Laboraro, la 15 November
[Molimo] oa u tsotella.—1 Pet. 5:7.
Ho na le litsela tse ngata tseo re ka bontšang Jehova ka tsona hore rea mo rata. Ka mohlala, re ka bontša lerato la rōna ho Jehova ka ho bolella ba bang litaba tse molemo tsa ’Muso ka cheseho. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Re ka boetse ra bontša lerato la rōna ho Molimo ka ho mamella liteko ka botšepehi. (Pes. 84:11; Jak. 1:2-5) Esita le haeba re tobana le liteko tse matla, re ka kholiseha hore Jehova o bona mahloreho a rōna le hore o tla re thusa, kaha o re nka re le ba bohlokoa. (Pes. 56:8) Lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa hore re thuise ka lintho tsohle tse babatsehang tseo a li bōpileng. Re bontša Jehova hore rea mo rata le hore re rata Lentsoe la hae, ka ho ba liithuti tse hloahloa tsa Bibele. Kaha rea mo rata, ’me re batla ho matlafatsa kamano ea rōna le eena, re mo rapela kamehla. Ho feta moo, re thuisa ka mpho e babatsehang ea thekollo, ’me seo se etsa hore re mo rate le ho feta. (1 Joh. 2:1, 2) Tsena ke tse ling tsa litsela tse ngata tseo re ka bontšang Jehova ka tsona hore re ananela lerato la hae le tšoarellang. w15 8/15 1:6, 17, 18