Labobeli, la 14 April
U Moahloli oa lefatše lohle ea ahlolang ka toka.—Gen. 18:25.
Hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha hoa itšetleha ka hore na o tla shoa neng. Jehova ke Moahloli ea phethahetseng ’me liqeto tsa hae li lokile ebile li nepahetse. (Pes. 33:4, 5) Re ka kholiseha hore “Moahloli oa lefatše lohle” o tla etsa se nepahetseng.Hape ke ho utloahalang ho etsa qeto ea hore taba ea hore na motho o tla phela ka ho sa feleng kapa che ha ea itšetleha ka hore na o phela hokae. Le ka mohla Jehova a ke ke a ahlola batho ba limilione ka hore ke “lipoli” hobane feela ba phela linaheng tseo ho tsona ba e-s’o ka ba fumana monyetla oa ho ithuta ka molaetsa oa ’Muso. (Mat. 25:46) Moahloli oa lefatše lohle o tsotella batho bana ho feta kamoo rona re ka ba tsotellang kateng. Ha re tsebe hore na Jehova o tla feto-fetola lintho joang nakong ea mahlomola a maholo. Mohlomong ba bang ba batho bana ba tla ba le monyetla oa ho ithuta ka Jehova, ho beha tumelo ho eena le ho ema ka lehlakoreng la hae ha a ikhalaletsa ho lichaba tsohle.—Ezek. 38:16. w24.05 12 ¶14-15
LA 13-19 APRIL
ESAIA 52-53
Pina ea 18 le Thapelo | Seo re Tl’o Ithuta Sona (1 mots.)
Ha Jesu a e’o bolaoa
1. Kannete Jesu o Bontšitse Lerato!
(10 mets.)
Jesu o ne a tla nyefoloa (Esa 53:3; Mat 26:67, 68; w10 11/15 7 ¶2)
Jesu o ile a itumella hore a hlorisoe (Esa 53:7; ip-2 205 ¶25)
Lerato le ile la susumetsa Jesu ho ikemisetsa ho hlokofatsoa e le hore a ka etsa thato ea Jehova le ho jara libe tsa rona (Esa 53:10-12; Joh 14:31; 15:13)
2. Matlotlo a Patiloeng
(10 mets.)
Esa 52:11—Taelo ena e profetiloeng e bolela’ng? (it “Lijana” ¶2)
U ithutile’ng ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
3. ’Malo oa Bibele
(4 mets.) Esa 53:3-12 (th khaolo ea 10)
4. Ha u Qala Moqoqo
(4 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo. (lmd thuto ea 4 ntlha ea 4)
5. Ha u Qala Moqoqo
(3 mets.) KA NTLO LE NTLO. Buisana le mong’a ntlo ka ntlha e hlahang tlasa lintlha tsa A bukaneng ea Rata Batho. (lmd thuto ea 3 ntlha ea 3)
6. Khutlela ho Batho
(5 mets.) KA NTLO LE NTLO. Kopa ho ithuta Bibele le mong’a ntlo ea neng a ile Sehopotsong. (lmd thuto ea 8 ntlha ea 3)
Pina ea 20
7. E-ba Motsoalle oa Jehova—Ketso e Kholohali ea Lerato
(15 mets.) Puisano.
Shebellang VIDEO ebe u botsa bamameli lipotso tsena:
Jehova le Jesu ba re file mpho efe?
Re ka bontša joang hore re ananela sehlabelo sa hae?
8. Thuto ea Bibele ea Phutheho
(30 mets.) lfb thuto ea 76-77