Mantaha, la 29 January
Hlomphang batho ba mefuta eohle, . . . le be le tlhompho bakeng sa morena.—1 Pet. 2:17.
Lipaki Tsa Jehova li fa basebeletsi ba sechaba tlhompho e ba lokelang ho ea ka molao oa sebaka seo ba lulang ho sona. Re etsa lintho tseo ba reng re li etse. Leha ho le joalo, Bibele ke eona e re thusang ho tseba hore na re ba mamela ho fihlela boholeng bofe. Re ke ke ra ba mamela haeba ba re re etse lintho tse etsang hore re tlole melao ea Molimo, joaloka ho nka karolo lipolotiking. (1 Pet. 2:13-16) Bahlanka ba Jehova ba nakong e fetileng ba ile ba re behela mohlala tabeng ea ho hlompha balaoli. Ha ’Muso oa Roma o ntša taelo ea hore ho baloe batho, Josefa le Maria ba ile ba mamela taelo eo. Ba ile ba ea Bethlehema le hoja Maria a ne a se a le haufi le ho ba le ngoana oa hae oa pele. (Luka 2:1-5) Hamorao, ha ho ne ho thoe Pauluse o entse tlolo ea molao, o ile a ipuella ka tlhompho ho Morena Heroda Agripa le ho Festase e leng ’musi oa profinse ea Roma ea Judea.—Lik. 25:1-12; 26:1-3. w17.03 1:9, 10
La 29 January–la 4 February
MATHEU 10–11
Pina ea 22 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o ne a Khothatsa”: (10 mets.)
Mat 10:29, 30—Hore e be Jesu o re tiisetsa hore Jehova o rata e mong le e mong oa rona, hoa re khothatsa (nwtsty litlhaloso)
Mat 11:28—Ho sebeletsa Jehova ke ntho e thabisang (nwtsty litlhaloso)
Mat 11:29, 30—Ho ikokobelletsa bolaoli le tataiso ea Jesu hoa re thabisa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 11:29)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 11:2, 3—Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a botsa potso ee? (jy 96 ¶2-3)
Mat 11:16-19—Re lokela ho utloisisa litemana tsee joang? (jy 98 ¶1-2)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 11:1-19
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.
Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 42-43 ¶15-16—Mo memele libokeng.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho khothatsa ba “Sehlang le ba Imetsoeng”: (15 mets.) Bapala video (sheba tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO). Ka mor’a moo, buisanang ka lipotso tse latelang:
Ke liketsahalo life tsa morao tjee tse etsang hore ba bang ba hloke ho khothatsoa?
Ke joang Jehova le Jesu ba fanang ka khothatso ba sebelisa phutheho?
Ke joang Lentsoe la Molimo e leng mohloli oa khothatso?
Re ka khothatsana joang?
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶16-21
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 90 le Thapelo