Ho Beleha ha Moroetsana—Na U Lokela ho ho Kholoa?
KA HOO re tla lipotsong tsena: Na Maria e ne e le moroetsana ha a beleha Jesu? Na ho ne ho hlokahala hore e be moroetsana? Ke hobane’ng ha Jesu a sa ba le ntate oa motho? Re thusoa ho arabela lipotso tsena ka ho hlahloba hore na Jesu o ne a le seng le hore na o ne a rometsoe eng lefatšeng.
Moapostola Johanne o bolela hore pele Jesu a tsoaloa lefatšeng o ne a phela sebakeng sa moea e le Mora oa Molimo oa letsibolo ’me a bitsoa Lentsoe. Ka nako ea teng “Lentsoe le ne le etsoe nama ’me la ba har’a rōna.” (Johanne 1:1-14) Kapa, joalokaha ho boleloa sebakeng se seng ka Bibeleng: “Molimo o romile mora oa oona, ea tsoetsoeng ke mosali.” (Ba-Galata 4:4) Jesu ka boeena o ile a lumela hore ‘[Molimo] ha oa ka rata sehlabelo [sa phoofolo], leha e le nyehelo, empa o ntokiselitse ’mele.’—Ba-Heberu 10:5.
Ho ne ho e-na le mabaka a matla a hore Jesu e be motho, “a tle lefatšeng” la batho. Le ka sehlohong e ne e le ho lopolloa ha lelapa la motho bohlankeng ba sebe, ho se phethahaleng le lefu. Moapostola Pauluse o hlalositse: “Sebe se kene lefatšeng ka motho a le mong, ’me lefu le kene ka sebe, ’me ka mokhoa o joalo lefu le aparetse batho bohle, ka hobane ba sitiloe bohle.” (Ba-Roma 5:12) Hore na Molimo o Matla ’Ohle o ne o tla loana ka katleho le boemo joang, Pauluse o re: “Hobane Molimo o mong feela le muelli mahareng a Molimo le batho o mong, e leng Jesu Kreste motho, ea ineetseng hoba topollo.—1 Timothea 2:5, 6; bapisa 1 Ba-Korinthe 15:21, 22.
E, lefu le tletse batho bohle ka borabele ba ntate moholo oa rona Adama, ’me toka e ne e batla bophelo ba motho e mong ea phethahetseng, e seng ho fetang hoo, kapa ho ka tlase ho moo, hore topollo e tle e be teng ho rekolla monyetla oa bophelo bo sa feleng bakeng sa rona. Ha ho motho ea sa phethahalang ea neng a ka fana ka hoo. (Pesaleme 49:6, 7) Motho e mong o ne a tla tlameha ho theoha sebakeng sa leholimo. Ka ho loketseng, ea neng a ka etsa hona e ne e le Mora oa Molimo oa letsibolo o ne a tlameha ho ba motho ea phethahetseng ’me leha ho le joalo a sa lahleheloe ke bophelo ba hae. Matla a bophelo ba hae a sa tlameha ho fela empa a fallisetsoe leheng la ngoanana oa moroetsana, Maria. Maria, ‘a khurumetsoa ke matla a sireletsang a ea Holimo-limo, a ne a ka hlahisa ’mele o phethahetseng oa lesea Jesu.—Luka 1:35.
Hona hape ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha matla a bophelo a ne a ke ke a hlaha ka motho e motona ea sa phethahalang ka tsela e tloaelehileng. Jesu ea sa phethahalang e ne e ke ke ea e-ba topollo. Leha e le hore o ne a ka fetoha hoba Molimo/motho.
Jehova a khetha moroetsana oa ’mé oa lefatšeng oa Jesu e le hore ho ka hlaka hore ha se mora oa ntate ea sa phethahalang oa motho, empa oa Molimo. Hoja mosali ea nyetsoeng a neoa tlotla ena e kholo lipelaelo li tla ba teng kamehla ka hona.
Re ka bona hore ho beleha ha moroetsana Jesu e ne e le habohlokoa ho sebetsahaleng ha morero oa mathomo oa Jehova Molimo ho ba le lelapa le phethahetseng la motho le phela ka ho sa feleng lefatšeng la paradeise. (Genese 2:7-9, 15-17) Leratong la Oona o ne o tla fana ka topollo. Toka ea Oona e tla finyelloa. Bohlale ba Oona bo hlōle.
Ka hoo, re lokela ho fihlela qeto ea hore tlaleho ea Bibele ka ho beleha ha moroetsana Jesu Kreste ha e-ea lokela ho lahleheloa ke tlotla ka lebaka la litšomo tsa ba lekhonono kapa ka lebaka la mekhabiso e fetelletseng eo e seng ea mangolo a bolumeli. Ho eme ho le joalo, ho hlokahala tumelo ea Bokreste. ’Me ho hokahanya le litebello tsa rona tsa bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3.