Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w79 10/1 maq. 8-13
  • Jehova ha a Lahle Batho ba Hae

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Jehova ha a Lahle Batho ba Hae
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HO NKA BOHATO KA HO TŠEPA JEHOVA
  • LETSOHO LA JEHOVA LE TOTOBALA HAHOLOANYANE
  • BOITSEBAHATSO BO SEBETE LE HO ITŠENOLA KA MATLA
  • MASOABI A FETOHA THABO
  • JEHOVA O TŠEHETSA BATHO BA HAE
  • JEHOVA O LOPOLLA BA LOKILENG
  • Buka ea Bibele ea 17—Esthere
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • O ne a le Bohlale, a le Sebete a Bile a Itetse
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • Topollo ea Bomolimo Polaong ea Sechaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lintlha-khōlō Tsa Buka ea Esthere
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1979
w79 10/1 maq. 8-13

Jehova ha a Lahle Batho ba Hae

“Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae.”—Pes. 94:14.

1, 2. Moprofeta Samuele le mopesaleme ba itse’ng ka kamano ea Jehova le batho ba Hae?

“JEHOVA a ke ke a lahla sechaba sa hae, ka baka la lebitso la hae le leholo.” Moprofeta Samuele o ne a boletse joalo. Ka ho tšoanang, mopesaleme o ne a boletse hore: “Jehova a ke ke a lahla sechaba sa hae, a ke ke a tlohela lefa la hae.”—1 Sam. 12:22; Pes. 94:14.

2 Na uena ka bouena u tšepa mantsoe a joalo? Na Esthere, Mordekai le Bajode ba mehleng ea bona ba ne ba ka tiisa hore Jehova a ke ke a lahla batho ba hae? Re tla bona.

HO NKA BOHATO KA HO TŠEPA JEHOVA

3. (a) Ho etsahala joang ha Esthere, a sa bitsoa, a ea ka pel’a Morena Assueruse? (b) Kōpo ea Esthere ke efe?

3 Joale ke letsatsi la boraro esale Bajode ba tepeletseng ba ’Musong oa Persia ba qala ho itima lijo le ho rapela Jehova. Mofumahali Esthere ea sebete le ea nahanelang o apere serena, ’me, a sa bitsoa, o ema ka lebaleng le ka hare la ntlo ea borena. A le teroneng ea hae, Morena Assueruse o bona mofumahali oa hae. Ebe ke la hae la bofelo? Che. Morena o mo nanabelletsa lere la gauda ’me o atamela a tšoara ntlha ea Iona. Esthere o fumana mohau ho morena ’me o utloa ha morena a botsa: “Oho, mofumahali Esthere, u na le taba efe; u kōpa eng? Leha u ka kōpa karolo ea bobeli ea ’muso u tla e neoa.” Ha a arabela, o memela Assueruse le Tona-kholo Hamane moketeng, ’me memo ea hae e mosa e-ea amoheloa.—Esthere 5:1-5.

4. Kamorao ho mokete oa Esthere, ke eng e senyang thabo ea Hamane?

4 Morena oa Persia le Hamane Moagage ba ba teng moketeng oa Esthere oa veine hona mantsiboeeng ao. Kamorao ho nako, morena o botsa Esthere: “U kōpa eng?” Ha a arabela, Esthere o memela Assueruse le Hamane moketeng oa letsatsi le latelang. Ha a tloha, Hamane o nyakalletse. Empa ha Mordekai ea tšepahalang a sa mo thothomelle, Moamaleke o tlala bohale, le hoja a itšoara. Ha a kena tlung ea hae, Hamane o bitsa mosali oa hae le metsoalle. O sitoa ho tšoara matla a mo phehellang hore a ithorise ’me a ba bolella kamoo Assueruse a mo phahamisitseng ka holim’a mahosana ’ohle le bahlanka ba morena.—Esthere 5:6-11.

5. Mosali oa Hamane le metsoalle ba khothalletsa hore a etse joang ka Mordekai?

5 “Hape,” Hamane a tsoela pele, “mofumahali Esthere ha a ka a mema motho ka ntle ho morena ho tla lijong tseo a li entseng, ha e se ’na; le hosasane hape, ke sa memiloe ho ea ha hae hammoho le morena.” Leha ho le joalo, ho teng ntho e tšoenyang Moagage ea ithorisang haholo, hobane o phaella ka hore: “Empa tseo tsohle li bosula ho ’na, ha ke sa ntse ke bona Mordekai, mo-Jode eno, a lutse pel’a monyako oa morena.” Mosali oa Hamane Zereshe le metsoalle ea hae ba kholisehile hore ba na le pheko. Ba re: “Ho ke ho emisoe sefate se bolelele ba litsoe tse mashome a mahlano, ’me hosasane, u kōpe ho morena hore Mordekai a fanyehoe ho sona; joale uena, u tla ea lijong le morena u thabile.” Ak’u nahane! Setopo sa Mordekai se leketlile sefateng se litsoe li 50 (limithara tse 22) holimo! ‘Ke hantle!’ kamoo ho nahanang Hamane oa moikakasi, ’me o laela hore ho emisoe sefate.—Esthere 5:12-14.

6. Ho tšoana le Mordekai le Esthere, Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno ba bontša boikutlo bofe?

6 Ha re emetse liketsahalo tsa tsatsi le latelang, re na le sebaka sa ho nahanisisa ka tsela ea Mordekai le Esthere. Ka bobeli ba ne ba beile tšepo ea bona ho Jehova ’me ba batla tsamaiso ea hae. Ka baka la ho rata batho ba Jehova, Esthere o bile a tela bophelo ba hae, ka sebete a ea ka pel’a morena a sa bitsoa. Joaloka Mordekai le Esthere, Bakreste ba tlotsitsoeng kajeno ba bontša lerato le joalo bakeng sa batho bohle ba Molimo. ’Me ho sa tsotellehe mahloriso a bahanyetsi ba bolumeli, bahlanka ba Molimo ba kajeno ba nka bohato ba tšepile Jehova ka ho feletseng.

LETSOHO LA JEHOVA LE TOTOBALA HAHOLOANYANE

7. Jehova a ka etsa joang ka baholo ba mebuso hore a phethe thato ea hae?

7 Ha Jehova a ikhethela ho etsa joalo, a ka tsamaisa kapa a laola ba boholong ’musong e le hore a phethe thato ea hae. Ka ho loketseng, ka baka leo, maele a bululetsoeng a bolela hore: “Pelo ea morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, joale ka melatsoana ea metsi.” (Liprov. 21:1; Dan. 2:21) Hlokomela joale kamoo letsoho la Ea Holimo-limo le ileng la totobala haholoanyane mehleng ea Mordekai le Esthere.

8. Ho etsahala joang ka lekhetlo le leng ha Assueruse a sitoa ho robala?

8 Assueruse o sitoa ho robala bosiung bona ba pele ho mokete ona oa bobeli, mohlomong hobane letsoho la Jehova le sebetsa. A fihlela qeto ea hore mohlomong o sitiloe ka tsela e ’ngoe eitseng, morena o etsa hore a balloe buka ea litlaleho. Qetellong, o utloa tlaleho ea botšepehi ba Mordekai ho senoleng leano la ho bolaea la matona a mabeli Bigthane le Tereshe Empa morena o ithuta hore bohato bona bo tšepahalang bo iphetetse feela ntle ho moputso. Joale morena oa Mopersia o fihlela qeto ea hore o tla hlonepha Mordekai.—Esthere 6:1-3.

9. A nahana hore eena ka boeena o tlameha ho hlonephuoa, Hamane o thathamisa hlonepho efe e majabajaba?

9 Hoseng ka le latelang, Hamane ea mano o lumelloa ho kena ka ho Morena Assueruse. Empa pele Moagage ea tletseng polao a ka ntšetsa pele bolotsana ba hae ba ho bolaea Mordekai, morena a botsa: “E ka khona monna eo morena a ratang ho mo hlonepha a etsetsoe’ng?” Hamane pelong ea hae o re: “Morena a ka rata ho hlonepha mang, ha e se ’na?” Ntle ho pelaelo a se a ipona a le karolong ea ea beiloeng bophahamong bo hlonephehang, Hamane o re: ‘Ho ke ho tlisoe pere ea borena e roesitsoe moqhaka oa borena. (Pere feela tjee e sa reng letho ha e-ea lekana Hamane ea phahameng!) Motho eo a ke a apesoe ka seaparo sa morena. Joale, a palame pere mapatlelong a motse, ’me ho boleloe pel’a hae ka lentsoe le phahamileng hore: “Ho etsoa joalo ka motho eo morena ka boeena a mo hlonephang ka thabo.”’—Esthere 6:4-9.

10. (a) Ke nyeliseho efe boikutlong e utluoang ke Hamane? (b) Kamorao ho tšebeletso e hlonephang Mordekai, na Moagage o fumana matšeliso leha e le afe ho mosali oa hae le metsoalle?

10 Assueruse o re, “Phakisa u nke seaparo le pere, joale ka ha u sa tsoa bolela, ’me u etse joalo ho Mordekai, mo-Jode ea lutseng pel’a monyako oa morena, u se ke ua lesa taba leha e le ’ngoe ea tsohle tseo u li boletseng.” Ke nyeliso e kaakang ho Hamane oa moikhohomosi! Empa a ka etsa joang? Ho hlōleha ho lumellana le seo ho ne ho tla bolela lefu hang-hang. Joale kapele Mordekai, a apere seaparo sa borena a palame pere ea morena, o palame mapatlelong a motse ka Hamane ea nyelisitsoeng a ntse a hoa ka pel’a hae, a re: “Ho etsoa joalo ka motho eo morena ka boeena a mo hlonephang ka thabo.” Hamorao, Mordekai o khutlela monyakong oa morena ’me Hamane o potlakela lapeng ha hae, a siame ’me hlooho ea hae e aparetsoe ke lihlong. Mosali oa hae le metsoalle ha ba mo tšelise ka letho, empa ba re: “Ereka ha Mordekai eno eo u qalileng ho oa pel’a hae e le oa mofuta oa ba-Jode, u ke ke ua mo fenya, empa ruri u tla oa pel’a hae.” E, ho mosali oa Moagage le metsoalle ea hae, ’nete ea hore o ile a tlameha ho tsamaisa tšebeletso ea pontšeng e hlonephang Mordekai ho talingoa e le pontšo ea hore Hamane o tla kokobela tlas’a Mojode enoa. Mantsoe ana a e-so ho rothele ka matla ho Hamane ke ha ho fihla matona a morena ’me a mo nka ho ea moketeng oa bobeli oa Esthere.—Esthere 6:10-14.

BOITSEBAHATSO BO SEBETE LE HO ITŠENOLA KA MATLA

11, 12. (a) Esthere o re’ng ka eena le ka batho bahabo moketeng oa hae oa bobeli oo Assueruse le Hamane ba bang teng ho oona? (b) Hamane o itšoara joang ha a khetholloa hore ke eena moetselletsi le molotsana ea mano, empa ke hobane’ng ha Esthere a sa nolofale?

11 Moketeng oo, Assueruse a botsa: “U kōpa eng, mofumahali Esthere?” Ho hlokahala sebete ho arabela, empa mofumahali o re: “Ha ekaba ke fumane mohau mahlong a hao, morena, ha morena a ka lumela, a nke ke fuoe bophelo ba ka ka kōpo ea ka le bophelo ba sechaba sa heso ka qoso ea ka; hobane ho rekisitsoe ka ’na le ka sechaba sa heso hore re felisoe, re bolaoe, re timeletsoe. Hojane ebeba ho rekisitsoe ka rōna, hore re tle re etsoe makhoba a banna le a basali, nka be ke khutsitse, empa motšoenyi a ka sitoa ho lefa seo morena a tla senyeheloa ke sona.”—Esthere 7:1-4.

12 Ke sefe sona seo? E, Mofumahali Esthere ke Mojode, ’me taelo e tsoile ea hore batho bahabo ba felisoe! Assueruse o batla ho tseba hore na ke mang ea ikarabellang. Ka sebete, Esthere o re: “Motšoenyi le sera ke Hamane, motho e mobe enoa.” Mofumahali o entse hantle ka hore Moamaleke ea tšohileng a be teng ha a mo senola. Ka sebete, Esthere o supile Hamane e le ea ikarabellang ka ketselletso e mpe ’me o mo senotse e le molotsana oa mano khahlanong le lithahasello tsa morena oa Persia. A halefile, morena o kena ka lirapeng tsa borena. Hamane ea tšohileng, a tseba hore a ke ke a lebella mohau ho Assueruse, o oela setulong seo Esthere a lutseng ho sona. O ithapella bakeng sa bophelo ba hae. Empa Esthere ha a nolofale, hobane hona ho ka hlonamisa Jehova, ea laetseng hore Baamaleke ba timetsoe ka ho feletseng.—Esthere 7:5-8.

13. Ho etsahala joang ka Hamane ka taelo ea Morena Assueruse?

13 Ha a khutla serapeng, Assueruse o bona Hamane ea tsietsoeng setulong sa Esthere ’me o hoa ka lentsoe le phahamileng: “Na ke hore, o ea tsohela mofumahali matla hona pel’a ka, tlung ea ka na?” Ka potlako, morena o ahlolela Moagage ea khopo lefung. Ka potlako setopo sa Hamane se leketlile hona sefateng sane seo a neng a se etselitse Mordekai. Ke kahoo feela bohale ba morena bo kokobelang.—Esthere 7:8-10.

14. Ke papiso efe ea kajeno e ka etsoang mabapi le ho itsebahatsa ha hae hore ke Mojode le hore ka sebete a senole Hamane e le sera sa batho ba Molimo?

14 Ha re lata litaba morao, re hlokomela hore Esthere ea sebete ha a ka a senola hore ke Mojode feela, empa ka sebete a senola Hamane hore ke sera sa batho ba Molimo. Ka ho tšoanang le kajeno, bao ho tloha ka Ntoa ea I ea Lefatše ba ileng ba fetoha balateli ba tlotsitsoeng ba Jesu Kreste, hammoho le ba pelenyana ba tlotsitsoeng, ka sebete ba itsebahalitse e le Bajode ba moea ’me, ha ba le joalo, e le lipaki tsa Jehova. (Esa. 43:10-12) ’Me ruri ba na le lira. Ka mohlala, joaloka Hamane, baruti ba Bojakane ba batlile ho timetsoa ha batho ba Jehova. Empa Bakreste ba ’nete ka sebete ba senotse lira tsena tse lehloeo tseo mano a tsona a ke keng a li isa kae joaloka ao a Moamaleke ea mona, Hamane. Ho joalo hobane batho ba Jehova, ba buang Lentsoe la Molimo ka sebete, ba tšehelitsoe ka bomolimo hore ba talimane le mano le mahloriso.—Esa. 54:17; Lik. 4:29-31.

MASOABI A FETOHA THABO

15. Ho etsoa joang ka ntlo ea Hamane, hona Mordekai o khetheloa setulo sefe?

15 Assueruse o nea Esthere ea boleletseng morena kamano ea hae le Mordekai ntlo ea Hamane ea bolailoeng. Hape, morena o nka lesale la hae la monoana le neng le nkiloe ho Hamane ’me o le nea Mojode enoa ea tšepahalang, a etsa Mordekai tona-kholo sebakeng sa Moagage. A sebetsa tumellanong le molao oa matla ao a a neiloeng ke morena, Esthere o bea Mordekai holim’a ntlo ea Hamane.—Esthere 8:1, 2.

16. Karabelong ea boipiletso ba Esthere, Assueruse o fana ka matla a ho etsa joang mabapi le Bajode?

16 Hang hape a tela bophelo ba hae lebitsong la batho bahabo, Esthere o ea ka pel’a morena a sa bitsoa ’me o oela maotong a hae a bokolla. Assueruse o nanabetsa lere la gauda ’me Esthere oa ema, a re: ‘Ha morena a lumela le haeba ke fumane mohau mahlong a hae, a ho ngoloe lengolo le tlang ho etsolla leano la Hamane. Nka itiisa joang ho talima kotsi e tla hlahela sechaba sa heso, ’me nka itiisa joang ho talima tšenyeho ea ba mofuta oa heso?’ Kaha melao ea Bamede le Bapersia ha e fetoloe, Assueruse o lumella Esthere le Mordekai hore ba ngole ka lebitso la hae lengolo la molao le loantšanang le leo lebitsong la Bajode.—Esthere 1:19; 8:3-8.

17, 18. (a) Mordekai o etsa joang lebitsong la Bajode ’Musong oa Persia kaofela, ’me ba neoa tokelo efe mabapi le la 13 Adare? (b) Har’a Bajode, ke bohato bofe bo teng taelong e loantšanang le ea pele?

17 Kahoo, tona-kholo e khethiloeng bocha e nka bohato ka potlako. Ka letsatsi la bo23 la Sivane (Motšeanong-Phuptjane) bangoli ba morena ba laeloa ke Mordekai hoba a ba bitse ka taelo e loantšanang le ea pele. E tla tloha e fihla ho Bajode, batho ba bang le matona a ’muso—marena, marenana le mahosana—literekeng tsa Persia tse 127. Mordekai o tiisa bonnete ba mangolo ka ho a tiisa ka lesale la morena la monoana. Ke sefe se tšoeroeng ke molao o mocha? Morena Assueruse o neile Bajode tokelo ea ho phutheha e le bona le ho ikemela bakeng sa meea ea bona, ho timetsa ba bontšang bobe ho bona. E, ba tla tseba ho itoanela ka la 13 ho Adare (Tlhakola-Tlhakubele), letsatsi leo pele le neng le beiloe hore ba felisoe ka lona! Ntle ho tieho ’me ho palangoa ho neelatsanoa, lititimi tse palameng lipere tse lebelo tsa poso li khannela lipere tsa tsona pele, li nkile taelo e loantšanang le ea pele ho e isa likarolong tsohle tsa ’muso o moholo.—Esthere 8:9-14.

18 Ha a tloha ho morena, tona-kholo Mordekai o apere seaparo sa borena sa boputsoa le line. O apere kobo e ntle ea lesela la boea ba nku bo entsoeng hore bo be bopherese bo bofubelu ’me o na le moqhaka o moholo oa gauda hloohong ea hae. Ka sebele, o na le lebaka la ho thaba ka baka la taelo e loantšanang le ea pele. Ha e le hantle, thabo e tletse Susane, ’me qetellong ke monyaka, le lijo le letsatsi le monate bakeng sa Bajode ’musong ‘ohle. Ho feta moo, ho tšaba Bajode ho oela batho, ba bangata ba bona ba sokoloha.—Esthere 8:15-17.

19. Ha ho nahanoa ka leano la Hamane, taelo e loantšanang le ea pele le liketsahalo tse amehang, na u bona khothatso leha e le efe bakeng sa Bakreste ba kajeno?

19 Ho nahana ka se tsoa etsahala ho khothatsa Bakreste ba kajeno. Joalokaha Hamane a ile a loha leano la ho felisa Bajode ba tlhaho, ka ho joalo baeta-pele ba bolumeli ba Bojakane ba batlile ho felisa Bajode ba kajeno ba moea, baena ba Kreste ba moea. Jesu, a sebelisa matla a borena holim’a lefatše joalokaha ho ile ha etsa Assueruse ’Musong oa Persia, o lumelletse liteko tse joalo, empa hape o nolofalelitse balateli ba hae ba tlotsitsoeng hore ba emele bophelo ba bona e le Lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Ho feta moo, liketekete tsa batho ba lipelo li tšepahalang, ho tšoana le basokolohi ba Bapersia ba mehleng ea Esthere, ba eme le Bajode bana ba moea ka ho nka borapeli ba ’nete.—Zak. 8:23; Ba-Gal. 6:16.

JEHOVA O TŠEHETSA BATHO BA HAE

20. Bajode le lira tsa bona ba tsoella joang ka la 13 le 14 Adare?

20 Likhoeli joale li fetile ’me e se e le la 13 ho Adare. Ba phuthehile metseng ea bona, Bajode ba loantša ba batlang ho ba ntša kotsi. Ha ho motho lea mong ea emang a tiile pel’a batho ba Molimo. Ha e le hantle, ba thusoa ke matona a ’muso kaha ho tšaba Mordekai ho oetse banna ba joalo. Empa haholo-holo ke hobane Jehova o ba tšehelitse Bajode ba bolaeang ba ba hloileng. Susane motse oa moreneng feela ho bolaoa batho ba 500, ’me ho bolaoa bara ba Hamane ba 10. ’Musong oohle ho timetsoa lira tse 75 000, empa ha ho kae kapa kae moo Bajode ba tlatlapang thepa. Tumellanong le kōpo ea Esthere, Assueruse o nea Bajode motseng oa moreneng oa Susane letsatsi le leng la ho loana, e leng leo ka lona ba bolaeang batho ba bang ba 300 empa ba sa tlatlape thepa. Hape, litopo tsa bara ba 10 ba Hamane lia fanyehoa. Ba timelitse lira tsa bona, Bajode ba hlōtseng ba etsa Adare 14 literekeng tse ka mathoko le la 15 Susane nako ea ho ja le ho nyakalla.—Esthere 9:1-19.

21. Mordekai o laela Bajode tlamo ea ho boloka mokete ofe selemo le selemo, ’me morero oa oona ke ofe?

21 Jehova o lopolotse batho ba hae ’me ba lokela ho hopola sena. Ka ho loketseng, Mordekai o romela mangolo a ngotsoeng ho Bajode ba ’musong oohle. Hobane’ng? Ho bea ho bona tlamo ea hore selemo le selemo ba keteke la 14 le la 15 ho Adare e le matsatsi a ho ja, ho fana ka limpho le ho nyakalla. Hamorao, lengolo le leng tabeng ena le rōmeloa ho Bajode ka tiiso ea Mofumahali Esthere. Mokete ona oa topollo o bitsoa Purime, lebitso le nkiloeng ketsong ea Hamane ea ho etsa Pure kapa Lotho ho lekanyetsa letsatsi le tšoanelehang haholo bakeng sa ho phethahatsa leano la ho timetsa le ileng la qetella le mo oetse holimo.—Esthere 9:20-23.

JEHOVA O LOPOLLA BA LOKILENG

22. Mordekai, a le setulong se phahameng pusong, o tsoela pele ho etsa joang lebitsong la batho ba Molimo?

22 Ho Esthere, Mordekai le Bajode ba bang tlokotsi e fetile. Jehova ha a lahla batho ba hae. Ha nako e ntse e tsoela pele, Morena Assueruse o qobella mosebetsi o etsoang naheng le lihleke-hlekeng tsa leoatle. (Ka mohlala, neng-neng pusong ea hae o phetha boholo ba mosebetsi oa ho haha o neng o qaliloe ke ntate oa hae Dariuse I Persepolise.) Ea holimo haholo ofising ea ’muso—ha e le hantle, ea hlahlamang morena,—ke Mordekai. Mojode enoa ea tšepahalang, ea amoheloang le ho hlonephuoa ke batho ba ineetseng ba Molimo, o tsoela pele ho sebeletsa molemong oa bona le ho bua tsa khotso ho bana bohle ba bona.—Esthere 10:1-3.

23. Mordekai le Esthere ba ile ba bontša litšaoaneleho life tse ntle?

23 Kannete, Mordekai e ne e le motho oa tumelo, sebete, qeto, botšepehi le bokhabane ho Jehova le ho batho ba Molimo. Esthere e ne e le mosali ea khabane, ea neng a khutsa ha ho hlokahala, empa a bua ntle ho tšabo ka nako e nepahetseng. O ne a amohela keletso e tsoang ho Mordekai, le haeba ho e latela ho bea bophelo ba hae kotsing. Ka sebele, mosali enoa ea motle tšobotsi le ea ikokobelitseng o ile a bontša lerato, ho nahanela le botšepehi ho batho bahabo. Eena le Mordekai ba ne ba tšepile Jehova ka ho feletseng ’me ka thapelo ba batla tataiso ea bomolimo.

24. Ha ho talingoa se etsahetseng litšebelisanong tsa Molimo le Mordekai, Esthere le Bajode ba bang, batho ba Jehova ba ka ba le tšepo ea eng?

24 Ke mehlala e metle hakaakang bakeng sa batho ba Molimo kajeno! Har’a khanyetso le mahloriso, ba sebetsa ba tšoarane ka matsoho, ba tšepahala ho Jehova le bona har’a bona. E, ba tšepile hore Jehova Molimo o tla ba phahamisa le ho ba lopolla, joalokaha a ile a tšehetsa le ho lopolla Esthere, Mordekai le batho bahabo bona. (Ba-Fil. 1:27-30) Ke ’nete, “Mahlomola a ea lokileng a mangata; empa Jehova o mo ntša ho ’ona kaofela.” (Pes. 34:19) Kahoo, thoriso ea Molimo oa rōna e ke e boleloe ’me e se eka ka mehla re ka tšepa eena, hobane Jehova ha a lahle batho ba hae.

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Esthere ha a nolofale ’me Hamane ea khopo o ahloleloa lefu

    Lingoloa Tsa Sesotho Lesotho (1979-2027)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Melao ea Tšebeliso
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela