Moqebelo, la 20 January
Le kopane ka ho loketseng kelellong e tšoanang le mokhoeng o tšoanang oa ho nahana.—1 Bakor. 1:10.
Jehova o sebelisa “lekhoba le tšepahalang le le masene” le eteletsoeng pele ke Kreste, e leng “hlooho ea phutheho,” ho tataisa karolo e lefatšeng ea mokhatlo oa hae. (Mat. 24:45-47; Baef. 5:23) Ho tšoana le sehlopha se busang sa lekholong la pele la lilemo, lekhoba lena le latela tataiso e ka Lentsoeng le bululetsoeng la Molimo ’me le ea e hlompha. (1 Bathes. 2:13) Bibele e re laela hore re be teng libokeng kamehla. (Baheb. 10:24, 25) E re khothalletsa hore re be bonngoeng tumelong. Lentsoe la Molimo le re re lokela ho etelletsa ’Muso pele bophelong ba rona. (Mat. 6:33) Mangolo a boetse a totobatsa hore re na le boikarabelo le tokelo ea ho paka ka ntlo le ntlo, literateng, esita le ka tsela e sa reroang. (Mat. 28:19, 20; Lik. 5:42; 17:17; 20:20) Lentsoe la Molimo le laela baholo hore ba boloke phutheho e hloekile. (1 Bakor. 5:1-5, 13; 1 Tim. 5:19-21) Jehova o boetse o laela bohle ba ka mokhatlong oa hae hore ba hloeke nameng le moeeng.—2 Bakor. 7:1. w16.11 3:7, 8
La 15-21 January
MATHEU 6-7
Pina ea 40 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ’Ne le Batle ’Muso Pele”: (10 mets.)
Mat. 6:10—Thapelong ea mohlala eo Jesu a ileng a e etsa, ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a ileng a re re li rapelle (bh 168 ¶11)
Mat. 6:24—Re ke ke ra sebeletsa Molimo le “Maruo” (nwtsty litlhaloso)
Mat 6:33—Jehova o tla fa bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang ha feela ba tsoela pele ho nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong ba bona (nwtsty litlhaloso; w16.07 12 ¶18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 7:12—Re ka sebelisa temana ee joang ha re lokisetsa taba eo re tla bua ka eona tšimong? (w14 5/15 14-15 ¶14-16)
Mat. 7:28, 29—Batho ba bangata ba ile ba susumetsoa joang ke lithuto tsa Jesu, hona hobane’ng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 6:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana motho e mong.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le be le bue ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Khaotsang ho Tšoenyeha”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Lintho Tseo re Ithutang Tsona Lipapisong Tsa Jesu—Ithute ho Linonyana le Likhahla.
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶1-7 le lebokose le leqepheng la 29
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 87 le Thapelo