Sontaha, la 21 January
Tsoang ho eena, sechaba sa ka.—Tšen. 18:4.
Lilemo tse mashome pele Ntoa ea I ea Lefatše e qhoma, Charles Taze Russell le bo-mphato ba hae ba ile ba hlokomela hore likereke tsa Bokreste-’motoana ha li rute ’nete ea Bibele. Kahoo, ba ile ba etsa qeto ea ho se ikamahanye ka letho le bolumeli ba bohata. Ka November, 1879, Zion’s Watch Tower e ile ea totobatsa boemo ba bona, ha e re: “Kereke e ’ngoe le e ’ngoe e ipolelang hore ke moroetsana ea hloekileng ea tl’o nyaloa ke Kreste, empa bonneteng e tšehetsa lefatše (kapa sebata), ka mangolo re e bitsa seotsoa,” kapa Babylona e Moholo. (Tšen. 17:1, 2) Batho ba hlomphang Molimo ba ne ba tseba seo ba lokelang ho se etsa. Ba ne ba ke ke ba lebella hore Molimo a ba hlohonolofatse haeba ba tsoela pele ho tšehetsa bolumeli ba bohata. Ka lebaka leo, ba bangata ba ile ba ngola mangolo a ho itokolla likerekeng. w16.11 5:2, 3
La 15-21 January
MATHEU 6-7
Pina ea 40 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ’Ne le Batle ’Muso Pele”: (10 mets.)
Mat. 6:10—Thapelong ea mohlala eo Jesu a ileng a e etsa, ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a ileng a re re li rapelle (bh 168 ¶11)
Mat. 6:24—Re ke ke ra sebeletsa Molimo le “Maruo” (nwtsty litlhaloso)
Mat 6:33—Jehova o tla fa bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang ha feela ba tsoela pele ho nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong ba bona (nwtsty litlhaloso; w16.07 12 ¶18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 7:12—Re ka sebelisa temana ee joang ha re lokisetsa taba eo re tla bua ka eona tšimong? (w14 5/15 14-15 ¶14-16)
Mat. 7:28, 29—Batho ba bangata ba ile ba susumetsoa joang ke lithuto tsa Jesu, hona hobane’ng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 6:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana motho e mong.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le be le bue ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Khaotsang ho Tšoenyeha”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Lintho Tseo re Ithutang Tsona Lipapisong Tsa Jesu—Ithute ho Linonyana le Likhahla.
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶1-7 le lebokose le leqepheng la 29
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 87 le Thapelo