Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 3 February

Ke tla bolela litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo.—Luka 4:43.

Jesu o ne a phatlalatsa “litaba tse molemo tsa ’muso oa Molimo,” ’me o batla hore barutuoa ba hae ba etse se tšoanang. Ke batho bafe ba phatlalatsang molaetsa oo hohle? (Mat. 28:19) Ke Lipaki Tsa Jehova! Nahana ka seo moruti e mong eo e bileng moromuoa linaheng tse sa tšoaneng a se buileng ho Paki e ’ngoe ea Jehova. Ha a ntse a le linaheng tseo, o ile a botsa Lipaki Tsa Jehova hore na li phatlalatsa molaetsa ofe. O re: “Li tšerehane, kaha kaofela li ne li re: ‘Re bolela litaba tse molemo tsa ’Muso.’” Ha e le hantle mantsoe a moruti eo a bontša hore ha rea tšerehana, empa re Bakreste ba ’nete ba momahaneng. (1 Bakor. 1:10) ’Muso oa Molimo ke oona molaetsa o ka sehloohong oa Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Khoeli le khoeli ho hatisoa likopi tse ka bang 59 000 000 tsa makasine ena, ka lipuo tse 254, e leng se bolelang hore ke eona makasine e ajoang ka ho fetisisa lefatšeng. w16.05 2:6

LA 29 January–LA 4 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 29 January–la 4 February

MATHEU 10–11

  • Pina ea 22 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Jesu o ne a Khothatsa”: (10 mets.)

    • Mat 10:29, 30—Hore e be Jesu o re tiisetsa hore Jehova o rata e mong le e mong oa rona, hoa re khothatsa (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 11:28—Ho sebeletsa Jehova ke ntho e thabisang (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 11:29, 30—Ho ikokobelletsa bolaoli le tataiso ea Jesu hoa re thabisa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 11:29)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 11:2, 3—Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a botsa potso ee? (jy 96 ¶2-3)

    • Mat 11:16-19—Re lokela ho utloisisa litemana tsee joang? (jy 98 ¶1-2)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 11:1-19

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.

  • Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 42-43 ¶15-16—Mo memele libokeng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 119

  • Ho khothatsa ba “Sehlang le ba Imetsoeng”: (15 mets.) Bapala video (sheba tlas’a  LIPUISANO LE LIPHIHLELO). Ka mor’a moo, buisanang ka lipotso tse latelang:

    • Ke liketsahalo life tsa morao tjee tse etsang hore ba bang ba hloke ho khothatsoa?

    • Ke joang Jehova le Jesu ba fanang ka khothatso ba sebelisa phutheho?

    • Ke joang Lentsoe la Molimo e leng mohloli oa khothatso?

    • Re ka khothatsana joang?

  • Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶16-21

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 90 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 29 JANUARY, 2018–4 FEBRUARY, 2018

3 “Kea Tseba Hore o Tla Tsoha”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela