Sontaha, la 19 November
Ke hobane’ng ha u tuka ke bohale ’me ke hobane’ng ha sefahleho sa hao se sosobane? Haeba u fetoha hore u etse se molemo, na ho phahamisoa ho ke ke ha e-ba teng? . . . Na u tla laola [sebe]?—Gen. 4:6, 7.
Ha Jehova a bona hore Kaine o mothating oa ho etsa se fosahetseng, o ile a leka ho mo thusa. Empa Kaine o ile a hana thuso ea Jehova, kahoo a khola litholoana tse babang. (Gen. 4:11-13) Ka nako e ’ngoe, Jehova o ile a hlokomela hore boikutlo bo fosahetseng ba Baruke bo etsa hore a khathale a be a nyahame. Kahoo Jehova o ile a bolella Baruke hore monahano oa hae o fosahetse le hore o lokela ho fetoha. Baruke o ile a mamela keletso ea Jehova, ’me a tsoela pele a phela. (Jer. 45:2-5) Jehova o re tataisa le ho re khalemela hobane a re rata. O oa re laea ha ho hlokahala, ’me o boetse o oa re koetlisa. (Baheb. 12:6) Ka Bibeleng, re bala ka bahlanka ba tšepahalang ba Jehova bao a ileng a ba koetlisa hore e be batho ba molemo. Lintho tseo ba ileng ba ithuta tsona ha ba ntse ba tobane le liteko li ile tsa ba thusa ha Jehova a ba fa boikarabelo bo eketsehileng. w15 9/15 4:12, 13