Laboraro, la 10 January
Kaofela re ile ra amohela . . . mosa o sa tšoanelang holim’a mosa o sa tšoanelang.—Joh. 1:16.
Ka le leng, mong’a tšimo ea morara o ile a tsohella ’marakeng ho ea hira batho ba tla sebetsa tšimong ea hae. Batho bao a ileng a ba fumana ba ile ba lumela moputso oo a neng a re o tla ba fa oona eaba ba qala ho sebetsa. Mong’a tšimo o ne a hloka basebetsi ba bang, kahoo o ile a ’na a khutlela ’marakeng motšehare ho ea batla ba eketsehileng, a tšepisa ho fana ka moputso o loketseng le ho bao a ba hirileng motšehare oa mantsiboea. Ha e e-ba shoalane, o ile a bokella basebetsi hore a tl’o ba lefa, eaba kaofela o ba fa moputso o lekanang, ho sa tsotellehe hore na ba sebelitse lihora tse ngata kapa hora e le ’ngoe feela. Ha ba hiriloeng pele ba hlokomela sena, ba ile ba tletleba. Mong’a tšimo o ile a re: ‘Na ha rea ka ra lumellana ka moputso oo? Na ha ke na tokelo ea ho fa basebetsi ba ka moputso oo ke batlang ho ba fa oona? Le mona hobane ke le seatla se bulehileng?’ (Mat. 20:1-15) Papiso ena ea Jesu e re hopotsa a mang a makhabane a Jehova ao Bibele e atisang ho bua ka ’ona, e leng ‘mosa oa hae o sa tšoanelang.’—2 Bakor. 6:1. w16.07 3:1, 2
La 8-14 January
MATHEU 4–5
Pina ea 93 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Lintho Tseo re Ithutang Tsona Thutong ea Jesu ea Thabeng”: (10 mets.)
Mat. 5:3—Thabo e tlisoa ke ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova (nwtsty litlhaloso)
Mat. 5:7—Ho ba mohau le ho ba le kutloelo-bohloko ho tlisa thabo (nwtsty litlhaloso)
Mat. 5:9—Ho bopa khotso ho tlisa thabo ( nwtsty litlhaloso; w07 12/1 17)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 4:9—Satane o ile a re Jesu a mo etsetse ketso efe? (nwtsty litlhaloso)
Mat. 4:23—Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li etsa? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 5:31-48
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho se leqepheng le qalang.
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w16.03 31-32—Sehlooho: Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng, kapa o ile a mo bontša eona ponong?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Thaba ba Ileng ba Hlokofatsoa ka Lebaka la ho Rata ’Nete: (9 mets.) Bapala video ea Lelapa la ha Namgung le Kena Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea bona ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona videong eo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).
“U ka Bopa Khotso le Mor’eno Joang?”: (6 mets.) Puisano. Hlahloba hore na ke hobane’ng ha bohato ba ho qetela lethathamong ka leng e le bo nepahetseng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 2 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 24
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 130 le Thapelo