Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labohlano, la 26 January

Moloko oa batho o sa khoneng ho fumana mosebetsi o entsoeng tlas’a letsatsi; ho sa tsotellehe hore na moloko oa batho o tsoela pele ho sebetsa haholo hakae ho batla, empa leha ho le joalo ha o fumane. Hape esita le haeba ba ka re ba bohlale ka ho lekaneng ho tseba, ba ne ba ke ke ba khona ho fumana.—Moek. 8:17.

Boinyenyefatso bo re thusa hore re etse liqeto ka bohlale le hoja re ke ke ra khona ho laola maemo a mang kapa ho tseba hore na lintho li tla fella joang. Ka mohlala, haeba re kenela tšebeletso ea nako e tletseng, ho tla etsahala’ng ka rona ha re ka kula? Re tla etsa joang ha batsoali ba rona ba hloka thuso? Re tla hlokomeloa ke mang ha re se re holile? Re ka se fumane likarabo tsa lipotso tsena, leha re ka rapela kapa ra etsa lipatlisiso. Ho tšepa Jehova ho tla re thusa hore re tlohelle lintho matsohong a hae. Ka mor’a ho etsa lipatlisiso, ho fumana likeletso ho ba bang le ho rapela, re tla latela tataiso eo Molimo a fanang ka eona. (Moek. 11:4-6) Ha re entse joalo, Jehova o tla hlohonolofatsa liqeto tsa rona kapa a re tataise ka tsela e ’ngoe.—Liprov. 16:3, 9. w17.01 4:14

LA 22-28 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 22-28 January

MATHEU 8–9

  • Pina ea 84 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o ne a Rata Batho”: (10 mets.)

    • Mat 8:1-3—Jesu o ile a hauhela molepera (nwtsty litlhaloso tsa Mat 8:3)

    • Mat 9:9-13—Jesu o ne a rata batho ba neng ba khesoa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:10)

    • Mat 9:35-38—Kaha Jesu o ne a rata batho, o ne a ba ruta Lentsoe la Molimo leha a ne khathetse hape o ne a boetse a rapella hore ba bangata ba kenye letsoho mosebetsing ona. (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:36)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 8:8-10—Re ithuta’ng puisanong ea Jesu le molaoli oa lebotho la sesole? (w02 8/15 13 ¶16)

    • Mat 9:16, 17—Jesu o buile ka ntlha efe lipapisong tsee tse peli? (jy 70 ¶6)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 8:1-17

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 43-45 ¶18-19

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 19

  • ‘Kannete-nete Molimo o mo Entse Morena le Kreste’—Karolo ea I: (15 mets.) Puisano. Ka mor’a ho bala Matheu 9:18-25 le ho shebella karolo ea video ena, botsa lipotso tse latelang:

    • Jesu o ile a bontša joang hore o tsotella mosali e mong ea neng a kula le hore o tsotella Jairuse?

    • Ka mor’a ho bala tlaleho ee, u ikutloa joang ka boprofeta ba Bibele bo buang ka hore na bophelo bo tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo?

    • Re ka etsisa Jesu ka litsela life ho bontša hore re rata batho?

  • Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶8-15 le lebokose le leqepheng la 30

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 116 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 22-28 JANUARY, 2018

25 Le se ke la Lumella Letho ho le Sitisa ho Fumana Moputso

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela