39 ESTHERE
“Haeba ke Shoa, ke Shoe”
MOSALI e mocha o ea ntlong ea morena, a ntse a atamela moo morena a lutseng teng teroneng ea hae. O ne a tseba hore a ka ’na a shoa haeba a ea ho morena a sa bitsoa. O ne a tšohile haholo, empa a ’na a tsoela pele ho atamela ho morena. Mosali eo e ne e le mang, hona ho tlile joang hore a iphumane a le boemong boo?
Lebitso la hae e ne e le Esthere. Batsoali ba hae ba ile ba shoa a sa le monyenyane, ’me Mordekai motsoal’ae a mo holisa le ho mo hlokomela ’me “ea e-ba morali oa hae.” Ba ne ba lula Shushane, motse-moholo oa Persia, moo Mordekai a neng a sebetsa e le mohlanka oa morena. Esthere o hotse e le moroetsana e “motle a bile a le seemo se setle.”
Ka letsatsi le leng Morena Asueruse (mohlomong e ne e le Xerxes I) o ile a etsa qeto ea hore bahlanka ba hae ba mo khethele mofumahali e motle e mocha, ea neng a e-s’o nyaloe. Kahoo, bahlanka ba morena ba ile ba bona Esthere a le motle eaba ba mo tlisa ntlong ea morena. Pele Esthere a tlosoa ho Mordekai, Mordekai “o ne a mo laetse hore a se ke a bolella mang kapa mang” hore ke Mojuda.
Ka tlung ea morena, “Esthere o ne a ratoa ke bohle ba neng ba mo bona.” O ile a fuoa litlolo tse etsang hore a be motle eaba ka mor’a selemo o isoa ho morena. “Morena a khahloa ke Esthere haholo ho feta basali ba bang bohle.” Esthere e ile ea e-ba mosali oa monna ea matla oa Mopersia. Leha ho le joalo, o ile a tsoela pele a mamela taelo ea Mordekai ’me ha aa ka a bolella mang kapa mang hore ke Mojuda.
Ka nako eo, morena o ile a etsa Hamane tona-kholo, ea e-ba eena moeletsi ea ka sehloohong le letsoho la morena. Hamane o ne a hloile Mordekai hobane o ne a hana ho mo khumamela. Mordekai o ne a hana hobane e ne e le mohlanka ea tšepahalang oa Molimo.Ho bonahala eka Hamane o ne a tsoa sechabeng seo batho ba sona e neng e le lira tsa Jehova. Hamane o ile a halefela Mordekai haholo ’me a rera hore Bajuda bohle ba bolaoe. Ha Mordekai a utloa ka seo, o ile a tšoenyeha haholo, eaba o romella Esthere molaetsa, a mo kopa hore a bue le morena hore a pholose sechaba sa bona sa Bajuda. Esthere o ne a hloka sebete sa ho etsa joalo.
Esthere o ile a hlalosetsa Mordekai hore ho latela molao oa Persia haeba a ka hlaha ka pel’a morena a sa mo bitsa, a ka ’na a ahloleloa lefu. Morena eo o ne a tsebahala e le motho ea bohale. Ho ntse ho le joalo, Mordekai o ile a mo khothatsa a ba a mo hopotsa hore mohlomong e bile mofumahali hore a tle a khone ho pholosa batho ba Jehova. Kahoo, Esthere o ile a ba sebete. O ile a re: “Haeba ke shoa, ke shoe.” Esthere o ile a ba a kopa sechaba sa habo hore se itime lijo ka matsatsi a mararo. Ha ho pelaelo hore eena le sechaba sa Bajuda ba ile ba rapela Jehova ka makhetlo a mangata, ba mo kopa hore a ba thuse. Ka mor’a moo, Esthere o ile a ea ho morena.
Ha Asueruse a bona Esthere a eme lebaleng le ka hare la ntlo ea borena, ha aa ka a halefa ebile ha aa ka a mo ahlolela lefu. Ho e-na le hoo, o ile a mo botsa hore na o batla’ng. Esthere o ile a araba ka hore o kopa ho mo mema, eena le Hamane hore ba tl’o thabela lijo tseo a ba etselitseng tsona. Nakong eo, Esthere o ile a ba bohlale, a ba hlokolosi ka seo a se buang. Ha aa ka a bua ka morero oa Hamane oa ho bolaea Bajuda. Letsatsing le latelang, o ile a boela a mema morena le Hamane moketeng oa bobeli. Pele Hamane a ea moketeng ona oa bobeli o ile a hloma palo eo Mordekai a neng a tla bolaeloa ho eona. Empa leqheka la hae le ile la etsa hore lintho li mo tsamaele hampe.
O ile a tlameha ho susumetsa monna oa hae hore a se ke a felisa batho ba Molimo
Moketeng oa bobeli, Asueruse o ile a boela a botsa Esthere hore na o batla hore a mo etsetse eng. Lekhetlong lena o ile a bua. Ka tlhompho o ile a bolella morena hore ho na le motho ea batlang ho mo felisa le batho ba habo. O ile a re o ne a sa batle ho bua empa a hlokomela hore taba ena e ne e tl’o ama le morena. Morena ka ho makala o ile a botsa hore na motho eo ke mang. Esthere o ile a bolella morena hore monna eo ea khopo ke Hamane. Morena a halefile haholo, a fana ka taelo ea hore Hamane a bolaoe. Hamorao, Hamane o ile a fanyehoa palong eo a neng a e hlometse Mordekai.
Hamane o ne a batla ho felisa Mordekai le batho ba Molimo kaofela Persia. Ho e-na le hore seo se etsahale, Hamane ke eena ea ileng a bolaoa hammoho le lira tsohle tsa Jehova. Kahoo, Jehova o ile a sebelisa mosali enoa ea nang le sebete le tumelo ho pholosa batho ba hae.
Bala litemana tsena:
U ka re’ng?
Esthere o ile a bontša joang hore o sebete?
Etsa Lipatlisiso
1. Ke bopaki bofe bo bontšang hore tlaleho ee ke ’nete? (ia 138, lebokose) A
Ungnad, Arthur. “Neubabylonische Privaturkunden aus der Sammlung Amherst.” Archiv für Orientforschung, vol. 19, 1959, pp. 74–82
Setšoantšo A: Letlapa la boholo-holo la Persia le ngotsoeng Marduka (Mordekai)
2. Ke hobane’ng ha Mordekai a ile a hana ho khumamela Hamane? (ia 131 ¶18)
3. Ke eng e bontšang hore Satane le bademona ba hae ba ne ba rerile ho felisa Bajuda kaofela? (g02 9/8 23 ¶3–24 ¶2) B
Cube. Lot of Yahali, puru. Neo-Assyrian Clay. (YPM BC 021122). Courtesy of the Peabody Museum, Division of Anthropology, Babylonian Collection, Yale University; peabody.yale.edu
Setšoantšo B: Ntho e neng e sebelisetsoa ho lahla lotho mehleng ea khale
4. Esthere le Mordekai ba ile ba thusa ho phethahatsa boprofeta bofe? (ia 142, lebokose)
Nahana ka Seo u Ithutileng Sona
Esthere o ne a le bohlale a bile a mamela le hoja a ne a le hole le batho ba sebeletsang Jehova. Kajeno ke’ng seo bacha ba ka ithutang sona mohlaleng oa hae?
Asueruse o ile a mamela Esthere hobane e ne e le motho ea nang le mamello, ea hlomphang a bile a tšepahala. Basali ba Bakreste ba ka etsisa mohlala oa hae joang? C
Setšoantšo C
Ke ka litsela life tse ling tseo u ka etsisang sebete seo Esthere a ileng a se bontša?
Iphe Nako ea ho Nahana ka Jehova le ka Morero oa Hae
U ithutile’ng ka Jehova tlalehong ee?
Tlaleho ee e amana joang le morero oa Jehova?
U ka rata ho botsa Esthere eng ha a se a tsositsoe?
Ithute Lintlha Tse Ling
Videong e latelang ea ’mino, hlokomela seo bana ba ka ithutang sona mohlaleng oa Esthere.
Ke ka litsela life tseo bara le barali ba bo rona mehleng ee ba etsisitseng mohlala oa Esthere oa ho hlokomela Bakreste-’moho le bona?
Etsisa ba Ileng ba Fumana Litšepiso ka Lebaka la Mamello ea Bona—Mordekai le Esthere (3:05)