Labobeli, la 9 January
Lulang le butse mahlo ’me le itebele khahlanong le ho chacheha ka mohono ha mofuta o mong le o mong.—Luka 12:15.
Satane o batla hore re be makhoba a Maruo, eseng a Jehova. (Mat. 6:24) Batho ba qetang nako e ngata ba sebeletsa ho ba le chelete e ngata ba phela bophelo bo se nang morero. Hape ha baa thaba ’me ha ba na kamano e ntle le Molimo. (1 Tim. 6:9, 10; Tšen. 3:17) Ba boemong bo tšoanang le boo Jesu a buileng ka bona papisong ea hae ea mojali. Ha peo ea Lentsoe la Molimo e jetsoe “har’a meutloa . . . , litakatso tsa lintho tse ling kaofela lia hlasela ’me li bipetsa lentsoe, ’me e ba le sa beheng.” (Mar. 4:14, 18, 19) Le rona ena ha se nako ea ho ipokella ka maruo, kaha re haufi le bofelo ba tsamaiso ena ea lintho. Ha rea lokela ho lebella hore re tla pholoha le thepa leha e le efe ea rona nakong ea matšoenyeho a maholo, ho sa tsotellehe hore na ke ea bohlokoa hakae.—Liprov. 11:4; Mat. 24:21, 22. w16.07 1:5, 6
La 8-14 January
MATHEU 4–5
Pina ea 93 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Lintho Tseo re Ithutang Tsona Thutong ea Jesu ea Thabeng”: (10 mets.)
Mat. 5:3—Thabo e tlisoa ke ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova (nwtsty litlhaloso)
Mat. 5:7—Ho ba mohau le ho ba le kutloelo-bohloko ho tlisa thabo (nwtsty litlhaloso)
Mat. 5:9—Ho bopa khotso ho tlisa thabo ( nwtsty litlhaloso; w07 12/1 17)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 4:9—Satane o ile a re Jesu a mo etsetse ketso efe? (nwtsty litlhaloso)
Mat. 4:23—Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li etsa? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 5:31-48
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho se leqepheng le qalang.
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w16.03 31-32—Sehlooho: Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng, kapa o ile a mo bontša eona ponong?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Thaba ba Ileng ba Hlokofatsoa ka Lebaka la ho Rata ’Nete: (9 mets.) Bapala video ea Lelapa la ha Namgung le Kena Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea bona ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona videong eo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).
“U ka Bopa Khotso le Mor’eno Joang?”: (6 mets.) Puisano. Hlahloba hore na ke hobane’ng ha bohato ba ho qetela lethathamong ka leng e le bo nepahetseng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 2 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 24
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 130 le Thapelo