Mantaha, la 22 January
Ba tumellanong le moea ba beha [likelello] linthong tsa moea.—Bar. 8:5.
Na u kile oa bala Baroma 8:15-17 e le ho ikhopotsa lefu la Jesu selemo le selemo? Mohlomong ho joalo. Ntlha e ka sehloohong litemaneng tsena ke hore Bakreste baa tseba hore ba tlotsitsoe hobane moea o halalelang o paka le moea oa bona. Bakreste ba tlotsitsoeng ke bona bao ka ho khetheha ho buuoang le bona khaolong ena. Ba amohela “moea” o halalelang joaloka ba ‘letetseng ho nkeloa ka lapeng e le bara, tokollo ’meleng ea bona.’ (Bar. 8:23) E tla ba bara ba Molimo leholimong. Ka mor’a hore ba kolobetsoe, Molimo o ile a sebelisa thekollo molemong oa bona, a ba tšoarela libe ’me a ba nka e le bara ba hae ba moea ba lokileng. (Bar. 3:23-26; 4:25; 8:30) Leha ho le joalo, Baroma khaolo ea 8 e boetse e sebetsa le ho ba nang le tšepo ea ho phela lefatšeng hobane ka tsela e itseng Molimo o ba nka ba lokile. w16.12 2:1-3
La 22-28 January
MATHEU 8–9
Pina ea 84 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o ne a Rata Batho”: (10 mets.)
Mat 8:1-3—Jesu o ile a hauhela molepera (nwtsty litlhaloso tsa Mat 8:3)
Mat 9:9-13—Jesu o ne a rata batho ba neng ba khesoa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:10)
Mat 9:35-38—Kaha Jesu o ne a rata batho, o ne a ba ruta Lentsoe la Molimo leha a ne khathetse hape o ne a boetse a rapella hore ba bangata ba kenye letsoho mosebetsing ona. (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:36)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 8:8-10—Re ithuta’ng puisanong ea Jesu le molaoli oa lebotho la sesole? (w02 8/15 13 ¶16)
Mat 9:16, 17—Jesu o buile ka ntlha efe lipapisong tsee tse peli? (jy 70 ¶6)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 8:1-17
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 43-45 ¶18-19
PHELA JOALOKA MOKRESTE
‘Kannete-nete Molimo o mo Entse Morena le Kreste’—Karolo ea I: (15 mets.) Puisano. Ka mor’a ho bala Matheu 9:18-25 le ho shebella karolo ea video ena, botsa lipotso tse latelang:
Jesu o ile a bontša joang hore o tsotella mosali e mong ea neng a kula le hore o tsotella Jairuse?
Ka mor’a ho bala tlaleho ee, u ikutloa joang ka boprofeta ba Bibele bo buang ka hore na bophelo bo tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo?
Re ka etsisa Jesu ka litsela life ho bontša hore re rata batho?
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶8-15 le lebokose le leqepheng la 30
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 116 le Thapelo