Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
November
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2017

Mantaha, la 6 November

Le lahlela matšoenyeho ’ohle a lōna ho eena, hobane oa le tsotella.—1 Pet. 5:7.

Ke hobane’ng ha ka linako tse ling Jehova a sa arabe lithapelo tsa rōna hang-hang? Bibele e re Jehova ke Ntate oa rōna ’me re bana ba hae. (Pes. 103:13) Motsoali ha a fe ngoana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e kōpang, kapa a mo fe eona hang-hang. O oa tseba hore ngoana a ka ’na a fetola maikutlo eaba o se a batla ntho e ’ngoe e fapaneng. Ntate o boetse o oa tseba hore na ke’ng e ka tsoelang ngoana molemo le hore na ntho eo a e kōpang e ka ’na ea ama ba bang joang. O tseba seo ngoana a se hlokang le hore na o se hloka neng. Haeba ntate a fa ngoana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e kōpang hang-hang, ntate e tla be e le lekhoba la ngoana. Jehova, Ntate oa rōna ea leholimong o oa re rata. Kaha ke ’Mōpi oa rōna ea bohlale, o oa tseba hore na re hloka eng ’me o khetha nako e molemo ea ho re fa seo re se kōpang. Re lokela ho letela Jehova le ho bona kamoo a arabang lithapelo tsa rōna kateng.—Esa. 29:16; 45:9. w15 4/15 4:6, 7

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | September

BEKE EA LA 6-12 NOVEMBER, 2017

18 “Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela