Labohlano, la 19 January
[Pauluse a khothatsa] ba moo ka mantsoe a mangata.—Lik. 20:2.
Ha Pauluse a ngolla Bakreste-’moho le eena, o ne a ba babatsa. O ne a qetile lilemo a tsamaea le ba bang ba bona ’me a tseba mefokolo ea bona, empa o ile a bua ka makhabane a bona. Ka mohlala, Pauluse o ile a re Timothea ke “ngoana oa [hae] ea ratoang le ea tšepahalang Moreneng,” ea tla thusa Bakreste-’moho le eena. (1 Bakor. 4:17; Bafil. 2:19, 20) ’Me a bolella phutheho ea Korinthe hore Tite ‘ke mosebetsi-’moho le eena bakeng sa lithahasello tsa bona.’ (2 Bakor. 8:23) Ruri e tlameha ebe Timothea le Tite ba ile ba khothala haholo ha ba lemoha hore na Pauluse o ikutloa joang ka bona. Pauluse le Barnabase ba ile ba ipeha kotsing ka hore ba khutlele libakeng tseo ba neng ba ile ba hlaseloa ka mabifi ho tsona. Ka mohlala, le hoja ba ile ba hanyetsoa Lystra, ba ile ba khutlela teng ho ea khothatsa barutuoa ba bacha hore ba lule ba le matla tumelong. (Lik. 14:19-22) Ka mor’a hore Pauluse a tobane le letšoele le halefileng ha a le Efese, o ile a khothatsa barutuoa ba moo.—Lik. 20:1. w16.11 1:10, 11
La 15-21 January
MATHEU 6-7
Pina ea 40 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ’Ne le Batle ’Muso Pele”: (10 mets.)
Mat. 6:10—Thapelong ea mohlala eo Jesu a ileng a e etsa, ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a ileng a re re li rapelle (bh 168 ¶11)
Mat. 6:24—Re ke ke ra sebeletsa Molimo le “Maruo” (nwtsty litlhaloso)
Mat 6:33—Jehova o tla fa bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang ha feela ba tsoela pele ho nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong ba bona (nwtsty litlhaloso; w16.07 12 ¶18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 7:12—Re ka sebelisa temana ee joang ha re lokisetsa taba eo re tla bua ka eona tšimong? (w14 5/15 14-15 ¶14-16)
Mat. 7:28, 29—Batho ba bangata ba ile ba susumetsoa joang ke lithuto tsa Jesu, hona hobane’ng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 6:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana motho e mong.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le be le bue ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Khaotsang ho Tšoenyeha”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Lintho Tseo re Ithutang Tsona Lipapisong Tsa Jesu—Ithute ho Linonyana le Likhahla.
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶1-7 le lebokose le leqepheng la 29
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 87 le Thapelo