Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w80 7/1 maq. 21-28
  • Topollo le ho Pholoha ho oa ha Bojokane

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Topollo le ho Pholoha ho oa ha Bojokane
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BAPHONYOHI BA HO OA HA BOJAKANE BA TŠOANTŠELITSOE E SA LE PELE
  • HO PHOLOHA TIMETSO EA BOLUMELI BOHLE BA BOHATA
  • Buka ea Bibele ea 24—Jeremia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • “Ka Kōpo, Mamela Lentsoe la Jehova”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • “Jehova o Entse Seo a Neng a se Hopotse”
    Molimo o Bua le Rōna ka Jeremia
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Jeremia
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1980
w80 7/1 maq. 21-28

Topollo le ho Pholoha ho oa ha Bojokane

1, 2. (a) Ke neng hona nakong ea mosebetsi oa mang oa boprofeta moo Jubile ea ho qetela e neng e lokela ho etsahala bakeng sa Bajode? (b) Molao oa Jehova ka Moshe o ne o laele Bajode eng ka Jubile?

MEHLENG ea Jeremia selemo sa sabbatha se ne se lokela hore e be nako ea topollo bakeng sa makhoba a Bajode. Selemo sa ho qetela se joalo sa sabbatha se felletse ka 609 B.C.E. ka la 9 Tishri, letsatsi pele ho Letsatsi la Lipheko la Bajode. Batho bahabo Jeremia ba ne ba hlokoa ho boloka lilemo tsa sabbatha ha esale e le hoba ba kene naheng ea Kanana ka 1473 B.C.E. Selemo se seng le se seng sa bo50 ho tloha ka nako eo ho ea pele se ne se lokela ho bolokoa e le selemo sa Jubile, Jubile ka ’ngoe e qala ka Letsatsi la Lipheko. Jubile ea bo17 e tla ipakahatsa e le eona ea ho qetela. E felletse ka 623 B.C.E., nakong ea mosebetsi oa boprofeta oa Jeremia. Joaloka moprista tempeleng Jeremia o ne a tlameha ho utloa molumo oa terompeta e tlerolang e bolelang qaleho ea Jubile eo, selemo se khethehileng sa topollo. Molao oa Jehova joalokaha o fanoe ka moprofeta Moshe o ne o laela hore:

2 “Le tla halaletsa joalo selemo sa mashome a mahlano, ’me le tla tumisa tokoloho naheng ea lōna ho baahi ba sona kaofela; e tla ba Jubile ho lōna. E mong le e mong oa lōna o tla khutlela lefeng la hae, e mong le e mong a khutlele mofuteng oa hae. Selemo seo sa mashome a mahlano e tla ba Jubile ho lōna.”—Lev. 25:10, 11.

3. Molao oa Molimo e ne e le ofe mabapi le selemo se seng le se seng sa bosupa pakeng tsa Lijubile, ’me ke halelele hakae bareki ba makhoba ba Baheberu ba neng ba lokela ho boloka makhoba a Baheberu?

3 Hoa tšoana le sabbatha ea beke le beke, selemo se seng le se seng sa bosupa pakeng tsa Lijubile se ne se lokela ho ba selemo sa sabbatha. (Lev. 25:1-9) Tokisetsong e joalo, molao oa Jehova o ne o re: “Etlare hobane u reke lekhoba la mo-Heberu, le tla u sebeletsa ka lemo tse tšeletseng; ka sa bosupa, le tla tsoa feela, le sa lefe letho.” (Ex. 21:2) “Etlare ha e mong oa banab’eno, e leng mo-Heberu oa monna, kapa oa mosali, a ithekisa ho uena, o tla u sebeletsa ka lilemo tse tšeletseng; empa ka selemo sa bosupa u tla mo khutlisa ho uena a lokolohile.”—Deut. 15:12.

4. Kahoo, selemong sa sabbatha sa 610-609 B.C.E., ke eng e neng e loketse hore e etsoe ke beng ba makhoba ba Baheberu, empa ba nea Molimo lebaka le eketsehileng la ho ba otla joang?

4 Kahoo, mehleng ea Jeremia, ka selemo seo sa sabbatha sa 610-609 B.C.E., ho ne ho le hotle mahlong a Jehova hore Bajode ba nang le makhoba ba etse selekane ka pel’a hae tempeleng e Jerusalema ho lokolla makhoba a bona a Baheberu. Ho sa tsotellehe boemo ba lichaba bo neng bo sokela Jerusalema hakaalo, hona e ne e le tsela ea kutlo hore batho bahabo Jeremia ba e latele. Leha ho le joalo, pele selemo seo sa topollo se fela, bao ba neng ba e-na le makhoba pele ba roba selekane sa bona se hlapanyelitsoeng ’me ba qobella makhoba a bona a pele a banna le a basali hore a khutlele jokong hape. Hona ha se ka ha khahlisa Jehova ea bolokang selekane ’me ha phaella lebaka le leng hore a ba otle.—Jer. 34:8-16.

5. (a) Ke bajaki bafe ba neng ba le Jerusalema ka nako eo ba neng ba sa ameha empa leha ho le joalo ba le kotsing? (b) Phethahatso ea kajeno ea Jerusalema le eona e kotsing joang ka mokhoa o tšoanang, hona e le mohloling ofe?

5 Ka thabo ho se tsotelle hoo bakeng sa selekane se hlapanyelitsoeng se entsoeng ka pel’a Molimo ha hoa ka ha kopaneloa ke batho ba bang ba itseng ba neng ba le Jerusalema ka nako eo ba neng ba tsejoa e le Barekabe, bana ba Jonadabe mora oa Rekabe. (Jer. 35:6-11) Ho ntse ho le joalo, ba ne ba ntse ba le kotsing ea kotlo eo ka tšoanelo e neng e tlela baahi ba Jerusalema ba Bajode. Empa ba ne ba le boemong ba ho sireletsoa ho seo Jehova Molimo a ileng a se bolela ho ea pele ka baka la ho se tšepahale ha boikhabi ha Bajode. Joaloka tabeng ea Jerusalema, mehleng ea Jeremia, mantsoe a tsoelang pele a Jehova a lokela ho khahla Bojakane ba kajeno haholo. Joaloka Jerusalema ka nako eo, Bojakane bo matsatsing a bona a ho qetela a bophelo. ’Muso oa ho qetela oa lefatše o hlileng oa boleloa boprofeteng ba Bibele, ’muso oa lefatše oa borobeli, o har’a rōna hona joale. O ka sebopeho sa Machaba a Kopaneng. O na le karolo ea ho bolaea eo o tšoanetseng ho e phetha ho Bojakane, phethahatso ea kajeno ea Jerusalema. U.N. le moetelli pele oa eona, Selekane sa Lichaba, ha li nkelloa hammoho li na le lilemo tse 60 li phela. (Tšen. 17:7-11) Pele Machaba a Kopaneng a fela, a tla nka bohato!

6. Bojakane, le hoja bo ipolela hore bo emela tokoloho, bo kentse litho tsa bona tse kenang kereke bokhobeng joang?

6 Bojakane, kaha bo ipolela hore ke Bokreste, bo tlameha ho emela tokoloho bohlankeng lefatšeng lena le bokhobeng ba sebe. Ha e le hantle, leha ho le joalo, bo kentse litho tsa bona tsa kereke bokhobeng lefatšeng lena, molemong oa bona. Hona ke hobane bo ikentse motsoalle oa lefatše lena empa sera sa Molimo.—Jak. 4:4.

7. (a) Ba kenang kereke ba Bojakane ba kentsoe bokhobeng ho eng hona ho hanyetseng mang? (b) Ke eng e latelang boprofeteng ba Jeremia eo a biletsoang ho e mamela?

7 Makhoba a moea a Bojakane ke makhoba, e seng a ’muso oa Molimo ka Kreste, empa a lefatše le tsuong le morena le molimo oa lona, Satane Diabolose. (1 Joh. 2:15-17; Ba-Ef. 2:2) Bojakane bo isa batho ba bona ba tsamaeang kereke ho hanyetseng lipaki tseo tsa Bakreste tsa Jehova tse ileng tsa tšoantšetsoa pele ka Jeremia. Joale, ha bo utloe seo joale a ileng a se bolela:

“Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova: Lōna, ha lea ka la nkutloa ho bolela tokollo e mong le e mong ho ngoan’abo, e mong le e mong ho motsoalle oa hae; bonang, ke le bolella tokollo, ho bolela Jehova, e leng ea lerumo, le ea lefu la seoa, le ea tlala, ’me ke le neela ho tsokotseha mebusong eohle ea lefatše. Batho ba robileng selekane sa ka, ba sa phetheng mantsoe a selekane seo ba se entseng pel’a ka ka namane eo ba kileng ba e seha ka lehare, ’me ba feta har’a mekhekhetho ea eona, e leng baholo ba Juda le baholo ba Jerusalema, le matona, le baprista, le sechaba kaofela sa lefatše, ba fetileng har’a mekhekhetho ea namane, ke tla ba neela matsohong a bao e leng lira ho bona le matsohong a ba batlang bophelo ba bona; litopo tsa bona e tla ba lijo tsa manong a leholimo le tsa libatana tsa lefatše. Le eena Tsedekia, morena oa Juda, le mahosana a hae, ke tla ba neela matsohong a ba batlang bophelo ba bona le matsohong a makhotla a morena oa Babylona, a tsoa le khutlela.

“Bonang, kea laela, ho bolela Jehova, ’me ba tla boela ho motse ona, ba o loantše, ba o hape, ba o chese ka mollo, le metse ea Juda ke e etse lefeella le se nang baahi.”—Jer. 34:17-22; bapisa Genese 15:10-18.

8. Leseling la boprofeta boo ba Jeremia, ho tšoantsetšoa eng e sa le pele bakeng sa Bojakane kajeno?

8 Boprofeta boo na bo ne bo tšoantšetsa e sa le pele ho oa ha Bojakane bo oela makhotleng a lefatše ao Jehova a tlang ho a lumella ho bo thibella? Ke eng hape seo bo neng bo ka se tšoantša leseling la se ileng sa oela Jerusalema? Ho haptjoa ha Morena Tsedekia le ho isoa ha hae Babylona, ho ea shoela teng, Jeremia ka kutlo o ne a hlile a mo bolella hona. (Jer. 34:1-7) Ka sebele, he, phethahatsong e kholo ea ketsahalo eo ea boprofeta ea mehleng ea Bibele, ha ho botle bo boloketsoeng marena a Bojakane!

9. Ke neng kamor’a selemo sa sabbatha ho thibelloa ha Jerusalema ho qalehileng, ha nka nako e kae, ’me ke joang motse o ileng oa fetoha ntho e thothometsang ka tšabo ea qetello e joalo?

9 Ka 609 B.C.E., selemo sa sabbatha sa felella ka letsatsi la bo9 la khoeli ea bo7 (Tishri), letsatsi pele ho Letsatsi la Lipheko. Kamor’a moo, mohla letsatsi la bo10 la khoeli ea bo10 (Tebeth) la selemo sona seo, Morena Nebukadnezare le makhotla a hae a sesole a Bababylona ba bula ho thibella ha bona Jerusalema. (2 Mar. 25:1, 2) Ha tosa likhoeli tse robeli ho fihlela Jerusalema e oa, ke hore, ka letsatsi la bo9 la khoeli ea bone ea (Tammuz) ka 607 B.C.E. Ha a leka ho baleha ’me kahoo a hlōle boprofeta ba Jehova, Morena Tsedekia a baleha ho ea fihla feela motseng oa Jeriko, eaba Bababylona ba mo lelekisang ba mo tšoara. Joale ba mo khutlisa ho tla buisana fahleho li tobane le Nebukadnezare le ho isoa botlamuoeng bo se nang tšepo Babylona e rapelang litšoantšo. (Jer. 34:2, 3) Khoeling e latelang, kapa ka la 7 Ab, 607 B.C.E., Jerusalema ea phahloa ’me ea chesoa. Tempele ea eona e silafalitsoeng ea Jehova ha ea ka ea e pholosa. (2 Mar. 25:3-17) Ka sebele ho timetsoa ho sisimosang ha Jerusalema e ne e le ntho e ’ngoe e ka thothometsang lichaba ka tšabo ea tšoaro e joalo matsohong a Bababylona.

10. Na Bojakane bo thothometsoa ke pono eo ea boholo-holo, ’me timetso ea bona e tla qala ka’ng?

10 Leha ho le joalo, makholo a lilemo hamorao matla a hlohleletsang a pono ea ho ba lesupi ha Jerusalema a fifalla Bojakane. Ha bo thothomele. Ketsahalong eo ea boholo-holo ha bo bone mohlala leha e le ofe oa boprofeta o bo lemosang ka timetso ea bona e atamelang ka potlako tekanyong ea lefatše ka bophara. Hona ho tla qalisa timetso ea bolumeli bohle ba bohata mahlomoleng a maholo a kileng a tlela lefatše lena le hananang le Jehova. Ho tla ba joalokaha ho hlile ha boleloa ho Mattheu 24:15-22.

11. Ke neng naha ea Jerusalema e ileng ea siuoa e le lesupi e se na motho le phoofolo e thapileng, ’me na ho ile ha pholoha Jeremia le Baruke feela tlas’a mohau oa Jehova?

11 Joale, he, ekaba ke joang mang kapa mang eo e leng motho a ka pholohang mahlomola a joalo? Ka mokhoa o tšoanang le oo ka oona Jeremia le mongoli oa hae Baruke ba ileng ba pholoha kahlolo e sehlōhō ea lerumo, tlala, lefu la seoa le mollo tsa Jerusalema! Hamorao, khoeling ea bosupa ea selemo seo sa tlokotsi, Jeremia a theoleloa Egepeta ke banna bao ba thothomelang ba neng ba fetohetse puso ea Babylona. Kahoo naha eohle ea ’muso oa Juda ea fetoha lesupi le se nang motho kapa phoofolo e thapileng. (2 Mar. 25:22-26) Kahoo naha ea thabela lilemo tsa sabbatha tse latellanang hantle tse 70. (2 Likron. 36:20, 21) Empa, ntle ho Jeremia le mongoli oa hae Baruke, ba bang ba tlas’a mohau oa Jehova le bona ba pholoha timetso ea Jerusalema le ho etsoa lesupi ha naha ea Juda. Hona ba ne ba ho tiiselitsoe ka Jeremia. Rōna kajeno re lokela ho thahasella taba ea baphonyohi bao, haeba re batla ho pholoha mahlomola a tlang.

BAPHONYOHI BA HO OA HA BOJAKANE BA TŠOANTŠELITSOE E SA LE PELE

12. Baphonyohi bao ba mahlomola a tlang ba hlile ba tšoantšetsoa ka batho bafe ba lulang litenteng, ’me ho etsahetse joang hore Jeremia a ba fumane hare ho Jerusalema?

12 Ke ho bo-mang moo ’Moloki e Moholo oa bophelo ba motho a tlang ho hloma mahlo a hae nakong ea mahlomola a maholo a ke keng a qojoa ao tsamaiso ena e ahlotsoeng e tlang ho timela ho oona? Ho Bakreste bao ba ineetseng ba ba ba kolobetsoa bao a ileng a sebelisa sehlopha se itseng sa baahi ba batšabeli ba Jerusalema hore ba ba tšoantšetse. Metsoalle ena ea Bajode ea ikutloa e tlamehile ho tloha bophelong ba bona ba litente le ho lula ka nakoana ka hare ho Jerusalema kaha ba ne ba sa batle ho ikopanya le liahelo tsa sera se neng se tlile ho tla thibella Jerusalema tlas’a morena oa Babylona, Nebukadnezare. Ntat’a bona moholo e ne e le Jonadabe kapa Johonadabe, mor’a Rekabe. Leha ho le joalo, ba ne ba sa bitsoe Majonadabe, hobane Morena Davida o ne a e-na le ngoana oa ngoan’abo ea neng a bitsoa Jonadabe. Empa ba ne ba bitsoa Barekabe, lebitso lena le ba khetholla hore ha se Baiseraele. Ba ne ba tsebisahala ho Jeremia.

13. Ho boloka selekane ha Baiseraele ho ile ha bapisoa joang le ho boloka kano ha Barekabe, ’me Jeremia a bolelloa hore a etse joang ka Barekabe?

13 Ka lilemo tse fetang 250 ba ne ba tšepahetse selekaneng se neng se beiloe holim’a bona ke moholo-holo oa bona ea tsebisahalang Jonadabe. Baiseraele ba ne ba hlolōa tlalehong e joalo ea botšepehi selekaneng sa Molao seo bo-ntat’a bona moholo ba neng ba kene ho sona le Jehova Molimo ka Moshe e le ’muelli, morao koana ka 1513 B.C.E. Joale, Molimo oo ba neng ba robile selekane sa oona oa rera ho bontša phapang pakeng tsa Baiseraele bana le Barekabe ba bolokang kano. Ka ho loketseng Barekabe joale ba beoa tekong sebakeng se halalelang ho Jehova, tempele ea hae e Jerusalema. A re ho Jeremia: “E-ea ho bana ba Rekabe, ’me u bue le bona; u ba tlise ka tlung ea Jehova, kamoreng e ’ngoe, u ba nee veine ho noa.” (Jer. 35:1, 2) Hona, le hoja ho ne ho tsebisahala hore Barekabe ha ba noe lino tse tahang.

14. Barekabe ba hlalosa ho hana ha bona ho noa veine letsohong la Jeremia joang, hape le ho lula ha bona motseng?

14 Jeremia a etsa kamoo a laetsoeng. (Jer. 35:3-5) Leha ho le joalo, Barekabe ba hana ho noa leha ba neoa ke letsoho la moprofeta. Ba hlalosa:

“Ha re noe veine, hobane Jonadabe, mor’a Rekabe, ntat’a rōna moholo, o na a re laele, a re: Le se ke la noa veine, lōna le bana ba lōna ka ho sa feleng. Le se ke la haha matlo, le se ke la jala lijalo, le se ke la hloma masimo a merara, leha e le ho rua, le mpe le ’ne le lule litenteng ka litšiu tsohle tsa lōna, hore le tle le phele litšiu tse ngata lefatšeng leo le ahellang ho lona.

“Re entse ka lentsoe la Jonadabe, mor’a Rekabe, ntat’a rōna moholo, linthong tsohle tsee a re laetseng tsona, ha a itse: re se ke ra noa veine ka litšiu tsohle tsa rōna, rōna le basali ba rōna, le bara ba rōna le barali ba rōna, re se ke ra haha matlo ho itulela teng, re se be le tsimo ea merara, leha e le tšimo e ’ngoe, leha e le lijalo. Re ’nile ra lula litenteng, ’me re utloile, re bile re entse tsohle tseo Jonadabe ntat’a rōna moholo, a re laetseng tsona. Empa enere ha Nebukadnezare, morena oa Babylona, a futuhela lefatše lena, ra ba ra re: Tlong, re keneng Jerusalema, re tloheng pel’a makhotla a ba-Kalde le pel’a makhotla a ba-Syria; eaba ke moo re ahileng Jerusalema.”—Jer. 35:6-11.

15. Ke ka tsela efe kano e beetsoeng Barekabe e neng e le e sireletsang, ’me ba lokisetsoa joang selekaneng sa Molao oa Moshe?

15 Kano e neng e beetsoe Barekabe e ne e le e sireletsang. Ea ba boloka ba phela bophelo bo bonolo joaloka bajaki naheng ba bile ba arohile litšileng tsa metse. Kaha e ne e se Baiseraele ba tlas’a selekane sa Molao oa Moshe, ba ne ba tšoana le basele menyakong ea Baiseraele ’me ba sa tšoenye baamoheli ba bona ba Baiseraele ka letho. Ba ne ba sa kena-kenane le Baiseraele ho phetheng ha bona selekane sa bona le Jehova, empa, ho e-na le hoo, ba ne ba tsamaea le selekane sa molao ho ea kamoo se sebetsang ho bona. Leha ho le joalo, ha ho fihloa ho noeng lino tse tahang, ba ne ba tšoana le Banazare ba Baiseraele. Ka ho lula ba hlaphohetsoe, likelello tsa bona li ne li lula li le chatsi. Ho futuheloa ha naha ea Juda ke makhotla a Morena Nebukadnezare ho ne ho tla tloha ho ama bophelo ba bona bo bonolo ba litente. Ka tlhaho, ka ho atamela ha BakaIde ba futuhileng, Barekabe ba balehela ka hare ho Jerusalema.

16. Barekabe ba bolokang kano ba hlomella Jehova ka mohlala oo a ka o sebelisang ho tsoa Baiseraele ba robang selekane joang, ’me a ho fumana ho hlokahala ho ba lihela eng?

16 Boikemisetso ba bona bo khomaretsoeng ka tieo kanong ea ho se noe veine, leha ba kōpuoa ke moprofeta le moprista Jeremia, ha hlahlella Jehova ka mohlala oo a ka o sebelisang khahlanong le Baiseraele ba robang selekane. Barekabe ba boloka kano ea bona, le hoja ba ne ba e beetsoe ke motho feela, ntat’a bona moholo. Baiseraele ba roba selekane sa bona sa molao, le hoja se ne se theiloe le Molimo o Holimo-limo, e seng motho feela tjee. Ka nako e loketseng Jehova joale a bolella Jeremia:

“E-ea, u bolelle batho ba Juda le baahi ba Jerusalema, u re: Na le ke ke la amohela thuto, le tle le utloe mantsoe a ka na? Ho bolela Jehova. Ho ntse ho bolokoa mantsoe a Jonadabe, mor’a Rekabe, ao a kileng a laela bara ba hae ka ’ona hore ba se ke ba e-noa veine, ’me ha ba e noe le kajeno, hobane ba ntse ba utloa taelo ea ntat’a bona moholo. ’Me ’na nkile ka ’na ka bua le lōna, ke bua ke ntse ke tsoha e sa le hosasa-sasa; le mpa le sa ka la nkutloa. Nkile ka le romela bahlanka ba ka kaofela, baprofeta, ke ntse ke tsoha e sa le hosasa-sasa, ke ba roma, ke re; Bakang hle e mong le e mong mekhoeng ea hae e mebe, le sokolohe liketsong tsa lōna, le se ke la tsamaela melimo esele ho e sebeletsa, ’me le tla ’ne le ikahele lefatšeng leo nkileng ka le nea lōna le bontat’a lōna moholo; empa ha lea ka la sekeha tsebe, ha lea ka la nkutloa. Athe bara ba Jonadabe, mor’a Rekabe, ba ’nile ba boloka taelo ea ntat’a bona moholo, eo a ba laetseng eona; empa sechaba sena ha sea ka sa nkutloa.

“Ka baka leo, ho itsoe ke Jehova, Molimo oa makhotla Molimo oa Iseraele: Bonang, ke ea hlahisetsa Juda le baahi bohle ba Jerusalema bobe bohle boo ke bo boletseng bakeng sa bona, kahobane nkile ka bua le bona, ’me ha ba ka ba utloa; nkile ka ba bitsa, ’me ha ba ka ba araba.”—Jer. 35:13-17.

17. Ke hobane’ng ha bokoenehi ba Baiseraele bo ka boleloa e le ba ka boomo, ’me ba ne ba ke ke ba pholoha eng?

17 Ho totobetse ka papiso ena ea Barekabe le Baiseraele hore Baiseraele ba neng ba le mohaung o moholo, ka thuso ea baprofeta ba Molimo, ba ne ba e-na le hona ho ka boloka selekane le Jehova Molimo oa bona. O ne a lokiselitse tempele ea hae le boprista ba hae ho nyehela mahlabelo ho etsolla libe tsa bona tseo e seng tsa ka boomo tse entsoeng ka baka la bofokoli ba nama ea bona. Ho sa tsotellehe sena, ba ikhethela melimo e meng, haholo-holo Baale, ’me ba kenyelletsa borapeling ba bona bobe ba mefuta eohle bo neng bo hanetsoe ke molao oa Jehova ka Moshe. Kahoo ho koenehela ha bona selekane sa Molao oa Molimo se neng se hloka borapeli bo hloekileng e ne e le ha ka boomo. Ha bontša ho se hlonephe oona Molimo o ’notsi o phelang le oa ’nete kapa tsona likano tseo ba mo etselitseng tsona. Hona ho ne ho sa bolele letho ho bakoenehi bana ha e se tlokotsi. Ka mabaka a joalo tlokotsi e ke keng ea qojoa e leketlile holim’a Bojakane bohle!

HO PHOLOHA TIMETSO EA BOLUMELI BOHLE BA BOHATA

18. Ke mantsoeng afe a Jeremia ho Barekabe moo “bongata bo boholo” bo nkang tiiso ea ho pholoha ho timetsoa ha Bojakane le motsoalle oa bona, lefatše?

18 Ke mang kajeno ea batlang ho pholoha ho timetsoa le Bojakane le motsoalle oa bona oa hloho ea khomo, tsamaiso ee e hlomphollang Molimo ea lintho? “Ho joalo ka rōna!” kamoo ho bolelang bao ba “bongata bo boholo” ba hlileng ba boleloa ho Tšenolo 7:9-17. Ba fumana tiiso e tiileng tšepisong ea Jehova e ileng ea etsetsoa Barekabe ba bolokang kano, joalokaha ho boletsoe ho Jeremia 35:18, 19, moo re balang: “Ho itsoe ke Jehova oa makhotla, Molimo oa Iseraele: Erekaha le utloile taelo ea Jonadabe, ntat’a lōna moholo, ’me le bolokile litaelo tsa hae kaofela, ’me le entse hohle hoo a neng a le laetse hona; ka baka leo, ho itsoe ke Jehova, Molimo oa Iseraele: Ho ke ke ha hlokeha motho oa Jonadabe, mor’a Rekabe, ea emang pel’a ka le ka mohla o le mong.”

19. (a) Boitšoaro ba Jonadabe ka borapeli ba Baale e ne e le bofe? (b) Mabitso Jonadabe le Jaazania a ela eng hloko, ’me ba ile ba nka bohato bofe ka veine?

19 Kahoo Jonadabe mor’a Rekabe, le hoja e ne e se Moiseraele o ne a ke ke a hloka ngoana ea tla ema a amoheleha pel’a Jehova mona lefatšeng ho isa ka ho sa feleng. Re ke re hopoleng hore Jonadabe enoa e ne e le motšehetsi oa ’nete oa Morena Jehu ha a timetsa borapeli ba Baale ’Musong oa Iseraele oa bokoenehi. (2 Mar. 10:15-28) Lebitso la mora enoa oa Rekabe, ke hore, Jonadabe, le ela hloko Molimo o le mong o phelang le oa ’nete, hobane le bolela “Jehova oa Fana.” Morekabe eo Jeremia a ileng a bolela tšepiso ena ea bomolimo ho eena ke Jaazania, ’me lebitso la hae le bolela “Jah [ke hore, Jehova] oa Utloa.” (Jer. 35:3-5) Ho tšepahaleng kanong ea bona, Jaazania le banab’abo ba ne ba hanne ho noa veine letsohong la Jeremia tempeleng ea Jehova. Moo Jehova a leng teng ba bontša ho tšepahala ha bona kanong ea bona.

20. Le hoja re se na bopaki bo tobileng ba Bibele, re ka tiisa eng ka Barekabe ha Jerusalema e timetsoa, le kamorao ho moo?

20 Jehova a hlonepha botšepehi ba Barekabe bao ’me a tšepisa hore ba ke ke ba felisoa ho hang timetsong e neng e tlela Jerusalema ka 607 B.C.E. Re ka tiisa hore Barekabe ha baa ka ba felisoa moo Jehova a leng teng, hobane o hlonephile lentsoe la hae la tšepiso joalokaha Barekabe ba hlonephile kano ea bona ka veine. Ho ka ’na ha e-ba teng bopaki ba histori ba ho phonyoha ha bona ka mor’a Rekabe Malkija, ea ileng a lokisa monyako oa Jerusalema mehleng ea ’Musisi Nehemia. (Neh. 3:14) Hore na ebe ho teng Barekabe leha e le bafe ba phetseng ho fihlela mehleng ea Jesu Kreste ’me ea e-ba barutuoa ba hae ha hoa tlalehoa ka Lentsoeng la Molimo. Empa e ne e ka ba ho loketseng haholo.

21. Barekabe ba ile ba pholoha koluoa efe ea sechaba, ’me kahoo ho loketse hore ba neng ba tšoantšetsoa ke bona ba kajeno ba pholohe eng?

21 Barekabe ba tlhaho ha ba tsejoe kajeno, empa ho teng ba ba hlahlamang. Ke metsoalle e haufi ea Baiseraele ba moea, ba neng ba tšoantšetsoa ke Jeremia. Barekabe ba boholo-holo ba ile ba pholoha ho timetsoa ha Jerusalema ea bokoenehi. Kaha ba ne ba tšoantšetsa “bongata bo boholo” ba “linku tse ling” tsa Kreste, ke ho loketseng bana ba neng ba tšoantšetsoa ke Barekabe hore ba pholohe ‘mahlomola a maholo’ a lefatše, ao tšobotsi ea oona ea pele e tlang ho ba ho timetsoa ha Bojakane, phethahatso ea Jerusalema.

22. (a) Ke neng ho ileng ha totobatsoa ka lekhetlo la pele hore Jonadabe o ne a tšoantšetsa sehlopha sa ba kang linku se neng se tla pholoha ‘mahlomola a maholo’? (b) Tokollo ea Watchtower ea la 15 ’Mesa, 1935, ea ba memela hore ba tle kae ka ho khethehileng?

22 Moqolo III oa Vindication, o ileng oa lokolloa ka ’Mantaha, ka la 18 Phupu, 1932, Brooklyn, N.Y., e bile oona oa pele ho totobatsa (maqepheng 77-83) hore Jonadabe oa khale o ne a tšoantšetsa sehlopha sa batho ba tšabang Molimo bao, tlas’a tšiereletso ea Molimo, ba neng ba tla feta ba phela ‘mahlomoleng a maholo’ ho kena taolong e Ncha tlas’a ’muso oa Kreste. (Maq. 230-233 a tokollo ea Watchtower ea August 1, 1932) Puo e khahlisang ea puisano “Limillione tse Phelang Hona Joale li ke ke tsa Shoa” ho ne ho nahanoa hore e sebetsa ho bona. Ka ho utloahalang, he, tokollo ea Watchtower ea la 15 ’Mesa, 1935, ea etsa tsebiso ena:

Hape The Watchtower e hopotsa babali ba eona hore kopano ea Lipaki tsa Jehova le Majonadabe e tla tšoareloa Washington D.C., ho tloha ka la 30 Motšeanong le ho felella ka la 3 Phuptjoane, 1935. Tšepo e teng ea hore ba bangata ho masala le Majonadabe ba tla ho fumana ho loketse ho ba teng kopanong ena. Ho tla fihlela mona ba bangata ho Majonadabe ha ba e-s’o fumane tokelo ea ho ba teng kopanong, ’me kopano e Washington e tla ba matšeliso le molemo ka sebele ho bona.—Leq. 114.

23. Majonadabe ao a senoleloa eng kopanong ea Washington D.C, ’me kahoo kolobetso ea metsing ka le hlahlamang ea kopanyelletsa bo-mang ka bongata?

23 Ha fela ha ipakahatsa ho le joalo, hobane moo ka Labohlano, Motšeanong 31, ba senoleloa hore sehlopha sa Majonadabe se tšoana le “bongata bo boholo” bo hlileng ba bonoa ho Tšenolo 7:9-17. Ho bonahala boholo ba ba neng ba kopane ba 840 ba ileng ba kolobetsoa metsing ka le latelang ba ipakile e le Majonadabe kapa phethahatso ea Barekabe.

24. Ka ho pholoha timetso ea Jerusalema ka 607 B.C.E., bana ba Jonadabe ba ne ba boetse ba tšoantšetsa bo-mang kajeno?

24 Jonadabe oa pele o phetse lekholong la lilemo la bo10 B.C.E. ’me ha a ka a bona ho timetsoa ha Jerusalema ka 607 B.C.E. Empa bana ba hae, Barekabe, bao Jeremia a ileng a ba bea tekong, ea ho boloka kano, ba ile ba fela ba bona ho oa ha Jerusalema ’me ba ho pholoha ka mehla. Ka baka la ho tsoa ho Jonadabe, le bona ba tšoantšetsa e sa le pele “bongata bo boholo” bo reretsoeng ho pholoha ho oa ha Bojakane.—Bona You May Survive Armageddon into God’s New World, maqephe 64-67.

25. Ha ho talingoa litšoaneleho tse totobetseng tsa Jonadabe le Barekabe, ke khothatso efe e neoang bao ba neng ba ba tšoantšetsa ba kajeno?

25 Ke moo, he lōna Bakreste ba ineetseng ba ba ba kolobetsoa ba neng ba tšoantšetsoa ke Barekabe bao ba boholoholo! Lōna, joaloka bona, le tlameha ho tloha ho ikhotsofatseng ho tlōtseng, borapeling ba bohata le ho itohella lefatšeng lena, le le etsa motsoalle oa lōna. (Jak. 4:4; 1 Joh. 2:15-17) Le ’ne le etsise Jonadabe mor’a Rekabe ho bontšeng cheseho bakeng sa Jehova le ho hanyetsa borapeli ba kajeno ba Baale, e le hore le ka bona Jehova ka Jehu oa hae e Moholo, Jesu Kreste, ha a senya Bojakane le bolumeli bo bong bohle ba bohata. Ka botšepehi bo kang ba Barekabe, phethahatsang boineelo ba lōna ho Morena ’Musi ea Phahameng Jehova ’me le nke karolo ea lōna ho ntšetseng pele likhahleho tsa ’muso oa hae o khanyang ka Kreste. Hona ho tla le thusa hore le tšoarelle ho lopolloeng lefatšeng lena le tsuong hoo le ho fumaneng, ho fihlela le fetile. Le sebelisa bolokolohi ba lōna bo hlohonolofetseng ho latela thato ea Molimo, le ke ke la ‘felisoa’ ha o bontša boiphetetso ba oona ho lefatše lena le khopo le metsoalle eohle ea lōna, empa le tla ema le amoheleha pel’a oona ’me le putsoe ka bophelo lefatšeng la paradeise tlas’a ’muso oa Mor’a oa oona. Thabo e tla ba e khōlō eo ka eona masala a sehlopha sa Jeremia a tlang ho hlasimoloha ka eona ka lōna!

(Puisano e tsoelang pele ea boprofeta ba Jeremia e tla etsoa ho Molula-Qhooa oa August 1, 1980.)

[Setšoantšo se leqepheng la 24]

Ho Pholoha Ho Oa Ha Bajakane

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela