Labohlano, la 12 January
Monna a ke a fe mosali oa hae tokelo ea mosali; empa mosali le eena a etse ka ho tšoanang ho monna oa hae.—1 Bakor. 7:3.
Bibele ha e bolele ka ho toba hore na banyalani ba lokela ho etsa’ng ha ba kopanela liphate, empa e bontša hore ba lokela ho bontšana lerato le mofuthu. (Sefela 1:2; 2:6) Banyalani ba Bakreste ba lokela ho tšoarana ka mosa. Haeba re rata Molimo le balekane ba rona e le kannete, ha re na ho lumella letho ho senya tlamo ea rona ea lenyalo. Manyalo a mang a na le mathata kapa aa qhalana hobane molekane e mong a lemaletse ho sheba litšoantšo tse tsosang takatso. Motho ea lenyalong o lokela ho loantša tšekamelo ena kapa takatso leha e le efe ea ho kopanela liphate le motho eo e seng molekane oa hae. O lokela ho qoba esita le ho fana ka maikutlo a hore o thahasella motho e mong, kaha seo ha se bontše hore o rata molekane oa hae. Re lokela ho hopola hore Molimo o bona menahano le liketso tsa rona, kaha seo se tla matlafatsa boikemisetso ba rona ba ho lula re hloekile.—Mat. 5:27, 28; Baheb. 4:13. w16.08 2:7-9
La 8-14 January
MATHEU 4–5
Pina ea 93 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Lintho Tseo re Ithutang Tsona Thutong ea Jesu ea Thabeng”: (10 mets.)
Mat. 5:3—Thabo e tlisoa ke ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova (nwtsty litlhaloso)
Mat. 5:7—Ho ba mohau le ho ba le kutloelo-bohloko ho tlisa thabo (nwtsty litlhaloso)
Mat. 5:9—Ho bopa khotso ho tlisa thabo ( nwtsty litlhaloso; w07 12/1 17)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 4:9—Satane o ile a re Jesu a mo etsetse ketso efe? (nwtsty litlhaloso)
Mat. 4:23—Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li etsa? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 5:31-48
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho se leqepheng le qalang.
Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w16.03 31-32—Sehlooho: Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng, kapa o ile a mo bontša eona ponong?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho Thaba ba Ileng ba Hlokofatsoa ka Lebaka la ho Rata ’Nete: (9 mets.) Bapala video ea Lelapa la ha Namgung le Kena Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea bona ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona videong eo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).
“U ka Bopa Khotso le Mor’eno Joang?”: (6 mets.) Puisano. Hlahloba hore na ke hobane’ng ha bohato ba ho qetela lethathamong ka leng e le bo nepahetseng.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 2 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 24
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 130 le Thapelo