Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 6 January

Molebeli e lokela ho ba ea sa nyatseheng.—1 Tim. 3:2.

Jehova o file balebeli lethathamo la litšoaneleho tseo baholo ba lokelang ho ba le tsona. O lebeletse ho hoholo ho banna ba etellang pele ka phuthehong. (1 Tim. 3:2-7) Sena se re ruta hore phutheho ke ea bohlokoa ho Jehova. Bibele e re o e rekile “ka mali a Mora oa hae.” (Lik. 20:28) Kahoo, Jehova o batla hore baholo e be mehlala e metle ’me ba tla ikarabella ka tsela eo ba tšoarang litho tsa phutheho ka eona. O batla hore re ikutloe re sireletsehile boliseng ba bona. (Esa. 32:1, 2) Ha re bala litšoaneleho tsena, rea ithuta hore ka sebele Jehova oa re tsotella. Empa Bakreste bohle ba ka ithuta ho hong litšoanelehong tsena. Ka mohlala, Jehova o batla hore kaofela re be le kahlolo e molemo ’me re hlaphoheloe kelellong. (Bafil. 4:5; 1 Pet. 4:7) Ha baholo “e-ba mehlala ho mohlape,” re ka ithuta ho bona ’me ra etsisa “tumelo ea bona.”—1 Pet. 5:3; Baheb. 13:7. w16.05 5:8-10

LA 1-7 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 1-7 January

MATHEU 1–3

  • Pina ea 99 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “’Muso oa Maholimo o Atametse”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Matheu.]

    • Mat 3:1, 2—Johanne Mokolobetsi o ile a ruta hore Morena oa ’Muso oa Molimo o tla ba teng haufinyane (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 3:4—Ntho ea bohlokoa bophelong ba Johanne Mokolobetsi e ne e le ho etsa thato ea Molimo (nwtsty litšoantšo)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 1:3—Ke hobane’ng ha Matheu a buile ka basali ba bahlano moo ho builoeng ka banna ba leloko la Jesu? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 3:11—Re tseba joang hore ho kolobetsoa ho bolela hore ’mele ’ohle oa motho o qoelisoe ka metsing? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 1:1-17

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (4 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 39-40 ¶6-7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina 101

  • Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo: (15 mets.) Puo ka moholo. Ka mor’a ho bala lengolo le tsoang ofising ea lekala le mabapi le tlaleho ea rona ea tšebeletso ea tšimo, buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng esale pele ba ileng ba e-ba le liphihlelo tšebeletsong ea tšimo selemong se fetileng.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao 2 ¶1-11

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 86 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 1-7 JANUARY, 2018

8 Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela