Moqebelo, la 27 January
U se ke ua ja tsa sona.—Gen. 2:17.
Adama le Eva ba ne ba lokela ho etsa qeto. Na ba ne ba tla mamela Jehova, kapa ba ne ba tla mamela noha? Ba ile ba khetha ho se mamele Molimo. Ka ho etsa joalo, ba ile ba kopanela bofetoheling le Satane. Ba hana hore Jehova e be Ntate oa bona ’me ba lahla puso ea hae e neng e ba sirelelitse. (Gen. 3:6-13) Kaha ba ne ba fetohetse Jehova, Adama le Eva ba ile ba lahleheloa ke bophelo bo phethahetseng. Ho feta moo, bofetoheli bona bo ile ba baka karohano pakeng tsa bona le Jehova hobane ‘mahlo a hae a hloekile haholo hore a ka talima se sebe.’ Kahoo, ‘ha a khone ho talima khathatso.’ (Hab. 1:13) Haeba a ne a ile a bo lumella, bokamoso ba libopuoa tsohle tse leholimong le tse lefatšeng, bo ne bo tla ba kotsing. Ka holimo ho tsohle, haeba Molimo a ne a sa etsa letho ka sebe se etsahetseng Edene, ho ne ho tla tsoha lipelaelo ka bobusi ba hae. Empa Jehova o khomarela litekanyetso tsa hae. Ha ho mohla a li fetohelang. (Pes. 119:142) Kahoo, ho ba le bolokolohi ba ho ikhethela ho ne ho sa fe Adama le Eva lebaka la ho se mamele molao oa Molimo. Ka lebaka la bofetoheli ba bona, ba ile ba shoa ’me ba khutlela leroleng leo ba neng ba ntšitsoe ho lona.—Gen. 3:19. w17.02 1:8, 10, 11
La 22-28 January
MATHEU 8–9
Pina ea 84 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o ne a Rata Batho”: (10 mets.)
Mat 8:1-3—Jesu o ile a hauhela molepera (nwtsty litlhaloso tsa Mat 8:3)
Mat 9:9-13—Jesu o ne a rata batho ba neng ba khesoa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:10)
Mat 9:35-38—Kaha Jesu o ne a rata batho, o ne a ba ruta Lentsoe la Molimo leha a ne khathetse hape o ne a boetse a rapella hore ba bangata ba kenye letsoho mosebetsing ona. (nwtsty litlhaloso tsa Mat 9:36)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 8:8-10—Re ithuta’ng puisanong ea Jesu le molaoli oa lebotho la sesole? (w02 8/15 13 ¶16)
Mat 9:16, 17—Jesu o buile ka ntlha efe lipapisong tsee tse peli? (jy 70 ¶6)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 8:1-17
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Mo memele libokeng.
Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 43-45 ¶18-19
PHELA JOALOKA MOKRESTE
‘Kannete-nete Molimo o mo Entse Morena le Kreste’—Karolo ea I: (15 mets.) Puisano. Ka mor’a ho bala Matheu 9:18-25 le ho shebella karolo ea video ena, botsa lipotso tse latelang:
Jesu o ile a bontša joang hore o tsotella mosali e mong ea neng a kula le hore o tsotella Jairuse?
Ka mor’a ho bala tlaleho ee, u ikutloa joang ka boprofeta ba Bibele bo buang ka hore na bophelo bo tla ba joang tlas’a ’Muso oa Molimo?
Re ka etsisa Jesu ka litsela life ho bontša hore re rata batho?
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶8-15 le lebokose le leqepheng la 30
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 116 le Thapelo