Sontaha, la 12 November
Maholimo ke terone ea ka, ’me lefatše ke setuloana sa ka sa maoto.—Esa. 66:1.
Ka Mangolong a Seheberu lentsoe “setuloana” le boetse le sebelisetsoa ho hlalosa tempele ea boholo-holo ea Iseraele. (1 Likron. 28:2; Pes. 132:7) Tempele ena e ne e le ntle haholo ho Jehova hobane e ne e le setsi sa borapeli ba ’nete. Hape e ne e sebelisetsoa ho tlotlisa Jehova lefatšeng. (Esa. 60:13) Setsi sa borapeli ba ’nete ke sefe kajeno? Hase mohaho o kang tempele. Empa ke tempele ea moea ’me e tlotlisa Jehova ho feta mohaho leha e le ofe. Tempele ea moea ke’ng? Ke tokisetso eo Molimo a e sebelisang, ho nolofalletsa batho hore e be metsoalle ea hae le ho mo rapela. Sena se etsahala feela ka lebaka la sehlabelo sa Jesu sa thekollo. E qalile ho sebetsa ka selemo sa 29 C.E. ha Jesu a ne a kolobetsoa ’me a tlotsoa ho ba Moprista ea Phahameng tempeleng ea moea ea Jehova.—Baheb. 9:11, 12. w15 7/15 1:1-3
BEKE EA LA 6-12 NOVEMBER, 2017
18 “Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”