Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 14 January

Re loana . . . le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.—Baef. 6:12.

Re lokela ho hanela tšusumetso e mpe ea lefatše ea “lintho tse metseng ka matla.” Li akareletsa lithuto tsa bohata le lifilosofi, mekhoa e litšila e joaloka boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate, ho tsuba, botahoa le ho sebelisa lithethefatsi. ’Me re lokela ho lula re loantša mefokolo ea rona le ho nyahama. (2 Bakor. 10:3-6; Bakol. 3:5-9) Na re ka atleha ho hlola lira tse matla joalo? E, re ka li hlola, empa re lokela ho loana. Pauluse o ile a etsa mohlala ka ralitebele oa mehleng ea boholo-holo ’me a re: “Tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka otla moea.” (1 Bakor. 9:26) Feela joalokaha ralitebele a loantša sera sa hae, le rona re lokela ho loantša lira tsa rona. Jehova oa re koetlisa ebile o re thusa hore re li loantše. Ka Lentsoeng la hae o fane ka litaelo tse ka re sireletsang. O boetse o re tataisa ka lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng, liboka le likopano. Na u sebelisa seo u ithutang sona? w16.09 2:2, 3

LA 8-14 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 8-14 January

MATHEU 4–5

  • Pina ea 93 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Lintho Tseo re Ithutang Tsona Thutong ea Jesu ea Thabeng”: (10 mets.)

    • Mat. 5:3—Thabo e tlisoa ke ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 5:7—Ho ba mohau le ho ba le kutloelo-bohloko ho tlisa thabo (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 5:9—Ho bopa khotso ho tlisa thabo ( nwtsty litlhaloso; w07 12/1 17)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 4:9—Satane o ile a re Jesu a mo etsetse ketso efe? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 4:23—Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li etsa? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 5:31-48

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho se leqepheng le qalang.

  • Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w16.03 31-32—Sehlooho: Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng, kapa o ile a mo bontša eona ponong?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 77

  • Ho Thaba ba Ileng ba Hlokofatsoa ka Lebaka la ho Rata ’Nete: (9 mets.) Bapala video ea Lelapa la ha Namgung le Kena Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea bona ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona videong eo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).

  • “U ka Bopa Khotso le Mor’eno Joang?”: (6 mets.) Puisano. Hlahloba hore na ke hobane’ng ha bohato ba ho qetela lethathamong ka leng e le bo nepahetseng.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 2 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 24

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 130 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 8-14 JANUARY, 2018

13 Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me U Hloke Leeme

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela