Sontaha, la 4 February
E mong le e mong a ke a etse feela joalokaha a entse qeto e tiileng pelong ea hae.—2 Bakor. 9:7.
Mohlomong u batla ho ba pula-maliboho. U entse liphetoho tse itseng bophelong ba hao, e le hore u be le nako e eketsehileng tšimong. Empa u ntse u sa kholiseha hore na u tla hle u lule u thabile ha u se u phela ka chelete e nyenyane le ka lintho tse fokolang. Ke ’nete hore Bibele ha e re re tlameha ho ba bo-pula-maliboho ha re sebeletsa Jehova. Re ka tsoela pele ho mo sebeletsa ka botšepehi re ntse re le bahoeletsi feela. Leha ho le joalo, Jesu o ile a re Jehova o hlohonolofatsa batho ba itelang molemong oa ’Muso. (Luka 18:29, 30) Bibele e boetse e re Jehova oa thaba ha re etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong ea hae, ’me o batla hore re thabele ho mo sebeletsa. (Pes 119:108) Ha re kopa Jehova hore a re thuse lintlheng tsena re bile re thuisa ka tsona, re ka etsa qeto e nepahetseng le eo a tlang ho e hlohonolofatsa. w16.05 3:13
La 29 January–la 4 February
MATHEU 10–11
Pina ea 22 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Jesu o ne a Khothatsa”: (10 mets.)
Mat 10:29, 30—Hore e be Jesu o re tiisetsa hore Jehova o rata e mong le e mong oa rona, hoa re khothatsa (nwtsty litlhaloso)
Mat 11:28—Ho sebeletsa Jehova ke ntho e thabisang (nwtsty litlhaloso)
Mat 11:29, 30—Ho ikokobelletsa bolaoli le tataiso ea Jesu hoa re thabisa (nwtsty litlhaloso tsa Mat 11:29)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mat 11:2, 3—Ke hobane’ng ha Johanne Mokolobetsi a ile a botsa potso ee? (jy 96 ¶2-3)
Mat 11:16-19—Re lokela ho utloisisa litemana tsee joang? (jy 98 ¶1-2)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mat 11:1-19
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sheba leq la pele.
Leeto la boraro la ho Boela: (3 mets. kapa tlaase ho moo) Khetha lengolo leo u batlang ho bua ka lona le potso eo u tla e botsa.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 42-43 ¶15-16—Mo memele libokeng.
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Ho khothatsa ba “Sehlang le ba Imetsoeng”: (15 mets.) Bapala video (sheba tlas’a LIPUISANO LE LIPHIHLELO). Ka mor’a moo, buisanang ka lipotso tse latelang:
Ke liketsahalo life tsa morao tjee tse etsang hore ba bang ba hloke ho khothatsoa?
Ke joang Jehova le Jesu ba fanang ka khothatso ba sebelisa phutheho?
Ke joang Lentsoe la Molimo e leng mohloli oa khothatso?
Re ka khothatsana joang?
Thuto ea Bibele: (30 mets.) lv khao. 3 ¶16-21
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 90 le Thapelo