Laboraro, la 17 January
Ho ne ho se le ea mong oa bona ea tsebang ho bua Sejuda.—Neh. 13:24.
Ho se khone ho utloisisa hantle seo Lentsoe la Molimo le se rutang ka puo e ’ngoe ho ka thefula kamano ea rona le Molimo. Lilemong tsa bo-401 ho ea ho 500 pele ho mehla ea Kreste, Nehemia o ile a tšoenyeha ha a hlokomela hore bana ba bang ba Bajuda ba neng ba khutletse Jerusalema ho tsoa Babylona ba ne ba sa tsebe ho bua Seheberu. Bana bao ba ne ba sa khone ho latela litaelo tsa Molimo ka ho feletseng kaha ba ne ba sa utloisise hantle melao ea hae. (Neh. 8:2, 8) Batsoali ba bang ba Bakreste ba sebeletsang naheng e ’ngoe ba hlokometse hore thahasello ea bana ba bona lithutong tsa Molimo e thefulehile. Hobane’ng? Ha re bala ka puo e ’ngoe, seo re ithutang sona se ka ’na sa se thopothele lipelong tsa rona hantle joalokaha re bala ka puo ea rona. Ho feta moo, ho se khone ho itlhalosa hantle ka puo e ’ngoe ho ka re khathatsa kelellong le maikutlong. Kahoo, ha re ntse re ikitlaetsa ho sebeletsa Jehova naheng e ’ngoe, re lokela ho sireletsa kamano ea rona le Molimo.—Mat. 4:4. w16.10 2:4-6
La 15-21 January
MATHEU 6-7
Pina ea 40 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ’Ne le Batle ’Muso Pele”: (10 mets.)
Mat. 6:10—Thapelong ea mohlala eo Jesu a ileng a e etsa, ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a ileng a re re li rapelle (bh 168 ¶11)
Mat. 6:24—Re ke ke ra sebeletsa Molimo le “Maruo” (nwtsty litlhaloso)
Mat 6:33—Jehova o tla fa bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang ha feela ba tsoela pele ho nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong ba bona (nwtsty litlhaloso; w16.07 12 ¶18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 7:12—Re ka sebelisa temana ee joang ha re lokisetsa taba eo re tla bua ka eona tšimong? (w14 5/15 14-15 ¶14-16)
Mat. 7:28, 29—Batho ba bangata ba ile ba susumetsoa joang ke lithuto tsa Jesu, hona hobane’ng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 6:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana motho e mong.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le be le bue ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Khaotsang ho Tšoenyeha”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Lintho Tseo re Ithutang Tsona Lipapisong Tsa Jesu—Ithute ho Linonyana le Likhahla.
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶1-7 le lebokose le leqepheng la 29
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 87 le Thapelo