Labobeli, la 23 January
Le se ke la tšoenyeha.—Mat. 6:34.
Jesu o ne a bolela’ng ha a re: “Le ka mohla le se ke la tšoenyeha”? O ne a sa bolele hore bahlanka ba Molimo ba ke ke ba tšoenyeha. Empa Jesu o ne a hlokomelisa barutuoa ba hae hore ho tšoenyeha ho feteletseng ha ho rarolle mathata. Letsatsi ka leng le na le matšoenyeho a lona. Kahoo, ha rea lokela ho tšoenyeha ka lintho tse ileng tsa etsahala nakong e fetileng kapa ka bokamoso. Haeba Mokreste a nahana ho feta tekano ka mathata a ka ’nang a mo hlahela, a ka tšoenyeha ho sa hlokahale. Leha ho le joalo, ha oa lokela ho tšoenyeha ka lintho tseo u se nang bonnete ba tsona. Hobane’ng? Hobane ka linako tse ling boemo bo ka ’na ba se ke ba e-ba bobe joalokaha re ne re nahanne. Hape, ha ho boemo bo ka hlolang Molimo eo re lahlelang matšoenyeho a rona ho eena. U ka kholiseha hore Molimo o tla putsa bahlanka ba hae le hore a ka ba thusa ho sebetsana le matšoenyeho a bona a nakong e fetileng, a hona joale esita le a nakong e tlang. w16.12 3:13, 16
La 22-28 January
MATHEU 8–9
Pina ea 84 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o ne a Rata Batho”: (10 mets.)
Mat 8:1-3—Jesu o ile a hauhela molepera (nwtsty litlhaloso tsa Mat 8:3)
Mat 9:9-13—Jesu o ne a rata batho ba neng ba khesoa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:10)
Mat 9:35-38—Kaha Jesu o ne a rata batho, o ne a ba ruta Lentsoe la Molimo leha a ne khathetse hape o ne a boetse a rapella hore ba bangata ba kenye letsoho mosebetsing ona. (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:36)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 8:8-10—Re ithuta’ng puisanong ea Jesu le molaoli oa lebotho la sesole? (w02 8/15 13 ¶16)
Mat 9:16, 17—Jesu o buile ka ntlha efe lipapisong tsee tse peli? (jy 70 ¶6)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 8:1-17
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 43-45 ¶18-19
PHELA JOALOKA MOKRESTE
‘Kannete-nete Molimo o mo Entse Morena le Kreste’—Karolo ea I: (15 mets.) Puisano. Ka mor’a ho bala Matheu 9:18-25 le ho shebella karolo ea video ena, botsa lipotso tse latelang:
Jesu o ile a bontša joang hore o tsotella mosali e mong ea neng a kula le hore o tsotella Jairuse?
Ka mor’a ho bala tlaleho ee, u ikutloa joang ka boprofeta ba Bibele bo buang ka hore na bophelo bo tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo?
Re ka etsisa Jesu ka litsela life ho bontša hore re rata batho?
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶8-15 le lebokose le leqepheng la 30
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 116 le Thapelo