Mantaha, la 15 January
Le eena Kreste ha aa ka a ikhahlisa.—Bar. 15:3.
Jesu o ne a sa ichebe boeena. Ho e-na le hoo, o ne a amehile ka ho thusa batho kaha eo e ne e le eona thato ea Molimo. Kahoo, re lokela ho fetola moaparo oa rona haeba o ferekanya batho bao re ba pakelang. (Bar. 15:2) Batsoali ba Bakreste ba lokela ho ruta bana ba bona hore ba sebelise melao-motheo ea Bibele. Sena se akareletsa hore bona le bana ba bona ba apare ka tsela e hlomphehang e tla thabisa pelo ea Jehova. (Liprov. 22:6; 27:11) Batsoali ba ka behela bana mohlala o motle le ho ba ruta hore ba lokela ho hlompha Molimo ea halalelang eo re mo rapelang. E ka ba hantle hore batsoali ba bontše bana hore na ke hokae moo ba ka fumanang liaparo tse loketseng. Eseng feela tseo ba li ratang, empa tse tla ba nolofalletsa ho emela Jehova Molimo. w16.09 3:13, 14
La 15-21 January
MATHEU 6-7
Pina ea 40 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Le ’Ne le Batle ’Muso Pele”: (10 mets.)
Mat. 6:10—Thapelong ea mohlala eo Jesu a ileng a e etsa, ’Muso oa Molimo ke e ’ngoe ea lintho tsa bohlokoa tseo a ileng a re re li rapelle (bh 168 ¶11)
Mat. 6:24—Re ke ke ra sebeletsa Molimo le “Maruo” (nwtsty litlhaloso)
Mat 6:33—Jehova o tla fa bahlanka ba hae lintho tseo ba li hlokang ha feela ba tsoela pele ho nka ho mo sebeletsa e le ntho e tlang pele bophelong ba bona (nwtsty litlhaloso; w16.07 12 ¶18)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat. 7:12—Re ka sebelisa temana ee joang ha re lokisetsa taba eo re tla bua ka eona tšimong? (w14 5/15 14-15 ¶14-16)
Mat. 7:28, 29—Batho ba bangata ba ile ba susumetsoa joang ke lithuto tsa Jesu, hona hobane’ng? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat. 6:1-18
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Bontša kamoo u ka arabelang motho ea hanyetsang.
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo.) Etsisa mohlala oa seo u ka se buang le batho. Motho eo u ileng oa bua le eena nako e fetileng ha a eo empa u fumana motho e mong.
Leeto la Bobeli la ho Boela: (5 mets.) Bapala le be le bue ka eona.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Khaotsang ho Tšoenyeha”: (15 mets.) Puisano. Qala ka ho bapala karolo ea video ea Lintho Tseo re Ithutang Tsona Lipapisong Tsa Jesu—Ithute ho Linonyana le Likhahla.
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶1-7 le lebokose le leqepheng la 29
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 87 le Thapelo