Labohlano, la 17 November
Ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.—Baef. 4:13.
Moapostola Pauluse o ne a batla hore Bakreste ba Efese ba hōle tsebong. O ile a ba khothalletsa hore ba momahane tumelong ’me ba tsoele pele ho ithuta ka Jesu, e le hore e be ‘banna ba hōlileng ka ho feletseng, ho isa tekanyong ea boholo ba botlalo ba Kreste.’ (Baef. 4:13) E ne e se e le lilemo phutheho ea Efese e thehiloe ha Pauluse a e ngolla lengolo. Bakreste ba bangata phuthehong eo, ba ne ba e-na le phihlelo, ’me ba hōlile tsebong. Empa ho ne ho hlokahala hore ba bang ba bona ba matlafatse kamano ea bona le Jehova. Le kajeno, bara le barali babo rōna ba bangata ba sebelelitse Jehova ka nako e telele ’me ke Bakreste ba hōlileng tsebong. Leha ho le joalo, ba bang ka phuthehong ha ba e-s’o fihle boemong boo. Ka mohlala, ho kolobetsoa batho ba likete selemo le selemo, kahoo, ba bang ba ntse ba lokela ho hōla tsebong. Uena?—Bakol. 2:6, 7. w15 9/15 1:2, 3