Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Labone, la 9 November

Kreste ke matla a Molimo.—1 Bakor. 1:24.

Jehova o ile a sebelisa Jesu Kreste ho bonahatsa matla a hae ka tsela e hlollang. Ha Jesu a ne a le lefatšeng, o ile a etsa mehlolo. Re ka bala e meng ea eona ka Bibeleng, ’me ea re matlafatsa tumelong. (Mat. 9:35; Luka 9:11) Jehova o file Jesu matla a maholo, hoo moapostola Pauluse a neng a ka re: “Kreste ke matla a Molimo.” Empa mehlolo eo Jesu a e entseng e re ama joang? Ke hobane’ng ha Pauluse a ile a re “Kreste ke matla a Molimo”? Moapostola Petrose o re Jesu o ile a etsa “limakatso,” kapa mehlolo. (Lik. 2:22) Mehlolo ee e re ruta’ng? E re bontša lintho tseo Jesu a tla li etsa nakong ea Puso ea hae ea Lilemo Tse Sekete. Ka nako eo, o tla etsa mehlolo e meholo le ho feta e tla tsoela batho bohle molemo. Mehlolo eo a e entseng e boetse e re thusa ho utloisisa litšobotsi tseo eena le Ntate oa hae ba nang le tsona. w15 6/15 1:1, 2

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 6-12 NOVEMBER, 2017

18 “Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela