Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labobeli, la 30 January

Lintho tsena . . . li ile tsa ngoloa hore e be temoso ho rōna. —1 Bakor. 10:11.

Kaha Baiseraele ba ile ba itloaetsa mekhoa e fosahetseng ea Bakanana, Jehova ha aa ka a ba sireletsa lireng tsa bona. (Baahl. 2:1-3, 11-15; Pes. 106:40-43) E tlameha ebe ho ne ho le thata hore malapa a ratang Jehova a lule a tšepahala ho eena lilemong tseo tse boima. Leha ho le joalo, ho na le batho ba ileng ba lula ba tšepahala ba tlalehiloeng ka Bibeleng, ba kang Jafeta, Elkana, Anna le Samuele. Ba ne ba ikemiselitse ho khahlisa Jehova. (1 Sam. 1:20-28; 2:26) Batho ba mehleng ena ba nahana joaloka Bakanana le ho etsa lintho joaloka bona. Ba rata boitšoaro bo bobe, ntoa le chelete. Ke kahoo Jehova a re lemosang ka ho hlaka. O batla ho re sireletsa feela joalokaha a ne a batla ho sireletsa Baiseraele tšusumetsong e mpe ea Bakanana. Na re ka ithuta liphosong tsa bona? (1 Bakor. 10:6-10) A re etseng sohle seo re ka se khonang ho qoba tšusumetso e mpe ea batho ba re potolohileng. (Bar. 12:2) Na re tla fela re etse joalo? w16.04 1:4-6

LA 29 January–LA 4 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 29 January–la 4 February

MATHEU 10–11

  • Pina ea 22 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o ne a Khothatsa”: (10 mets.)

    • Mat 10:29, 30—Hore e be Jesu o re tiisetsa hore Jehova o rata e mong le e mong oa rona, hoa re khothatsa (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 11:28—Ho sebeletsa Jehova ke ntho e thabisang (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 11:29, 30—Ho ikokobelletsa bolaoli le tataiso ea Jesu hoa re thabisa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 11:29)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 11:2, 3—Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a botsa potso ee? (jy 96 ¶2-3)

    • Mat 11:16-19—Re lokela ho utloisisa litemana tsee joang? (jy 98 ¶1-2)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 11:1-19

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.

  • Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 42-43 ¶15-16—Mo memele libokeng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 119

  • Ho khothatsa ba “Sehlang le ba Imetsoeng”: (15 mets.) Bapala video (sheba tlas’a  LIPUISANO LE LIPHIHLELO). Ka mor’a moo, buisanang ka lipotso tse latelang:

    • Ke liketsahalo life tsa morao tjee tse etsang hore ba bang ba hloke ho khothatsoa?

    • Ke joang Jehova le Jesu ba fanang ka khothatso ba sebelisa phutheho?

    • Ke joang Lentsoe la Molimo e leng mohloli oa khothatso?

    • Re ka khothatsana joang?

  • Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶16-21

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 90 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 29 JANUARY, 2018–4 FEBRUARY, 2018

3 “Kea Tseba Hore o Tla Tsoha”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela