Sontaha, la 18 February
Kae kapa kae moo moea o sekamelang ho ea teng, li ne li e-ea teng.—Ezek. 1:20.
Jesu o khethile “lekhoba le tšepahalang” hore ebe oona feela mocha o fanang ka lijo tsa moea. (Mat. 24:45-47) Ho tloha ka 1919, Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng o ’nile a sebelisa lekhoba leo ho thusa balateli ba hae hore ba utloisise Lentsoe la Molimo le hore ba latele litaelo tsa lona. Ha re mamela litaelo tse ka Bibeleng, re etsa hore phutheho e hloeke, e be le khotso le bonngoe. E mong le e mong oa rona o lokela ho ipotsa: ‘Na ke latela mocha oo Jesu a o sebelisang kajeno? Lentsoe la Jehova le re hlalosetsa karolo e leholimong ea mokhatlo oa hae. Ka mohlala, moprofeta Ezekiele o ile a bontšoa pono, eo ho eona karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo, e neng e tšoantšetsoa ke koloi ea leholimo. (Ezek. 1:4-28) Kaha haufinyane Kreste le mangeloi a tšepahalang ba tl’o felisa lefatše lena le khopo, koloi ea Jehova e tsamaea ka lebelo e le hore ho tlosoe qoso bobusing ba hae ’me lebitso la hae le halaletsoe! w16.11 3:9, 10
La 12-18 February
MATHEU 14–15
Pina ea 20 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Ho Fepa ba Bangata ka Matsoho a ba Seng Bakae”: (10 mets.)
Mt 14:16, 17—Barutuoa ba ne ba e-na le mahobe a mahlano le litlhapi tse peli (w13 7/15 15 ¶2)
Mt 14:18, 19—Jesu o fepile batho ba likete a sebelisa barutuoa ba hae (w13 7/15 15 ¶3)
Mt 14:20, 21—Ba likete ba ruile molemo mohlolong oo oa Jesu (nwtsty litlhaloso tsa Mat 14:21; w13 7/15 15 ¶1)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 15:7-9—Ke hobane’ng ha re lokela ho qoba ho ba baikaketsi? (nwtsty litlhaloso)
E be Jesu o ne a bolela’ng ha a ne a sebelisa lentsoe “lintjanyana”? (nwtsty litlhaloso)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
Bible Reading: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 15:1-20
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mohlala o hlahileng videong.
Video e Bontšang Leeto la Pele: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w15 9/15 19 ¶14-17—Sehlooho: Talima ho Jesu e le Hore U Matlafale Tumelong.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
E-ba Motsoalle oa Jehova—Ho etsa Metsoalle: (7 mets.) Bapala video (tlas’a BANA). Ka mor’a moo, bitsa bana bao u ba khethileng hore ba tle sethaleng, e be u ba botsa lipotso tse latelang: Ke hobane’ng ha metsoalle ea lona e lokela ho rata Jehova? U ka ithuta’ng ho bona?
“Hlompha Ntate oa Hao le ’Mè oa Hao”: (8 mets.) Puisano. Bapala video ea lipopae ea (tlas’a BACHA).
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 4 ¶1-11
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 131 le Thapelo
BEKE EA LA 12-18 FEBRUARY, 2018
18 Batsoali—Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”