Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Sontaha, la 7 January

Ho feta tse ling tsohle tse lokelang ho lebeloa, u sireletse pelo ea hao.—Liprov. 4:23.

E le hore lipelo tsa rona li se ke tsa thatafala, re lokela ho qoba mekhoa e mebe joaloka boikhohomoso, ho itloaetsa ho etsa sebe le ho haelloa ke tumelo. Haeba re se hlokolosi, lintho tsena li ka etsa hore re se ke ra mamela. (Dan. 5:1, 20; Baheb. 3:13, 18, 19) Sena ke se ileng sa etsahalla Morena Uzia oa Juda. (2 Likron. 26:3-5, 16-21) Qalong, Uzia o ne a mamela a bile a e-na le kamano e ntle le Molimo, eaba Molimo o mo fa matla. Empa “hang ha a le matla, pelo ea hae ea ikhohomosa.” O ile a ikhohomosa haholo hoo a ileng a leka ho chesa libano ka tempeleng le hoja a ne a tseba hore oo ke mosebetsi oa baprista feela. Ha baprista ba mo bolella hore o fositse, o ile a ba halefela! Jehova o ile a kokobetsa morena eo ea ikhohomosang ’me ea e-ba molepera bophelo bohle ba hae. (Liprov. 16:18) Haeba re ikhohomosa, re ka qala ho inka re phahametse batho ba bang ’me ra hlokomoloha likeletso tse tsoang ka Bibeleng.—Bar. 12:3; Liprov. 29:1. w16.06 2:3, 4

LA 1-7 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 1-7 January

MATHEU 1–3

  • Pina ea 99 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “’Muso oa Maholimo o Atametse”: (10 mets.)

    • [Bapala video ea Selelekela sa Matheu.]

    • Mat 3:1, 2—Johanne Mokolobetsi o ile a ruta hore Morena oa ’Muso oa Molimo o tla ba teng haufinyane (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 3:4—Ntho ea bohlokoa bophelong ba Johanne Mokolobetsi e ne e le ho etsa thato ea Molimo (nwtsty litšoantšo)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 1:3—Ke hobane’ng ha Matheu a buile ka basali ba bahlano moo ho builoeng ka banna ba leloko la Jesu? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat 3:11—Re tseba joang hore ho kolobetsoa ho bolela hore ’mele ’ohle oa motho o qoelisoe ka metsing? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 1:1-17

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (4 mets.) Bapala video ’me le bue ka eona.

  • Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ho tlaase ho moo) bh 39-40 ¶6-7

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina 101

  • Tlaleho ea Tšebeletso ea Selemo le Selemo: (15 mets.) Puo ka moholo. Ka mor’a ho bala lengolo le tsoang ofising ea lekala le mabapi le tlaleho ea rona ea tšebeletso ea tšimo, buisana le bahoeletsi bao u ba khethileng esale pele ba ileng ba e-ba le liphihlelo tšebeletsong ea tšimo selemong se fetileng.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao 2 ¶1-11

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 86 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 1-7 JANUARY, 2018

8 Na U Entse Jehova Setšabelo sa Hao?

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela