Labobeli, la 16 January
Morutuoa ha a ka holimo ho mosuoe oa hae, empa e mong le e mong ea rupetsoeng ka ho phethahetseng o tla ba joaloka mosuoe oa hae.—Luka 6:40.
Jesu o ne a finyella batho lipelo ha a ruta kaha o ne a rata Jehova a bile a rata Lentsoe la Molimo le batho. (Luka 24:32; Joh. 7:46) Batsoali le bona ba tla finyella bana lipelo haeba ba na le lerato le joalo. (Deut. 6:5-8; Luka 6:45) Kahoo batsoali, khothallang ho ithuta Bibele le lingoliloeng tsa rona. Thahasellang lintho tsa tlhaho ’me le bale lihlooho tse buang ka popo tse hlahang ka har’a lingoliloeng tsa rona. (Mat. 6:26, 28) Ha le etsa joalo, le tla eketsa tsebo ea lona ’me le tla ananela Jehova haholoanyane, e leng se tla le hlomella hore le rute bana ba lona. Ha ’nete ea Bibele e tebile pelong ea hao, u tla susumeletseha ho buisana le ba lelapa la hao ka eona. Buisanang ka eona ka linako tsohle, eseng feela ha le lokisetsa liboka kapa ha le tšoere borapeli ba lelapa. Ho feta moo, puisano ha ea lokela ho qobelloa, empa e lokela ho itlela feela e le karolo ea moqoqo oa letsatsi le letsatsi. w16.09 5:6, 7
La 15-21 January
MATHEU 6-7
Pina ea 40 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ’Ne le Batle ’Muso Pele”: (10 mets.)
Mat. 6:10—Thapelong ea mohlala eo Jesu a ileng a e etsa, ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a ileng a re re li rapelle (bh 168 ¶11)
Mat. 6:24—Re ke ke ra sebeletsa Molimo le “Maruo” (nwtsty litlhaloso)
Mat 6:33—Jehova o tla fa bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang ha feela ba tsoela pele ho nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong ba bona (nwtsty litlhaloso; w16.07 12 ¶18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 7:12—Re ka sebelisa temana ee joang ha re lokisetsa taba eo re tla bua ka eona tšimong? (w14 5/15 14-15 ¶14-16)
Mat. 7:28, 29—Batho ba bangata ba ile ba susumetsoa joang ke lithuto tsa Jesu, hona hobane’ng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 6:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana motho e mong.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le be le bue ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Khaotsang ho Tšoenyeha”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Lintho Tseo re Ithutang Tsona Lipapisong Tsa Jesu—Ithute ho Linonyana le Likhahla.
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶1-7 le lebokose le leqepheng la 29
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 87 le Thapelo