HABAKUKE
1 ’Na moprofeta Habakuke* ke ile ka utloa molaetsa ponong eaba ke re:
2 “Ao hle Jehova! Ke tla kopa thuso ho fihlela neng empa u sa nkutloe?+
Ke u kope thuso ho fihlela neng hore u mpholose ho batho ba likhoka?+
3 Ke hobane’ng ha u etsa hore ke bone lintho tse fosahetseng?
Ke hobane’ng ha u lumella batho ho hatella ba bang?
Ke hobane’ng ha ke lula ke bona lintoa le batho ba tlatlapuoang?
Hape ke hobane’ng ha ho e-na le liqabang le likhohlano?
4 Molao o feletsoe ke matla,
Ha ho mohla toka e phethoang.
Kaha batho ba khopo ba hatella ba lokileng,
Toka ha e sa le eo.”+
5 “Shebang lichaba le bone hore na ho etsahala’ng,
Le li shebe ’me le tla makala.
Mehleng ea lona ho tla etsahala ntho
Eo le ke keng la e kholoa leha le ka e bolelloa.+
Ba tsamaea hohle lefatšeng
E le hore ba hape linaha tsa batho ba bang.+
7 Baa tšosa, batho baa ba tšaba.
Ba iketsetsa melao ea bona ebile ba inka ba le matla.*+
Lipere tsa bona tsa ntoa lia matha,
Lipere tsa bona li tsoa hole haholo.
Ba fofa sa ntsu e potlaketseng ho ja.+
9 Kaofela ba tletse moea oa ntoa.+
Mabotho a bona a futuha joaloka moea oa bochabela+
Le batšoaruoa ba bona ba bongata ba lehlabathe.
Ba halala metse e sirelelitsoeng ka thata,+
Ba etsa liqubu e le hore ba kene ebe ba hapa metse eo.
11 Ba futuha joaloka moea ebe baa feta
Empa ba tla nkoa ba le molato+
Hobane ba nka hore matla a bona a tsoa ho molimo oa bona.”*+
Molimo oa ka, Mohalaleli oa ka, ha u shoe.*+
Jehova, u ba khethile hore ba phethe likahlolo tsa hao.
Uena Lefika la ka,+ u ba khethile hore ba re khalemele.+
Joale ke hobane’ng ha u mameletse balotsana?+
Ke hobane’ng ha u sa re letho ha ea khopo a hatella motho ea lokileng?+
14 Ke hobane’ng ha u tlohela batho hore ba tšoaroe joaloka litlhapi,
Joaloka lihahabi tse se nang morena?
15 Kaofela ha tsona ba li tšoasitse ka huku e tšoasang litlhapi.*
Ba li tšoasa ka letlooa la bona
Ebe ba li bokella ka har’a lona.
16 Joale ba etsetsa letlooa la bona mahlabelo
Ba bile ba le etsetsa linyehelo.
Lijo tsa bona li mafura ka lebaka la lona
Ebile li na le phepo.
17 Ke hobane’ng ha u ba lumella hore ba lule ba ahlamisitse letlooa* la bona?*
Ke hobane’ng ha u ba lumella hore ba ’ne ba felise lichaba ba se na mohau?+
Ke tla emela ho utloa hore na o batla hore ke re’ng
Ke be ke inahane hore na ke tla re’ng ha ke khalemeloa.
2 Jehova a nkaraba a re:
“Ngola lintho tseo u li boleletsoeng ponong, u li ngole ka tsela e hlakileng holim’a matlapa+
E le hore batho ba li balang ba se ke ba thatafalloa ho li bala.+
3 Pono ena e sa emetse nako ea eona.
E haufi le ho phethahala, e tla fela e phethahale.*
Leha e ka bonahala eka ea lieha,* u ’ne u e lebelle.*+
Joang kapa joang e tla phethahala.
E ke ke ea siuoa ke nako.
4 Bonang motho ea ikhohomosang.
Ha aa loka ho tloha pelong.
Empa ea lokileng o tla phela ka lebaka la botšepehi* ba hae.+
5 Veine e etsa hore motho a etse lintho tse se nang kelello.
Kahoo, motho ea ikhohomosang a ke ke a atleha.
O meharo joaloka Lebitla.*
O tšoana le lefu, ha a khotsofale.
O ntse a bokella lichaba kaofela
Le ho hapa batho bohle.+
6 Batho bana kaofela ba tla mo soma ba sebelisa maele, mekhabo-puo le lilotho.+
Ba tla re:
‘Ho malimabe ea ipokellang ka lintho tseo e seng tsa hae,
Ea ntseng a eketsa sekoloto sa hae.
Ho tla ba tjee ho fihlela neng?
7 Batho bao u ba kolotang ba tla u tsometsa ba u tsohele matla.
Ba tla u tsukutla habohloko
Ba be ba u tlatlape.+
8 Batho ba bang kaofela ba tla u tlatlapa+
Hobane u tlatlapile lichaba tse ngata,
Oa bolaea batho ba bangata,
Oa senya naha,
Oa ripitla metse le ho bolaea baahi ba eona.+
9 Ho malimabe motho ea ithuisang ka bolotsana molemong oa ba ntlo ea hae
E le hore a ka beha sehlaha sa hae holimo-limo
Hore a pholohe tlokotsi.
10 U tlotlolotse ba ntlo ea hao ka merero ea hao.
U itšitetsoe ka ho timetsa lichaba tse ngata.+
11 Etsoe lejoe le tla hoeletsa le le lerakong,
Lepolanka le arabe le le marulelong.
12 Ho malimabe motho ea hahang motse ka tšollo ea mali,
Ea o tiisang ka lintho tse sa lokang.
13 Ke morero oa Jehova oa mabotho hore batho ba sehlele lintho tse tla felisoa ka mollo
Le hore lichaba li sebeletse lefeela.+
14 Etsoe batho bohle ba tla tseba matla a Jehova.
Tsebo eo e tla ba ngata joalokaha metsi a koahetse leoatle.+
15 Ho malimabe motho ea halefileng,
Ea fang metsoalle ea hae joala e le hore e tahoe
A tsebe ho e bona ha e hlobotse.
16 U tla khotsofatsoa ka ho tlotlolloa ho e-na le ho rorisoa.
Noa le uena, u senolehe hore ha oa bolla.*
Kopi e ka letsohong le letona la Jehova e tla pota e be e fihle ho uena.+
U tla tlotlolloa ho e-na le ho rorisoa.
17 U tla ripitloa ka tsela eo u ripitlileng Lebanone ka eona.
Tšenyo e ileng ea tšosa libata le uena e tla u fihlela
Hobane u bolaile batho,
U sentse naha,
U ripitlile metse le ho bolaea baahi ba eona.+
18 Seemahale se entsoeng ke motho se na le molemo ofe?
Motho oa se tšepa le hoja a iketselitse sona.
Ea se rapelang o lahlehile hobane o nahana hore se tla mo tataisa.
Empa ha se na thuso ho hang,
Ha se bue le ho bua.+
19 Ho malimabe ea reng ho patsi: “Tsoha!”
Kapa ea reng ho lejoe: “Phahama u re rupele!”
20 Empa Jehova o ka tempeleng ea hae e halalelang.+
Lona bohle ba lefatšeng, le thole ka pel’a hae.’”+
3 Ena ke thapelo ea moprofeta Habakuke, ke koli-ea-malla:*
2 Jehova, ke utloile ka liketso tsa hao.
Ke tsota mesebetsi ea hao Jehova.
E se eka u ka e phetha mehleng ena ea rona,*
Oa e tsebahatsa mehleng ea rona.
E se eka u ka re hopola eaba oa re hauhela nakong ea pherekano.+
Khanya ea hae e ile ea koahela maholimo,+
Lefatše la tlala batho ba mo rorisang.
4 Khanya ea hae e ne eka ea letsatsi.+
Ho ne ho e-na le mahlaseli a tsoang letsohong la hae
Moo matla a hae a neng a le hona teng.
6 A ema tlekelele! eaba o sisinya lefatše.+
O ile a sheba lichaba eaba lia thothomela.+
Lithaba tseo esale li le teng tsa heleha,
Maralla ’ona a oa.+
O tsamaea litseleng tsa hae tsa khale.
7 Ke ile ka bona mathata ka litenteng tsa Kushane.
Litente tsa naha ea Midiane li ile tsa tsukutleha.+
8 Jehova, na u halefetse linoka?
Na u tuka ke bohale ka lebaka la tsona?
Kapa na u halefetse leoatle?+
9 U ntšitse seqha sa hao ’me u se chehile.
Melamu* e fuoe mosebetsi.* (Selah)
U arotse lefatše ka linoka.
10 Lithaba tsa u bona eaba lia reketla ke bohloko.+
Metsi a pula ea litloebelele a phorosela.
Boliba ba rora,+
Ba akholetsa maqhubu a bona holimo.
11 Letsatsi le khoeli tsa ema tsi! holimo maholimong.+
Metsu ea hao ea tsoa e le joaloka khanya,+
Lerumo la hao le ne le benya joaloka lehalima.
13 Oa tsamaea hore u e’o pholosa batho ba hao le motlotsuoa oa hao.
Oa thuhakanya moeta-pele* oa ntlo ea ba khopo.
E ile ea timetsoa ho tloha motheong ho ea tsoa marulelong.* (Selah.)
14 U ile oa hlaba lihlooho tsa masole a hae ka lihlomo tsa hae*
Ha a ne a mphutuhela hore a nqhalakanye.
A ne a thabetse ho bolaea motho ea mathateng ka lekunutu.
15 U ile oa feta har’a leoatle ka lipere tsa hao,
Oa phunyeletsa har’a maqhubu a lona.
16 Eitse ha ke utloa lintho tsena, ka tlala tšabo.
Molomo oa ka oa thothomela ha ke utloa molaetsa.
Empa ke tla emela letsatsi la mahlomola ke khobile matšoafo,+
Etsoe le tla tlela batho ba re hlaselang.
17 Leha sefate sa feie* se ke ke sa thunya
Le lifate tsa morara tsa se ke tsa beha litholoana,
Leha sefate sa mohloaare se ke ke sa beha
Le masimo a ke ke a hlahisa lijo,
Leha mehlape e ka ba sieo sakeng
Le likhomo tsa ba sieo masakeng,
18 Ha e le ’na, ke tla thaba ha ke nahana ka Jehova,
Ke nyakalle ha ke nahana ka Molimo ea mpholosang.+
19 Jehova ’Musi oa Lintho Tsohle o mpha matla.+
O tla etsa hore ke be lebelo joaloka khama,
A ntsamaise libakeng tse phahameng.+
Ho motsamaisi: E bapaloe ka liletsa tsa ka tse likhoele.
Mohlomong e bolela “Ho Shakarela” kapa “Ho Haka.”
Kapa: “hlompheha.”
Kapa mohlomong: “matla a bona ke molimo oa bona.”
Kapa mohlomong: “re ke ke ra shoa.”
Kapa: “selope.”
E leng Bakalde.
Ke nete e tšoasang litlhapi.
Kapa mohlomong: “ba ntše lisabole tsa bona lilateng?”
Kapa: “e ke ke ea bua leshano.”
Kapa: “Le haeba e ka lieha.”
Kapa: “u lule u e letetse.”
Kapa mohlomong: “tumelo.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “u thekesele.”
Kapa: “pina e binoang ka lebaka la ho utloa bohloko.”
Ka Seheberu: “bohareng ba lilemo.”
Kapa: “pholosa.”
Kapa mohlomong: “Metsu.”
Kapa mohlomong: “likano tsa meloko li boletsoe.”
Ka Seheberu: “pola.”
Ka Seheberu: “hlooho.”
Ka Seheberu: “molaleng.”
Ka Seheberu: “melamu ea hae.”
Ka Seheberu: “Masapo a ka a bola.”
Kapa: “feiga.”