Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labohlano, la 10 November

O ne a ntse a re: “Haeba nka ama liaparo tsa hae tsa ka ntle feela ke tla fola.”—Mar. 5:28.

Jesu o ne a tseba hore ke Jehova ea folisitseng mosali eo, ’me ka mosa a re ho eena: “Morali, tumelo ea hao e u folisitse. Tsamaea ka khotso, ’me u fole boloetseng ba hao bo bohloko.” (Mar. 5:34) Ruri hoa thabisa ho bona kamoo Jesu a neng a rata batho kateng, haholo-holo ba kulang. Satane eena ha a re rate, ebile o batla re lumele hore ha re na thuso le hore ha ho na motho ea re ratang. Empa mehlolo ea Jesu e bontša hore o oa re tsotella le hore o amehile ka mathata a rōna. Rea leboha hore ebe re na le Morena le Moprista ea Phahameng ea lerato ka tsela ena! (Baheb. 4:15) Re ka ’na ra thatafalloa ho utloisisa kamoo motho ea kutseng nako e telele a ikutloang kateng, haholo-holo haeba re sa kule. Empa nahana ka Jesu. O ne a qenehela batho ba kulang, le hoja ho se mohla a kileng a kula. E se eka re ka etsa sohle se matleng a rōna ho etsisa tsela eo a neng a bontša lerato ka eona.—1 Pet. 3:8. w15 6/15 2:11, 12

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 6-12 NOVEMBER, 2017

18 “Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela