Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
February
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 17 February

Molaoli oa lekhotla ea ka sehloohong a ba reha mabitso. Kahoo a reha Daniele lebitso la Beltsatsare.—Dan. 1:7.

Ha Daniele le metsoalle ea hae ba le botlamuoeng, Bababylona ba ile ba leka ho ba susumetsa hore ba latele meetlo ea bona ka ho ba ruta “puo ea Bakalde.” Ho phaella moo, molaoli oa lekhotla ea neng a ba rupela o ile a ba reha mabitso a Sebabylona. (Dan. 1:3-7) Daniele o ile a rehoa lebitso la Beltsatsare le akarelletsang la molimotsana ea ka sehloohong oa Bababylona, e leng Bel. Ho ka etsahala hore Morena Nebukadnezare o ne a batla hore Daniele a nke hore Molimo oa hae, Jehova, o ka tlaase ho molimotsana eo oa Bababylona. (Dan. 4:8) Le hoja ho ne ho itsoe Daniele a ka ja limenyemenye tsa morena, o ile a “etsa qeto ka pelong ea hae” hore a ke ke “a itšilafatsa.” (Dan. 1:8) Kaha o ile a tsoela pele a ithuta “libuka” tse halalelang ka puo ea hae, o ile a lula a e-na le kamano e ntle le Molimo ha a le naheng e ’ngoe. (Dan. 9:2) Ke kahoo le ka mor’a lilemo tse 70 a le Babylona, a neng a ntse a bitsoa ka lebitso la hae la Seheberu.—Dan. 5:13. w16.10 2:7, 8

La 12-18 February
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | February

La 12-18 February

MATHEU 14–15

  • Pina ea 20 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae”: (10 mets.)

    • Mt 14:16, 17​—Barutuoa ba ne ba e-na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli (w13 7/15 15 ¶2)

    • Mt 14:18, 19​—Jesu o fepile batho ba likete a sebelisa barutuoa ba hae (w13 7/15 15 ¶3)

    • Mt 14:20, 21​—Ba likete ba ruile molemo mohlolong oo oa Jesu (nwtsty litlhaloso tsa Mat 14:21; w13 7/15 15 ¶1)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mat 15:7-9—Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ba baikaketsi? (nwtsty litlhaloso)

    • E be Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a sebelisa lentsoe “lintjanyana”? (nwtsty litlhaloso)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • Bible Reading: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 15:1-20

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.

  • Video e Bontšang Leeto la Pele: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w15 9/15 19 ¶14-17—Sehlooho: Talima ho Jesu e le Hore U Matlafale Tumelong.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 89

  • E-ba Motsoalle oa Jehova—Ho etsa Metsoalle: (7 mets.) Bapala video (tlas’a BANA). Ka mor’a moo, bitsa bana bao u ba khethileng hore ba tle sethaleng, e be u ba botsa lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha metsoalle ea lona e lokela ho rata Jehova? U ka ithuta’ng ho bona?

  • “Hlompha Ntate oa Hao le ’Mè oa Hao”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea lipopae ea (tlas’a BACHA).

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 ¶1-11

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 131 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December

BEKE EA LA 12-18 FEBRUARY, 2018

18 Batsoali—Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela