Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 13 January

Ke ka lebaka leo . . . re sa khaotsang ho le rapella le ho kōpa hore le ka tlala tsebo e nepahetseng ea thato ea [Molimo].—Bakol. 1:9.

Haeba Bakreste ba Kolose ba ne ba e-na le tsebo e nepahetseng, ba ne ba tla khona ‘ho tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore ba mo khahlise ka botlalo.’ Sena se ne se tla ba thusa ho tsoela pele ba “beha litholoana mosebetsing o mong le o mong o molemo,” haholo-holo oa ho bolela litaba tse molemo. (Bakol. 1:10) E le hore morapeli oa Jehova a atlehe tšebeletsong, o lokela ho ba le kemiso ea ho ithuta Bibele kamehla. Re lokela ho thusa liithuti tsa Bibele ho utloisisa ntlha ena. Re ka atleha ho thusa ba bang ho ba le kemiso ea ho ithuta Bibele haeba rona ka borona re kholisehile hore ke habohlokoa. Ha e le hantle, re lokela ho qala ka ho ba le eona ka borona. Kahoo, re ka ’na ra ipotsa: ‘Na ke khona ho fana ka likarabo tse thehiloeng Bibeleng ha mong’a ntlo a mpotsa lipotso tse thata kapa a e-na le maikutlo a fapaneng le a Mangolo? Hape, ha re bolella ba bang kamoo ho bala Bibele ho re thusitseng kateng, re ka ’na ra ba susumeletsa ho etsa se tšoanang ’me ea e-ba liithuti tse hloahloa tsa Mangolo. w16.08 4:3, 4

LA 8-14 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 8-14 January

MATHEU 4–5

  • Pina ea 93 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Lintho Tseo re Ithutang Tsona Thutong ea Jesu ea Thabeng”: (10 mets.)

    • Mat. 5:3—Thabo e tlisoa ke ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 5:7—Ho ba mohau le ho ba le kutloelo-bohloko ho tlisa thabo (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 5:9—Ho bopa khotso ho tlisa thabo ( nwtsty litlhaloso; w07 12/1 17)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 4:9—Satane o ile a re Jesu a mo etsetse ketso efe? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 4:23—Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li etsa? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 5:31-48

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho se leqepheng le qalang.

  • Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w16.03 31-32—Sehlooho: Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng, kapa o ile a mo bontša eona ponong?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 77

  • Ho Thaba ba Ileng ba Hlokofatsoa ka Lebaka la ho Rata ’Nete: (9 mets.) Bapala video ea Lelapa la ha Namgung le Kena Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea bona ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona videong eo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).

  • “U ka Bopa Khotso le Mor’eno Joang?”: (6 mets.) Puisano. Hlahloba hore na ke hobane’ng ha bohato ba ho qetela lethathamong ka leng e le bo nepahetseng.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 2 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 24

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 130 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 8-14 JANUARY, 2018

13 Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me U Hloke Leeme

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela