Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
January
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Mantaha, la 8 January

Le mamellane ka lerato.—Baef. 4:2.

U ikutloa joang ka bara le baralib’abo rona ba tsoang linaheng tse ling? E ka ’na eaba ha oa tloaela puo ea bona, moaparo oa bona, tsela eo ba itšoarang ka eona le lijo tseo ba li jang. Na oa ba koekoetla ebe u qeta nako e ngata le batho bao u ba tloaetseng? U ikutloa joang ka baholo ba bacha lilemong kapa ba morabe o mong? Haeba re se hlokolosi, re ka ’na ra lumella lintho tsena hore li ame bonngoe ba rona kapa li bo senye. Re ka etsa’ng ho qoba mathata a kang aa? Pauluse o ile a eletsa Bakreste ba lulang motseng o ruileng oa Efese, o neng o e-na le batho ba litso tse fapaneng. (Baef. 4:1-3) O ile a bua ka litšobotsi tse kang boikokobetso, bonolo, mamello le lerato. Litšobotsi tsena li tšoana le lipilara tse kholo tse tšehetsang ntlo. w16.06 3:17, 18

LA 8-14 January
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | January

La 8-14 January

MATHEU 4–5

  • Pina ea 93 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Lintho Tseo re Ithutang Tsona Thutong ea Jesu ea Thabeng”: (10 mets.)

    • Mat. 5:3—Thabo e tlisoa ke ho lula re e-na le kamano e ntle le Jehova (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 5:7—Ho ba mohau le ho ba le kutloelo-bohloko ho tlisa thabo (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 5:9—Ho bopa khotso ho tlisa thabo ( nwtsty litlhaloso; w07 12/1 17)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat. 4:9—Satane o ile a re Jesu a mo etsetse ketso efe? (nwtsty litlhaloso)

    • Mat. 4:23—Ke lintho life tse peli tsa bohlokoa tseo Jesu a ileng a li etsa? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 5:31-48

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Buella sehlooho se leqepheng le qalang.

  • Video e Bontšang Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w16.03 31-32—Sehlooho: Ha Satane a leka Jesu, na o ile a hla a mo isa tempeleng, kapa o ile a mo bontša eona ponong?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 77

  • Ho Thaba ba Ileng ba Hlokofatsoa ka Lebaka la ho Rata ’Nete: (9 mets.) Bapala video ea Lelapa la ha Namgung le Kena Chankaneng ka Lebaka la Tumelo ea bona ebe le buisana ka lintho tseo le ithutileng tsona videong eo (tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO).

  • “U ka Bopa Khotso le Mor’eno Joang?”: (6 mets.) Puisano. Hlahloba hore na ke hobane’ng ha bohato ba ho qetela lethathamong ka leng e le bo nepahetseng.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv Khao. 2 ¶12-21 le lebokose le leqepheng la 24

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 130 le Thapelo

Tse Ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | November

BEKE EA LA 8-14 JANUARY, 2018

13 Etsisa Jehova ka Hore U be Mohau ’Me U Hloke Leeme

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela