Labone, la 18 January
Tumelo ke . . . bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.—Baheb. 11:1.
Tumelo ea Bokreste ke tšobotsi ea bohlokoa haholo. Ha se batho bohle ba nang le eona. (2 Bathes. 3:2) Leha ho le joalo, Jehova o file morapeli e mong le e mong oa hae “tumelo.” (Bar. 12:3; Bagal. 5:22) Batho bohle ba nang le eona ba lokela ho e ananela. Jesu Kreste o ile a re Ntate oa hae ea leholimong o sebelisa Mora oa hae ho hulela batho ho eena. (Joh. 6:44, 65) Ho ba le tumelo ho Jesu ho thusa motho hore a tšoareloe libe. Seo se boetse se bula monyetla oa ho thabela ho ba le kamano e ntle le Jehova ka ho sa feleng. (Bar. 6:23) Re entse’ng e le hore re be le tlhohonolofatso e babatsehang hakaale? Kaha re baetsalibe, ntho feela e re tšoanelang ke lefu. (Pes. 103:10) Empa Jehova o ile a bona hore re ka khona ho ba ba lokileng. Ka lebaka la mosa oa hae o sa re tšoaneleng, o ile a bula lipelo tsa rona e le hore re amohele litaba tse molemo. Kahoo, re ile ra qala ho ba le tumelo ho Jesu ’me ra ba le tšepo ea bophelo bo sa feleng.—1 Joh. 4:9, 10. w16.10 4:1, 2
La 15-21 January
MATHEU 6-7
Pina ea 40 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ’Ne le Batle ’Muso Pele”: (10 mets.)
Mat. 6:10—Thapelong ea mohlala eo Jesu a ileng a e etsa, ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a ileng a re re li rapelle (bh 168 ¶11)
Mat. 6:24—Re ke ke ra sebeletsa Molimo le “Maruo” (nwtsty litlhaloso)
Mat 6:33—Jehova o tla fa bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang ha feela ba tsoela pele ho nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong ba bona (nwtsty litlhaloso; w16.07 12 ¶18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 7:12—Re ka sebelisa temana ee joang ha re lokisetsa taba eo re tla bua ka eona tšimong? (w14 5/15 14-15 ¶14-16)
Mat. 7:28, 29—Batho ba bangata ba ile ba susumetsoa joang ke lithuto tsa Jesu, hona hobane’ng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 6:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana motho e mong.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le be le bue ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Khaotsang ho Tšoenyeha”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Lintho Tseo re Ithutang Tsona Lipapisong Tsa Jesu—Ithute ho Linonyana le Likhahla.
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶1-7 le lebokose le leqepheng la 29
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 87 le Thapelo