Laboraro, la 8 November
Ba ile ba li bonela hōle ’me ba li amohela.—Baheb. 11:13.
Abrahama o ne a tseba hore nakong e fetileng Jehova o ’nile a phethahatsa litšepiso tsa hae, kahoo o ne a kholisehile hore litšepiso tsohle tsa Jehova tsa nakong e tlang le tsona li tla phethahala. Kaha Abrahama o ne a e-na le tumelo litšepisong tsa Jehova, o ile a tsoela pele ho etsa seo Jehova a mo laelang sona. Ka mohlala, o ile a tloha motseng oa habo oa Ure ’me a qeta bophelo bohle ba hae e le mojaki metseng e meng. O ne a tseba hore metse eo e ke ke ea e-ba teng ka ho sa feleng, kaha babusi ba eona ba ne ba sa sebeletse Jehova. (Josh. 24:2) Empa o ne a lebeletse nako eo ka eona Jehova ka puso ea hae a tlang ho busa ka ho sa feleng lefatšeng. Puso ena ke “motse o nang le metheo ea sebele, motse oo sehahi le moetsi oa oona e leng Molimo.” (Baheb. 11:10) Abrahama, Abele, Enoke, Noe hammoho le ba bang, ba ne ba lumela tsohong. Nako le nako ha ba ne ba nahana ka ho phela ka ho sa feleng paradeiseng lefatšeng, tumelo ea bona e ne e tiea le ho feta litšepisong tsa Jehova.—Baheb. 11:15, 16. w15 5/15 3:8, 9
BEKE EA LA 6-12 NOVEMBER, 2017
18 “Lentsoe la Molimo oa Rōna, le . . . Tšoarella ho Isa Nakong e sa Lekanyetsoang”