Ho Bafilipi
1 Pauluse le Timothea, makhoba+ a Kreste Jesu, ho bahalaleli bohle ba bonngoeng le Kreste Jesu ba leng Filipi,+ hammoho le balebeli le bahlanka ba sebeletsang:+
2 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste.+
3 Ke leboha Molimo oa ka kamehla ho le hopoleng ho hong le ho hong+ 4 thapeling e ’ngoe le e ’ngoe ea ka bakeng sa lōna kaofela,+ ha ke ntse ke nehelana ka thapeli ea ka ka thabo, 5 ka lebaka la tlatsetso+ eo le e entseng litabeng tse molemo ho tloha letsatsing la pele ho fihlela motsotsong ona. 6 Etsoe ke kholisehile ka ntho ena, hore ea ileng a qala mosebetsi o molemo ho lōna o tla o etsa ho isa qetellong+ ho fihlela letsatsing+ la Jesu Kreste. 7 Ho lokile ka ho feletseng ho ’na ho nahana sena mabapi le lōna kaofela, ka lebaka la hore ke na le lōna ka pelong+ ea ka, kaofela ha lōna le e-na le karolo+ le ’na moseng o sa tšoanelang, litlamong tsa ka tsa chankana+ le ho sireletseng+ le ho theheng ka molao+ litaba tse molemo.
8 Etsoe Molimo ke paki ea ka ea kamoo ke le hlolohetsoeng kaofela ka lerato le mofuthu+ le kang leo Kreste Jesu a nang le lona. 9 Sena ke seo ke tsoelang pele ho se rapella, hore lerato la lōna le ka ata+ ka ho eketsehileng ka tsebo e nepahetseng+ le temoho+ e feletseng; 10 e le hore le ka nepisisa lintho tsa bohlokoa haholo,+ e le hore le hloke sekoli+ le hore le se ke la khopisa+ ba bang ho fihlela letsatsing la Kreste, 11 le hore le ka tlala litholoana+ tse lokileng, tse teng ka Jesu Kreste, khanyeng le thorisong ea Molimo.+
12 Joale ke lakatsa hore le tsebe, barab’eso, hore litaba tsa ka li feletse ka hore litaba tse molemo+ li tsoele pele ho e-na le ka ho hong hosele, 13 hoo litlamo+ tsa ka li fetohileng tse tsebahalang phatlalatsa+ kamanong le Kreste har’a Balebeli bohle ba Moemphera le ba bang kaofela;+ 14 ’me boholo ba barab’abo rōna Moreneng, ba ikutloa ba kholisehile ka lebaka la litlamo tsa ka tsa chankana, ba bontša sebete haholo hore ba bolele lentsoe la Molimo ba sa tšabe letho.+
15 Ke ’nete, ba bang ba bolela Kreste ka mohono le tlhōlisano,+ empa ba bang hape ka ho khahloa.+ 16 Bana ba morao ba phatlalatsa Kreste ka lebaka la lerato, kaha baa tseba hore ke behiloe mona bakeng sa ho sireletsa+ litaba tse molemo; 17 empa bana ba pele ba ho etsa ka lebaka la ho rata likhang,+ eseng ka boikutlo bo hloekileng, kaha ba nahana ho hlohlelletsa matšoenyeho+ bakeng sa ka litlamong tsa ka tsa chankana. 18 Joale ho thoe’ng? Letho, haese hore ka tsela e ’ngoe le e ’ngoe, ebang ke ka boikaketsi+ kapa ka ’nete, Kreste o ntse a phatlalatsoa,+ ’me ke thabela sena. Ha e le hantle, hape ke tla ’ne ke thabe, 19 kaha kea tseba hore sena se tla fella ka poloko ea ka ka thapeli+ ea lōna le phepelo ea moea oa Jesu Kreste,+ 20 tumellanong le tebello ea ka e nang le tabatabelo+ le tšepo+ ea ka hore nke ke ka ba lihlong+ tabeng leha e le efe, empa hore ka ho bua ka bolokolohi bohle+ Kreste, joaloka kamehla pele, ka ho tšoanang hona joale o tla tlotlisoa ka ’mele+ oa ka, ebang ke ka bophelo kapa ka lefu.+
21 Etsoe tabeng ea ka ho phela ke Kreste,+ ’me ho shoa,+ ke leruo. 22 Joale haeba e le ho tsoela pele ke phela nameng, sena ke litholoana tsa mosebetsi+ oa ka—leha ho le joalo ha ke ho tsebahatse hore na ke ntho efe eo ke lokelang ho e khetha. 23 Ke tlas’a khatello ka lebaka la lintho tsena tse peli;+ empa seo ke hlileng ke se lakatsang ke ho lokolloa le ho ba le Kreste,+ kaha ka sebele, sena se molemo haholo.+ 24 Leha ho le joalo, ho ’na ho lula nameng ho hlokahala haholo ka lebaka+ la lōna. 25 Kahoo, ke kholisehile ka sena, kea tseba hore ke tla lula+ le hore ke tla hlola le lōna kaofela bakeng sa tsoelo-pele+ ea lōna le thabo ea tumelo ea lōna, 26 e le hore thabo ea lōna e khaphatsehang e ka khaphatseha ho Kreste Jesu ka lebaka la ka ka ho ba teng ha ka ho lōna hape.
27 Le mpe le itšoare ka mokhoa o tšoanelang+ litaba tse molemo tse mabapi le Kreste, e le hore, ebang kea tla ’me kea le bona kapa ke ba sieo, nka utloa ka lintho tse le amang, hore le eme le tiile boikutlong bo le bong, ka moea+ o le mong le loana le bapile ka mahlakore bakeng sa tumelo ea litaba tse molemo, 28 ’me ho hang le sa tšosoe ke bahanyetsi ba lōna.+ Ntho ena ke bopaki ba timetso bakeng sa bona, empa ke bopaki ba poloko+ bakeng sa lōna; ’me pontšo ena e tsoa ho Molimo, 29 hobane le ile la fuoa tokelo ka lebaka la Kreste, eseng feela hore le behe tumelo+ ea lōna ho eena, empa hape le ho utloa bohloko+ ka lebaka la hae. 30 Etsoe le na le ntoa e tšoanang le eo le ileng la e bona tabeng+ ea ka le eo joale le utloang ka eona tabeng ea ka.+
2 Joale, haeba ho e-na le khothatso leha e le efe ho Kreste,+ haeba ho e-na le matšeliso leha e le afe a lerato, haeba ho e-na le karolelano leha e le efe ea moea,+ haeba ho e-na le lerato le mofuthu+ le qenehelo leha e le efe, 2 le tlatse thabo ea ka ka hore le na le kelello e tšoanang+ ’me le na le lerato le tšoanang, le kopane hammoho moeeng, le bolokile kelellong monahano+ o le mong, 3 le sa etse letho ka lebaka la ho rata likhang+ kapa ka lebaka la ho ipolelisa,+ empa ka ho ikokobetsa kelellong le nka hore ba bang ba le phahametse,+ 4 le sa hlokomele lithahasello tsa litaba tsa lōna feela,+ empa hape le hlokomela lithahasello tsa ba bang.+
5 Bolokang boikutlo bona ba kelello ho lōna bo neng bo le teng le ho Kreste Jesu,+ 6 eo, le hoja a ne a le teng ka sebōpeho sa Molimo,+ a sa kang a nahana ho inkela ka mahahapa, e leng, hore o lokela ho lekana le Molimo.+ 7 Che, empa o ile a ikhokhotha ’me a nka sebōpeho sa lekhoba+ ’me a tšoana le batho.+8 Ho feta moo, ha a iphumana ka sebōpeho e le motho,+ o ile a ikokobetsa ’me a mamela ho isa lefung,+ e, lefu thupeng ea tlhokofatso.+ 9 Ka lebaka lona lena Molimo le eena o ile a mo phahamisetsa boemong bo phahameng+ ’me ka mosa a mo fa lebitso le ka holimo ho mabitso a mang ’ohle,+ 10 e le hore lengole le leng le le leng la ba leholimong le ba lefatšeng le ba ka tlaase ho mobu le ka khumama ka lebitso la Jesu,+ 11 ’me leleme le leng le le leng le bolele pepenene hore le ela hloko+ hore Jesu Kreste ke Morena+ thorisong ea Molimo Ntate.+
12 Ka lebaka leo, baratuoa ba ka, ka tsela eo le ’nileng la mamela+ ka eona kamehla, eseng nakong ea ho ba teng ha ka feela, empa joale ka ho ithatela ho eketsehileng nakong ea ho ba sieo ha ka, le ’ne le sebeletse poloko ea lōna ka tšabo+ le thothomelo; 13 etsoe Molimo ke eena eo, ka lebaka la ho khahloa ha hae, a sebetsang+ ho lōna e le hore le rate le be le sebetse.+ 14 Le ’ne le etse lintho tsohle le sa korotle+ ’me le se na likhang,+ 15 e le hore le ka ba ba sa tšoauoeng phoso+ le ba hlokang molato, bana+ ba Molimo ba se nang sekoli har’a moloko o khopameng le o sothehileng,+ oo har’a oona le khanyang le le maseli lefatšeng,+ 16 le tšoere ka thata lentsoe la bophelo,+ e le hore nka ba le sesosa sa thabo e khaphatsehang letsatsing la Kreste,+ hore ha kea ka ka mathela lefeela kapa ka sebetsa ka thata bakeng sa lefeela.+ 17 Ho sa tsotellehe seo, esita le haeba ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno+ holim ’a sehlabelo+ le tšebeletso ea phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho eona,+ kea nyakalla+ ’me ke thaba le lōna kaofela. 18 Joale ka tsela e tšoanang le lōna le nyakalle ’me le thabe le ’na.+
19 Ke na le tšepo ho Morena Jesu ea ho romela Timothea ho lōna haufinyane, e le hore nka ba moea o hlasimolohileng+ ha ke tseba ka lintho tse le amang. 20 Etsoe ha ke na e mong ea nang le boikutlo bo kang ba hae eo kannete a tla hlokomela+ lintho tse le amang. 21 Etsoe ba bang kaofela ba batla lithahasello+ tsa bona, eseng tsa Kreste Jesu. 22 Empa le tseba bopaki boo a ileng a ipaka ka bona, hore joaloka ngoana+ le ntat’ae e ile ea ba lekhoba le ’na ho ntšetseng pele litaba tse molemo. 23 Ka hona, enoa ke eena monna eo ke nang le tšepo ea ho mo romela hang feela ha ke bone hore na lintho li eme joang malebana le ’na. 24 Ka sebele, ke kholisehile Moreneng hore le ’na ke tla tla haufinyane.+
25 Leha ho le joalo, ke nka ho hlokahala ho romela ho lōna Epafroditase,+ mor’eso le mosebetsi-’moho+ le lesole-’moho,+ empa e le moromuoa oa lōna le mohlanka oa ka bakeng sa seo ke se hlokang, 26 kaha o hlolohetsoe ho le bona kaofela ’me o tepeletse maikutlo hobane le ile la utloa hore o ne a kula. 27 E, ka sebele, o ile a kulela lefu; empa Molimo o ile a mo hauhela,+ ha e le hantle, eseng eena feela, empa le ’na, e le hore ke se ke ka fumana mesarelo holim ’a mesarelo. 28 Ka hona ke mo romela ka ho potlaka ho hoholo, e le hore ha le mo bona le ka thaba hape le hore ke se ke ka ba le mesarelo. 29 Ka hona mo amoheleng+ Moreneng ka tsela e tloaelehileng ka thabo eohle; ’me le ’ne le nke banna ba mofuta oo e le ba bohlokoa,+ 30 hobane ka lebaka la mosebetsi oa Morena o ile a ba lintšing tsa lefu, a pepesetsa moea oa hae kotsi,+ e le hore a ka koala sekheo ka botlalo bakeng sa ho se be teng ha lōna mona hore le nketsetse tšebeletso ea botho.+
3 Qetellong, barab’eso, le tsoele pele le thabile Moreneng.+ Ho le ngolla lintho tse tšoanang ha ho nkhathatse, empa ke tšireletso ho lōna.
2 Hlokomelang lintja,+ le hlokomele basebetsi ba bobe, le hlokomele ba pomang nama.+ 3 Etsoe re na le lebollo la sebele,+ re etsa tšebeletso e halalelang ka moea oa Molimo+ ’me boithoriso ba rōna bo ho Kreste Jesu+ ’me kholiseho ea rōna ha e nameng,+ 4 le hoja ’na, ke fela ke e-na le mabaka a ho kholiseha le nameng.
Haeba motho leha e le ofe a nahana hore o na le mabaka a ho kholiseha ka nama, ke nahana hore ke joalo haholo:+ 5 ke le ea bololitsoeng ka letsatsi la borobeli,+ ke le ea tsoang lesikeng la lelapa la Iseraele, ke le oa moloko oa Benjamine,+ Moheberu ea tsoetsoeng ke Baheberu;+ mabapi le molao, ke le Mofarisi;+ 6 mabapi le cheseho, ke le ea hlorisang phutheho;+ mabapi le ho loka ho teng ka molao, ke le ea sa kang a tšoauoa phoso. 7 Empa leha ho le joalo lintho tseo e neng e le maruo ho ’na, ke li nkile e le tahlehelo ka lebaka la Kreste.+ 8 Ka lebaka leo, ka sebele ke hlile ke boetse ke nka lintho tsohle e le tahlehelo ka lebaka la bohlokoa bo fetisisang ba tsebo ea Kreste Jesu Morena oa ka.+ Ka lebaka la hae ke amohetse tahlehelo ea lintho tsohle ’me ke li nka e le lithōle+ tse ngata, e le hore nka rua Kreste 9 le hore ke fumanoe bonngoeng le eena, ke se na ho loka ho hlahisoang ke molao,+ empa ke na le ho loka ho teng ka tumelo+ ho Kreste, ho loka ho tsoang ho Molimo ka tumelo,+ 10 e le hore ke tsebe eena le matla a tsoho+ ea hae le ho ba le karolo litlhokofatsong+ tsa hae, ke ipeha tlas’a lefu le tšoanang le la hae,+ 11 ho bona haeba ka mokhoa leha e le ofe nka fihlela tsoho+ ea pejana bafung.
12 Eseng hore ke se ke o amohetse kapa ke se ke entsoe ea phethahetseng,+ empa ke phehella+ ho bona haeba le ’na nka boela ka tšoara+ seo le ’na ke se tšoaretsoeng+ ke Kreste Jesu. 13 Barab’eso, ha ke inke ke se ke o tšoere; empa ho na le ntho e le ’ngoe ka oona: Ha ke lebala lintho tse ka morao+ le ho hahamalla linthong tse ka pele,+ 14 ke phehella pakaneng+ bakeng sa moputso+ oa pitso+ ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu. 15 Joale, ho ea ka hore na ke ba bangata hakae ba rōna ba hōlileng ka ho feletseng,+ a re beng le boikutlo bona ba kelello;+ ’me haeba likelello tsa lōna li sekametse hosele tabeng leha e le efe, Molimo o tla le senolela boikutlo bo ka holimo. 16 Leha ho le joalo, ho ea bohōleng boo ho bona re hatetseng pele, a re tsoeleng pele re tsamaea ka ho laolehileng+ ka mokhoa ona o tšoanang.
17 Barab’eso, le be baetsisi+ ba ka le kopane, ’me le ’ne le hlokomele ba tsamaeang ka tsela e lumellanang le mohlala oo le nang le oona ho rōna.+ 18 Etsoe ho na le ba bangata, ke ne ke ba bolela hangata empa joale ke ba bolela le ka ho lla, ba tsamaeang e le lira tsa thupa ea tlhokofatso ea Kreste,+ 19 pheletso ea bona ke timetso,+ ’me molimo oa bona ke limpa+ tsa bona, khanya ea bona ke lihlong tsa bona,+ ’me likelello tsa bona li linthong tse lefatšeng.+ 20 Ha e le rōna, boahi+ ba rōna bo teng maholimong,+ e leng sebaka seo ho sona ka tabatabelo re boetseng re letetseng+ mopholosi, Morena Jesu Kreste,+ 21 ea tla fetola ’mele ea rōna e kokobelitsoeng+ hore e lumellane le ’mele oa hae o khanyang+ ho ea ka tšebetso+ ea matla ao a nang le ’ona, esita le ho beha lintho tsohle tlas’a+ hae.
4 Ka lebaka leo, barab’eso ba ratoang le bao ke ba hlolohetsoeng, thabo le moqhaka oa ka,+ le eme le tiile+ ka tsela ena Moreneng, baratuoa.
2 Evodia kea mo eletsa le Syntike kea mo eletsa hore ba be le kelello+ e tšoanang Moreneng. 3 E, le uena kea u kōpa, molekane oa ka oa ’nete jokong,+ u ’ne u thuse basali bana ba loanneng le ’na re bapile ka mahlakore+ litabeng tse molemo hammoho le Clemente hammoho le basebetsi-’moho+ le ’na ba bang kaofela, bao mabitso+ a bona a leng bukeng ea bophelo.+
4 Kamehla thabang Moreneng.+ Ke tla boela ke re, Le thabe!+ 5 Ho ba le kahlolo e molemo+ ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle. Morena o haufi.+ 6 Le se ke la tšoenyeha ka letho,+ empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli+ hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo;+ 7 ’me khotso+ ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo+ tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.
8 Qetellong, barab’eso, lintho life kapa life tsa ’nete, lintho life kapa life tseo ho amehoang ka tsona ka botebo, lintho life kapa life tse lokileng, lintho life kapa life tse hloekileng,+ lintho life kapa life tse ratehang, lintho life kapa life tse buuoang hantle, bokhabane bofe kapa bofe le ntho efe kapa efe e lokeloang ke thoriso, le tsoele pele ho nahana ka lintho tsena.+ 9 Lintho tseo le ileng la ithuta tsona hammoho le ho li amohela le ho li utloa le ho li bona mabapi le ’na, le tloaele ho li etsa;+ ’me Molimo oa khotso+ o tla ba le lōna.
10 Ke thaba haholo Moreneng hore joale qetellong le tsosolositse ho nahana ha lōna molemong oa ka,+ hoo ka sebele le neng le nahana ka hona, empa la hloka monyetla. 11 Eseng hore ke bua mabapi le ho ba ea hlokang, kaha maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala.+ 12 Ka sebele ke tseba ho haelloa ke lijo,+ ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka.+ 13 Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla.+
14 Leha ho le joalo, le entse hantle ka ho kopanela+ le ’na matšoenyehong a ka.+ 15 Ha e le hantle, lōna Bafilipi, hape lea tseba hore qalong ea ho bolela litaba tse molemo, ha ke tloha Macedonia, ha ho phutheho e ileng ea nka karolo le ’na tabeng ea ho fana le ho amohela, haese lōna le le bang;+ 16 hobane, esita le Thesalonika, le ile la nthomella ho hong hang le ka lekhetlo la bobeli bakeng sa seo ke se hlokang. 17 Eseng hore ke batla mpho ka tieo,+ empa hore ka tieo ke batla litholoana+ tse tlisang kekeletso e khōlō tlalehong ea lōna. 18 Leha ho le joalo, ke na le lintho tsohle ka botlalo ’me ke na le ho hongata haholo. Ke tletse, kaha joale ke amohetse ho Epafroditase+ lintho tse tsoang ho lōna, monko o lephoka le monate,+ sehlabelo se amohelehang,+ se khahlisang haholo ho Molimo. 19 Ka mor’a moo, Molimo+ oa ka o tla fana ka botlalo ka sohle seo le se hlokang+ ho isa tekanyong ea maruo+ a hae khanyeng ka Kreste Jesu. 20 Joale ho Molimo le Ntat’a rōna e be khanya ka ho sa feleng le kamehla.+ Amen.
21 Ntumelisetseng+ mohalaleli e mong le e mong ea bonngoeng+ le Kreste Jesu. Barab’eso ba nang le ’na ba le romela litumeliso. 22 Bahalaleli bohle, empa haholo-holo ba ntlo ea Cesare, ba le romela litumeliso.+
23 Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.+