Labobeli, la 21 November
Jesu o ne a rata Maretha le morali’abo le Lazaro.—Joh. 11:5.
Bibele e re Maretha e ne e le motsoalle oa Jesu, ’me Jesu a mo rata. Ke ’nete hore hase eena feela mosali eo Jesu a neng a mo rata a bile a mo hlompha. Ka mohlala, Maria ngoan’abo Maretha le eena e ne e le motsoalle oa Jesu. Jesu o ne a boetse a rata ’mè oa hae, Maria. (Joh. 19:25-27) Ebe ke hobane’ng ha Jesu a ne a rata Maretha? Jesu o ne a rata Maretha hobane o ne a le mosa, a le seatla se bulehileng, ebile a sebetsa ka thata. Empa habohlokoa le ho feta, Jesu o ne a mo rata hobane o ne a e-na le tumelo e matla. O ne a lumela lintho tsohle tseo Jesu a li rutang, ebile a kholisehile hore ke Mesia ea tšepisitsoeng. (Joh. 11:21-27) Leha ho le joalo, Maretha o ne a sa phethahala. O ne a etsa liphoso joaloka rōna bohle. Ka mohlala, ka lekhetlo le leng ha Jesu a ba etetse, Maretha o ile a koatela Maria, ’me a re Jesu a mo khalemele. Maretha o ile a re: “Morena, na ha ho tsotellehe ho uena hore ebe morali’eso o ntšiile ke le mong hore ke hlokomele lintho? Ka hona, mo bolelle hore a nthuse.”—Luka 10:38-42. w15 10/15 3:1, 2