Ho Etsahetse’ng ka Ho Lebela ha Bokreste?
“SEO ke le bolellang sona, ke se bolella bohle: Lebelang!” Mantsoe ao a Jesu Kreste a ’nile a luma litsebeng tsa Bakreste ba tšepahalang ho theosa le makholo a lilemo. Empa ke litho tse kae tsa likereke tsa Roma e K’hatholike, “Orthodox” e ka Bochabela kapa likereke tse khōlō tsa Boprostanta tse ntseng li e-na le temoso eo e susumetsang e lumang litsebeng tsa tsona?—Mareka 13:37.
Ke hobane’ng ha Bakreste ba ne ba tlameha ho lebela? Jesu o ne a sa tsoa bolela: “Lebelang ke hona; hobane ha le tsebe mohla mong a ntlo a tla tla, . . . e se re, ha a e-tla ka ho le tsometsa, a le fihlela le robetse.” (Mareka 13:35, 36) Kahoo barutuoa ba Jesu ba ne ba tlameha ho lebela bakeng sa ho tla ha Morena oa bona, ke hore, ho tla ha Kreste.
Morero oa ho tla ha Jesu e ne e lokela ho ba ofe? Taelo ea hae bakeng sa ho lebela e ile ea fanoa e le karolo ea karabelo ea hae kōpong ena e nakong ea barutuoa ba hae: “Re bolelle . . . ntho eo e tla ba pontšo ea ho tla [‘ho ba teng,’ NW] ha hao, le ea ho fela ha lefatše.” (Mattheu 24:3) Ho ea ka tlaleho e tšoanang le ena, hoba Kreste a fane ka pontšo ea litšobotsi tse ngata, o boletse: “Ke moo ba tla bona Mor’a motho a e-tla ka leru, ka matla le ka khanya e kholo. Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihloho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse. . . . Etlare ha le bona tseo li hlaha, le tsebe hoba ’muso oa Molimo o haufi.”—Luka 21:27-31.
Mabaka a Matle a ho Lebela
Kahoo, Jesu Kreste o file barutuoa ba hae mabaka a matle a ho lula ba falimehile moeeng bakeng sa ho phethahala ha “pontšo.” Hona ho ne ho tla bolela hore Morena oa bona o ‘teng’ a sa bonahale, hobane ho ne ho sa hlokahale pontšo haeba o ne a tla ba teng ka ’mele oa nama, a bonahala. Empa ho ba teng ha hae ka moea ho ne ho tla boetse ho bolele hore “lefatše” lena le khopo kapa ‘tsamaiso ena e khopo ea lintho,’ e kene ‘bofelong’ ba eona, kapa nakong ea qetello. ’Me ho Bakreste, ho ne ho tla bolela hore ‘topollo ea bona e ne e atametse.’ E, ho ne ho tla bolela hore “’muso oa Molimo o haufi.”
Na ee hase eona tšepo eo Bakreste ba nang le eona? Na hase eona ntho eo Bakreste bohle ba rutiloeng ho e rapella, e leng: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao a le ke le khethehe; ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong”? (Mattheu 6:9, 10) Ho nepa litaba, na Mak’hatholike le ba likereke tse ling ba rapelang Thapelo ea Morena ha ba lokela ho lebela ho bona ha thapelo eo e phethahatsoa? Kapa e be mohlomong lithuto tsa likereke tsa bona li batla li ntšitse moelelo o mongata thapelong eo, hoo ho seng letho le lekaalo leo ba ka lebelang ka baka la lona?
Lebaka leo ba Bangata ba Seng ba sa Lebela
Bakreste ba ne ba tlameha ho lebela pontšo ea ho ba teng ha Kreste (Segerike, pa·rou·siʹa, e fetoletsoeng e le “ho tla” liphetolelong tse ngata tsa Bibele). Hobane’ng? Hobane hona ho ne ho tla bolela hore ’Muso oa Molimo, ho lopolloa ha bona le bofelo ba “lefatše,” kapa ‘tsamaiso ena ea hona joale e khopo ea lintho,’ li haufi. Likereke tse fapaneng tsa Bojakane li lokela hore e be li thusitse litho tsa tsona ho lula li falimehile moeeng e le hore li se ke tsa fumanoa li robetse ha Morena a fihla. Na likereke li phethile thōmo ea tsona ntlheng ee?
Buka ea litšupiso ea litsebi e-ea bolela: “Ha nako e ntse e e-ja babeli parousia e sa etsahale eaba kereke e ntse e e isa nakong e hole haholo, ’me qetellong ea e-ba kotsing ea ho ba karolo ea tumelo e lahloang ka ho feletseng.”—The New International Dictionary of New Testament Theology.
Ho etsahetse feela joalo. Likereke tsa Bojakane li lahlile ho lebela ha Bokreste hoo Jesu a ho laetseng barutuoa ba hae hore ba se ho hlokomolohe le ka mohla. Ha li ea falimehela ho ba teng ha Kreste le ho tla ha ’Muso oa Molimo. Li fane ka mabaka a tsona a ho se amohele “ho fela ha lefatše” kapa “ho fela ha tsamaiso ea lintho” (NW).
Buka ea liphuputso e nang le moqolo o le mong ea Sefora QUID 1984 e fana ka tlhaloso e nakong ea tumelo ea bolumeli mabapi le bofelo ba lefatše. Tlas’a sehlooho “Litšobotsi tsa Bolumeli ba K’hatholike,” e re: “Hona joale ho bonahala Kereke e hlalosa bofelo ba Lefatše e le teko eo motho ka mong a tobanang le eona ha a e-shoa.” Ha e pharalatsa bothata bona, The New Encyclopædia Britannica e-ea bolela: “Likereke tsa khale tse khōlō li behelletse ka thōko tebello ea liketsahalo tsa ho qetela e le e sa reng letho kapa e le tšomo e sa hlokahaleng.”
Kahoo, ke karabelo efe e makatsang empa e le e ke keng ea qojoa potsong e reng “Ho etsahetse’ng ka ho lebela ha Bokreste?” Ho bolailoe ke “likereke tsa khale tse khōlō tsa Bokreste,” ke hore, Roma e K’hatholike, “Orthodox” e ka Bochabela le likereke tse khōlō tsa Boprostanta. Le hoja ho ke ke ha beoa molato holim’a litho tsa likereke tsena, ba bangata ba bona ba ka ’na ba ipotsa hore ke joang hona ke hobane’ng ha kereke ea bona e fane ka mabaka a eona a hanelang tebello ea Bokreste ea ho ba teng ha Kreste, ho tla ha ’Muso oa Molimo le ho fela ha tsamaiso ena e khopo ea hona joale ea lintho. Linnete tsa pale tse isitseng ho sena li tla hlahlojoa sehloohong se latelang.