōna ho tšoanang ho mosa. 7 Leha ho le joalo, feela joalokaha le ateloa ke ntho e ’ngoe le e ’ngoe,+ tumelong le lentsoeng le tsebong+ le ho tieeng hohle le leratong lena la rōna ho lōna, e se eka hape le ka ateloa ke ho fana hona ho mosa.
8 Hase ka tsela ea ho le laela,+ empa ke bua ka lebaka la ho tiea ha ba bang le ho leka bonnete ba lerato la lōna. 9 Etsoe le tseba mosa o sa tšoanelang oa Morena oa rōna Jesu Kreste, hore le hoja a ne a ruile e ile ea e-ba mofutsana ka lebaka la lōna,+ e le hore le ka rua+ ka bofutsana ba hae.
10 Ho sena ke fana ka maikutlo:+ etsoe taba ena e molemo ho lōna,+ kaha ho se ho fetile selemo le qalile eseng feela ho etsa empa le ho batla ho etsa;+ 11 joale, he, le phethe ho ho etsa, e le hore, feela joalokaha le ne le itokiselitse ho batla ho ho etsa, kahoo hape le lokela ho ho phetha ka seo le nang le sona. 12 Etsoe haeba ho itokisa ho le teng pele, ho amoheleha ka ho khethehileng ho ea ka seo motho a nang le sona,+ eseng ho ea ka seo motho a se nang sona. 13 Etsoe ha ke bolele hore ho be bonolo bakeng sa ba bang,+ empa ho be thata ho lōna; 14 empa hore ka ho leka-lekanya botlallo ba lōna hona joale bo ka koala khaello ea bona, e le hore botlallo ba bona le bona bo ka koala khaello ea lōna, e le hore ho leka-lekanya ho ka ba teng.+ 15 Feela joalokaha ho ngoliloe: “Motho ea nang le ho hongata ha aa ka a ba le ho hongata haholo, ’me motho ea nang le ho honyenyane ha aa ka a ba le ho honyenyane haholo.”+
16 Joale ho lebohuoe Molimo ka ho kenya ho tiea ho tšoanang bakeng sa lōna ka pelong ea Tite,+ 17 hobane ka sebele o arabetse khothatsong eo, empa, a tiile haholo, o ea ka ho rata ha hae ho lōna. 18 Empa hammoho le eena re romela mor’abo rōna eo thoriso ea hae mabapi le litaba tse molemo e hasaneng ho pholletsa le liphutheho tsohle. 19 Eseng hoo feela, empa hape o ile a behoa+ ke liphutheho hore e be motsoalle oa rōna eo re tsamaeang le eena mabapi le mpho ena e mosa e tla tsamaisoa ke rōna bakeng sa khanya+ ea Morena hape e le bopaki ba likelello tsa rōna tse itokisitseng.+ 20 Kahoo re qoba hore motho leha e le ofe a fumane molato+ ho rōna mabapi le monehelo+ ona oa seatla se bulehileng o tla tsamaisoa ke rōna. 21 Etsoe re “etsa tokisetso e tšepahalang, eseng feela mahlong a Jehova, empa hape le mahlong a batho.”+
22 Ho feta moo, re romela hammoho le bona mor’abo rōna eo hangata re mo pakileng linthong tse ngata hore o tiile, empa joale o tiile haholo ka ho eketsehileng ka lebaka la kholiseho ea hae e khōlō ho lōna. 23 Leha ho le joalo, haeba ho e-na le pelaelo leha e le efe ka Tite, o na le karolo le ’na ’me ke mosebetsi-’moho+ bakeng sa lithahasello tsa lōna; kapa haeba ke ka barab’abo rōna, ke baapostola ba liphutheho le khanya ea Kreste. 24 Ka hona ba bontšeng bopaki ba lerato+ la lōna le ba seo re ileng ra ithorisa+ ka sona ka lōna, mahlong a liphutheho.
9 Joale malebana le bosebeletsi+ bo etsetsoang bahalaleli, e tla be e le ho fetelletsa hore ke le ngolle ka hona, 2 etsoe ke tseba ho itokisa ha lōna likelellong hoo ke ithorisang ka hona ho ba Macedonia mabapi le lōna, hore joale e se e le selemo+ Akaia e eme e lokile, ’me cheseho ea lōna e hlohlellelitse bongata ba bona. 3 Empa ke romela barab’eso, e le hore ho ithorisa ha rōna ka lōna e se ke ea e-ba lefeela tabeng ena, empa e le hore ka sebele le ka ba ba itokisitseng,+ feela joalokaha ke ne ke ee ke le bolelle hore le ne le tla ba joalo. 4 Ho seng joalo, ka tsela e itseng, haeba ba Macedonia ba ka tla le ’na ’me ba fumana le sa itokisa, rōna—re sa re lōna—re ka hlabisoa lihlong kholisehong ena ea rōna. 5 Ka hona ke ile ka nahana hore hoa hlokahala ho khothaletsa barab’eso ho tla ho lōna esale pele le ho lokisa esale pele mpho ea lōna e fanoeng ka seatla se bulehileng e ileng ea tšepisoa pele,+ e le hore ka tsela eo sena e ka ba se lokisitsoeng joaloka mpho e fanoang ka seatla se bulehileng eseng joaloka ho hong ho nkiloeng ka ho hanyapetsa.+
6 Empa ha e le ho sena, ea jalang hanyenyane+ o tla boela a kotule hanyenyane; ea jalang haholo+ o tla boela a kotule haholo. 7 E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae, eseng ka lekhonono+ kapa ka ho qobelloa, kaha Molimo o rata ea fanang a nyakaletse.+
8 Ho feta moo, Molimo o khona ho etsa hore mosa oohle oa hae o sa tšoanelang o le atele, e le hore, ha kamehla le ntse le itjara ka botlalo nthong e ’ngoe le e ’ngoe, le ka ba le ho hongata bakeng sa mosebetsi o mong le o mong o molemo.+ 9 (Feela joalokaha ho ngoliloe: “O abile ka ho pharaletseng, o file mafutsana, ho loka ha hae ho tsoela pele ka ho sa feleng.”+ 10 Joale ea fanang haholo ka peō ho mojali le bohobe bakeng sa ho ja+ o tla fana le ho atisa peō bakeng sa hore le jale ’me o tla eketsa lihlahisoa tsa ho loka+ ha lōna.) 11 Le ntse le ruisoa nthong e ’ngoe le e ’ngoe bakeng sa ho fana ka seatla se bulehileng ha mofuta o mong le o mong, ho hlahisang ka rōna polelo ea teboho ho Molimo;+ 12 hobane bosebeletsi ba tšebeletso ena ea phatlalatsa hase feela ho fana haholo ka litlhoko tsa bahalaleli+ empa le ho rua lipolelo tse ngata tsa teboho ho Molimo. 13 Ka bopaki boo bosebeletsi bona bo fanang ka bona, ba tlotlisa Molimo kahobane le ipeha tlas’a litaba tse molemo tse mabapi le Kreste,+ joalokaha le bolela phatlalatsa hore le etsa joalo, le kahobane le fana ka seatla se bulehileng monehelong oa lōna ho bona le ho bohle;+14 ’me ka thapeli bakeng sa lōna baa le hloloheloa ka lebaka la mosa o sa tšoanelang+ o fetisisang oa Molimo ho lōna.
15 Ho ke ho lebohuoe Molimo bakeng sa mpho+ ea hae e ke keng ea hlalosoa e sa lefelloeng.
10 Joale ’na, Pauluse, ke le kōpa ka tieo ka bonolo+ le mosa+ oa Kreste, le hoja ka ponahalo ke le ea tlaase+ har’a lōna, athe ha ke le sieo ke sebete mabapi le lōna.+ 2 Ka sebele ke kōpa hore, ha ke le teng, ke se ke ka sebelisa sebete ka kholiseho eo ka eona ke nahanang ho nka mehato e sebete+ khahlanong le ba bang ba re lekanyang joalokaha eka re ile ra tsamaea ho ea ka seo re leng sona nameng. 3 Etsoe le hoja re tsamaea nameng,+ ha re loane ntoa ho ea ka seo re leng sona nameng.+ 4 Etsoe lihlomo tsa ntoa ea rōna hase tsa nama,+ empa li matla ka Molimo+ bakeng sa ho phethola lintho tse metseng ka matla. 5 Etsoe re phethola menahano le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e phahameng e phahamisoang khahlanong le tsebo ea Molimo;+ ’me re tlisa monahano o mong le o mong kholehong ho o etsa hore o mamele Kreste; 6 ’me re lutse re loketse ho fana ka kotlo bakeng sa ho se mamele+ ho hong le ho hong, hang ha ho mamela ha lōna ho phethahetse ka botlalo.+
7 Le sheba lintho ho ea ka ponahalo ea tsona ea ka ntle.+ Haeba leha e le mang a itšepa hore ke oa Kreste, a ke a boele a ele hloko taba ena, hore, feela joalokaha e le oa Kreste, ho joalo le ka rōna.+ 8 Etsoe esita le haeba nka ithorisa+ haholo ka matla ao Morena a re fileng ’ona ho le haha eseng ho le heletsa,+ ke ne nke ke ka hlabisoa lihlong, 9 e le hore ke se ke ka bonahala ke batla ho le tšosa ka mangolo a ka. 10 Etsoe, ba re: “Mangolo a hae a tōma ’me a matla, empa ho ba teng ha hae ka seqo hoa fokola+ le puo ea hae ea eiseha.”+ 11 Motho ea joalo a ke a ele sena hloko, hore seo re leng sona ka lentsoe la rōna ka mangolo ha re le sieo, hape re tla ba joalo ka ketso ha re le teng.+ 12 Etsoe ha re itete sefuba ho ipeha sehlopheng se le seng le ba bang kapa ho ipapisa le ba bang ba ipuellang.+ Ka sebele ka ho itekanya ka bobona le ka ho ipapisa ka bobona ha ba na kutloisiso.+
13 Re ke ke ra ithorisa kantle ho meeli eo re e abetsoeng,+ empa re tla ithorisa ho ea ka moeli oa sebaka seo Molimo a ileng a re arolela sona ka tekanyo, a etsa hore se fihle esita le ho lōna.+ 14 Ka sebele ha re itšarolle haholo joalokaha eka re ne re sa fihle ho lōna, kaha re bile ba pele ba ho fihla ho lōna ka ho bolela litaba tse molemo tse mabapi le Kreste.+ 15 Che, ha re ithorise kantle ho meeli eo re e abetsoeng ka mesebetsi ea e mong,+ empa re na le tšepo ea hore, ha tumelo ea lōna e ntse e eketseha,+ re ka hōlisoa har’a lōna mabapi le sebaka sa rōna.+ Joale re tla ’ne re ateloe haholo, 16 ho bolella linaha tse ka nģ’ane ho lōna litaba tse molemo,+ e le hore re se ke ra ithorisa ka sebaka sa e mong moo lintho li seng li lokisitsoe. 17 “Empa ea ithorisang, a ke a ithorise ka Jehova.”+ 18 Etsoe hase ea ipuellang ea amohelehang,+ empa ho amoheleha motho eo Jehova+ a mo buellang.+
11 Ke lakatsa eka le ne le ka ’mamella ho se beng le kahlolo e molemo ho honyenyane.+ Empa, ha e le hantle, lea ’mamella! 2 Etsoe ke le boulela ka poulelo+ ea bomolimo, kaha ke ile ka etsa tšepiso ea ho le nyalisa+ monna+ a le mong e le hore nka le hlahisa joaloka moroetsana ea hloekileng+ ho Kreste.+ 3 Empa ke tšaba hore ka tsela e itseng, joalokaha noha e ile ea eka Eva+ ka mano a eona, likelello tsa lōna li ka bolisoa+ hore li tlohe botšepehing le tlhoekong e lokelang Kreste.+ 4 Etsoe, joale, haeba e mong a tla ’me a bolela Jesu e mong ho fapana le eo re ileng ra mo bolela,+ kapa le amohela moea o mong ho fapana le seo le ileng la se amohela,+ kapa litaba tse ling tse molemo+ ho fapana le seo le ileng la se amohela, le mo mamella habonolo.+ 5 Etsoe ke nka hore leha e le nthong e le ’ngoe ha kea ka ka ba ea tlaasana+ ho baapostola ba lōna ba lokileng ho tlōla.+ 6 Empa esita le haeba ke se kheleke puong,+ ka sebele ha ke joalo tsebong;+ empa ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe re ile ra ho bonahatsa ho lōna linthong tsohle.+
7 Kapa na ke ile ka etsa sebe ka ho ikokobetsa+ e le hore le ka phahamisoa, hobane ka thabo ke ile ka le bolella litaba tse molemo tsa Molimo ntle ho tefo?+ 8 Ke ile ka tlatlapa liphutheho tse ling ka ho amohela tse lokiselitsoeng e le hore ke le sebeletse;+ 9 ’me leha ho le joalo ha ke ne ke le teng ho lōna ’me ke hloka, ha kea ka ka ba moroalo ho le ea mong,+ kaha barab’eso ba ileng ba tla ba tsoa Macedonia+ ba ile ba fana haholo ka seo ke haelloang ke sona. E, ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe ke ile ka ipoloka ke se moroalo ho lōna ’me ka sebele ke tla ipoloka ke le joalo.+ 10 Ke ’nete+ ea Kreste tabeng ea ka hore ka sebele ha ho thibelo e tla behoa boithorisong+ bona ba ka libakeng tsa Akaia. 11 Ka lebaka lefe? Hobane ke sa le rate? Molimo oa tseba hore kea le rata.+
12 Joale seo ke se etsang ke sa ntse ke tla se etsa,+ e le hore nka felisa lebaka la boikaketsi ho ba batlang lebaka la boikaketsi la hore ba fumanoe ba lekana le rōna boemong boo ba ithorisang ka bona. 13 Etsoe banna ba joalo ke baapostola ba bohata, basebetsi ba thetsang,+ ba iphetolang baapostola ba Kreste.+ 14 Ha ho makatse, etsoe Satane o ntse a iphetola lengeloi la leseli.+ 15 Ka hona hase letho le leholo haeba basebeletsi+ ba hae le bona ba ntse ba iphetola basebeletsi ba ho loka. Empa bofelo ba bona bo tla ba ho ea ka mesebetsi ea bona.+
16 Ke boetse ke re, Ho se ke ha e-ba le motho ea nahanang hore ha ke na kahlolo e molemo. Ho ntse ho le joalo, haeba ka sebele le nahana joalo, le nkamohele esita le haeba ke le joaloka ea se nang kahlolo e molemo, e le hore le ’na nka ithorisa+ hanyenyane. 17 Seo ke se buang ha ke se bue ho latela mohlala oa Morena, empa ke se bua joalokaha eka ke ka ho se be le kahlolo e molemo, ka kholiseho ena e feteletseng e tloaelehileng boithorisong.+ 18 Kaha ba bangata ba ithorisa ho ea ka nama,+ ka sebele le ’na ke tla ithorisa. 19 Etsoe ka nyakallo le mamella batho ba se nang kahlolo e molemo, kaha le na le kahlolo e molemo. 20 Ha e le hantle, le mamella mang kapa mang ea le etsang makhoba,+ mang kapa mang ea harolang seo le nang le sona, mang kapa mang ea phamolang seo le nang le sona, mang kapa mang ea iphahamisetsang lōna, mang kapa mang ea le otlang sefahlehong.+
21 Ke bolela sena se re hlomphollang, joalokaha eka boemo ba rōna bo ne bo ’nile ba fokola.
Empa haeba leha e le mang e mong a etsa ka sebete nthong e ’ngoe—ke bua ka mokhoa o se nang kahlolo e molemo+—le ’na ke etsa ka sebete ho eona. 22 Na ke Baheberu? Le ’na ke eena.+ Na ke Baiseraele? Le ’na ke eena. Na ke peō ea Abrahama? Le ’na ke eona.+ 23 Na ke basebeletsi ba Kreste? Ke araba joaloka lehlanya, ke eena ka ho hlaheletseng haholo:+ mesebetsing hangata haholo,+ lichankaneng hangata haholo,+ ho otloeng ka ho fetisisang, makhatheng a lefu hangata.+ 24 Ka makhetlo a mahlano ke ile ka amohela ho Bajuda lichapo+ tse mashome a mane kantle ho e le ’ngoe, 25 ka otloa ka melamu ka makhetlo a mararo,+ ka tlepetsoa ka majoe hang,+ ka robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mararo,+ ke hlotse bosiu bo le bong le motšehare o le mong bolibeng; 26 maetong hangata, likotsing tsa linōka, likotsing tsa masholu a litseleng,+ likotsing tsa morabeng oa heso,+ likotsing tsa lichaba,+ likotsing motseng,+ likotsing lefeelleng, likotsing leoatleng, likotsing har’a barab’eso ba bohata, 27 mosebetsing le ho sehleng, ho se robaleng bosiu+ hangata, tlaleng le lenyoreng,+ ho itimeng lijo+ ka makhetlo a mangata, serameng le tlhobolong.
28 Ntle ho lintho tseo tsa mofuta oa ka ntle, ho na le se nkhatellang letsatsi le letsatsi, ho tšoenyeha ka liphutheho tsohle.+ 29 Ke mang ea fokolang,+ ’me ’na ke sa fokole? Ke mang ea khoptjoang, ’me ’na ke sa tuke ke bohale?
30 Haeba ho ithorisa ho tla ba teng, ke tla ithorisa+ ka lintho tse amanang le bofokoli ba ka. 31 Molimo le Ntate oa Morena Jesu, eena Ea tlang ho rorisoa ka ho sa feleng, oa tseba hore ha ke bue leshano. 32 Damaseka ’musisi ea tlas’a Morena Aretase o ne a lebetse motse oa Badamaseka hore a ntšoare,+ 33 empa ka theoloa ka fensetere e lerakong ke le ka har’a baskete e lohiloeng+ ’me ka phonyoha matsoho a hae.
12 Ke lokela ho ithorisa. Ha ho molemo; empa ke tla fetela liponong+ tse phahametseng matla a tlhaho le litšenolong tsa Morena. 2 Ke tseba motho ea bonngoeng le Kreste eo, lilemong tse leshome le metso e mene tse fetileng—ebang ke ka ’mele ha ke tsebe, kapa kantle le ’mele ha ke tsebe; Molimo oa tseba—a ileng a nkeloa+ a le joalo leholimong la boraro. 3 E, ke tseba motho ea joalo—ebang e ne e le ka ’mele kapa kantle le ’mele,+ ha ke tsebe, Molimo oa tseba— 4 hore o ile a nkeloa paradeiseng+ ’me a utloa mantsoe a ke keng a boleloa ao ho sa lumelloeng ke molao hore motho a a bue. 5 Ke tla ithorisa ka motho ea joalo, empa nke ke ka ithorisa ka ’na, haese mabapi le mefokolo ea ka.+ 6 Etsoe haeba ke fela ke batla ho ithorisa,+ nke ke ka ba ea se nang kahlolo e molemo, kaha ke tla bolela ’nete. Empa kea ithiba, e le hore ho se ke ha e-ba le ea nkekeletsang ho feta seo a mponang ke le sona kapa a se utloang ho ’na, 7 feela ka lebaka la bongata bo fetisisang ba litšenolo.
Ka hona, e le hore ke se ke ka ikutloa ke phahame ka ho fetisisa,+ ke ile ka fuoa moutloa nameng,+ lengeloi la Satane, hore le ’ne le ntjabele, e le hore ke se ke ka phahama ka ho fetisisa. 8 Ke ile ka kōpa Morena ka tieo ka makhetlo a mararo+ mabapi le sena e le hore o ka tloha ho ’na; 9 leha ho le joalo ka sebele o ile a re ho ’na: “Mosa oa ka o sa tšoanelang o u lekane;+ kaha matla a ka a ntse a etsoa a phethahetseng bofokoling.”+ Ka hona, ho e-na le hoo ka nyakallo e khōlō ke tla ithorisa mabapi le mefokolo+ ea ka, e le hore matla a Kreste a ka lula holim ’a ka joaloka tente. 10 Ka hona ke khahlisoa ke mefokolo, lithohako, maemo a ho hloka, mahloriso le mathata, ka lebaka la Kreste. Etsoe ha ke fokola, joale ke ha ke le matla.+
11 Ke fetohile ea se nang kahlolo e molemo. Le ntšusumelelitse+ hona, kaha ke ne ke tšoanela hore ebe ke bueletsoe ke lōna. Etsoe ha kea ka ka ba ea tlaasana ka ntho le e ’ngoe ho baapostola ba lōna ba lokileng ho tlōla,+ esita le haeba ha ke letho.+ 12 Ka sebele, lipontšo tsa moapostola+ li ile tsa hlahisoa har’a lōna ka mamello eohle,+ le ka lipontšo le limakatso le mesebetsi e matla.+ 13 Etsoe ke mabapi le eng le ileng la ba tlaase ho feta liphutheho tse ling kaofela, haese hore ha kea ka ka ba moroalo ho lōna?+ Ka mosa ntšoareleng phoso ena.
14 Bonang! Lena ke lekhetlo la boraro+ ke loketse ho tla ho lōna, ’me leha ho le joalo nke ke ka ba moroalo. Etsoe ha ke batle matlotlo a lōna,+ empa ke batla lōna; kaha bana+ ha baa tšoanela ho bolokela batsoali ba bona, empa batsoali ba tšoanela ho bolokela bana ba bona.+ 15 Ka nyakallo e khōlō ke tla sebelisa le ho sebelisoa ka ho feletseng bakeng sa meea+ ea lōna. Haeba ke le rata ka ho eketsehileng haholo, na ke lokela ho ratoa hanyenyane? 16 Empa leha ho ka ba joalo, ha kea ka ka le imetsa.+ Leha ho le joalo, le re, ke ne ke le “bolotsana” ’me ke ile ka le tšoasa “ka ho qhekella.”+ 17 Ha e le mang kapa mang oa bao ke ba romileng ho lōna, ha kea ka ka ithuisa molemo ka lōna ka eena, na ha ho joalo? 18 Ke ile ka phehella Tite ’me ka roma mor’eso le eena. Tite ha aa ka a ithuisa molemo ka lōna ho hang, na ha ho joalo?+ Re ile ra tsamaea ka moea o tšoanang,+ na ha ho joalo? Ka mehato e tšoanang, na ha ho joalo?
19 Na ka nako ena kaofela le ne le ntse le nahana hore re ne re ntse re itšireletsa ho lōna? Re bua ka pel’a Molimo mabapi le Kreste. Empa, baratuoa, lintho tsohle li bakeng sa ho le haha.+ 20 Etsoe ke tšaba hore ka tsela e itseng, ha ke fihla,+ nka le fumana le se kamoo ke neng nka lakatsa kateng ’me ho lōna ke se ke ka ba kamoo le neng le ka lakatsa kateng, empa, ho e-na le hoo, ka tsela e itseng ho ka ba le ho qabana, poulelo,+ maemo a ho halefa, likhang, ho buana hampe, mehoeshetso, maemo a ho ikhohomosa, ho hloka taolo.+ 21 Mohlomong, ha ke tla hape, Molimo oa ka a ka nkokobetsa har’a lōna, ’me nka siama ka lebaka la ba bangata bao pele ba ileng ba etsa sebe+ empa ba sa bakela ho se hloeke le bohlola+ le boitšoaro ba bona bo hlephileng+ boo ba ’nileng ba tloaela ho bo etsa.
13 Lena ke lekhetlo la boraro+ ke tla ho lōna. “Taba e ’ngoe le e ’ngoe e tla tiisoa ka melomo ea lipaki tse peli kapa ea tse tharo.”+ 2 Ke boletse pele ’me, joalokaha eka ke teng ka lekhetlo la bobeli ’me leha ho le joalo ke le sieo hona joale, ke bolella esale pele ba entseng sebe pele ’me ke bolella le ba bang kaofela, hore haeba nka tla hape nke ke ka qenehela,+ 3 kaha le batla bopaki ba Kreste a bua ka ’na,+ Kreste ea sa fokoleng mabapi le lōna empa a le matla har’a lōna. 4 Ka sebele, ke ’nete hore o ile a khokhotheloa thupeng+ ka lebaka la bofokoli,+ empa oa phela ka lebaka la matla a Molimo.+ Hape, ke ’nete hore re fokola le eena, empa re tla phela hammoho le eena+ ka lebaka la matla a Molimo+ mabapi le lōna.
5 Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo le leng sona.+ Kapa na ha le hlokomele hore Jesu Kreste o bonngoeng le lōna?+ Ntle le haeba le sa amohelehe. 6 Kannete kea tšepa le tla tseba hore ha re ba sa amoheleheng.
7 Joale re rapela+ Molimo hore le se ke la etsa letho le fosahetseng, eseng hore rōna re ka bonahala re amoheleha, empa e le hore le ka ba ba etsang se setle, le hoja rōna re ka bonahala re sa amohelehe. 8 Etsoe re ke ke ra etsa letho khahlanong le ’nete, haese feela bakeng sa ’nete.+ 9 Ka sebele rea thaba neng kapa neng ha re fokola empa lōna le le matla;+ ’me re rapella sena,+ hore le khutlisetsoe tseleng. 10 Ke ka lebaka leo ke ngolang lintho tsena ha ke ntse ke le sieo, e le hore, ha ke le teng, ke se ke ka nka bohato ka tieo+ ho ea ka matla ao Morena a mphileng ’ona, ho haha+ eseng ho heletsa.
11 Qetellong, barab’eso, le tsoele pele ho thaba, ho khutlisetsoa tseleng, ho tšelisoa,+ ho nahana ka tumellano,+ ho phela ka khotso;+ ’me Molimo oa lerato le oa khotso+ o tla ba le lōna. 12 Lumelisanang ka kako+ e halalelang. 13 Bahalaleli bohle ba le romela litumeliso.
14 Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste le lerato la Molimo le ho ba le karolo moeeng o halalelang li be le lōna bohle.+