Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 13 November

Ba tla bona Mor’a motho a tla ka leru ka matla le khanya e khōlō.—Luka 21:27.

Ena e tla ba nako ea ho putsa ba tšepahalang le ea ho fana ka kotlo ho ba sa tšepahaleng. (Mat. 24:46, 47, 50, 51; 25:19, 28-30) Jesu o ile a etsa papiso ho hlalosa ntlha ena. O ile a re: “Ha Mor’a motho a fihla ka khanya ea hae, ’me mangeloi ’ohle a e-na le eena, joale o tla lula teroneng ea hae e khanyang. Lichaba tsohle li tla bokelloa ka pel’a hae, ’me o tla arola batho e mong ho e mong, feela joalokaha molisa a arola linku ho lipōli. O tla beha linku ka letsohong la hae le letona, empa lipōli a li behe ka ho la hae le letšehali.” (Mat. 25:31-33) Ho tla etsahala’ng ka linku le lipōli? Li tla ahloloa. Lipōli, e leng batho ba sa tšepahaleng, “ba tla ea phelisong e sa feleng.” Empa linku, kapa batho ba tšepahalang, ba tla fumana bophelo bo sa feleng.—Mat. 25:46. w15 7/15 2:11, 12

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 13-19 NOVEMBER, 2017

23 “Lentsoe la Molimo . . . le Fana ka Matla”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela