Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
April
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Labone, la 26 April

Ho beha kelello nameng ho bolela lefu.—Bar. 8:6.

Mokreste a ka qala ho beha kelello ea hae linthong tsa nama esita le ka mor’a ho sebeletsa Jehova ka lilemo tse ngata. Sena ha se bolele Mokreste eo ka linako tse ling a nahanang ka lijo, mosebetsi, boikhathollo kapa ho bontša lerato lenyalong. Ha ho letho le phoso ka lintho tsena. Jesu o ne a ja, a fepa batho ba bang a bile a ikhatholla. Pauluse le eena o ile a bua ka ho bontša lerato lenyalong. Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng le bolela “ho nahanisisa ka ntho e itseng.” Batho ba phelang tumellanong le nama ba lumella hore bophelo ba bona bo laoloe ke botho ba bona bo sa phethahalang. Ha setsebi se seng se bua ka mantsoe a ho Baroma 8:5 se re: “Ba nahanisisa ka lintho tsa nama, ba lula ba bua ka tsona ebile baa li etsa.” w16.12 2:5, 9, 10

La 23-29 April
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | April

La 23-29 April

Mareka 3-4

  • Pina ea 143 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Ho Phekola ka Letsatsi la Sabatha”: (10 mets.)

    • Mar 3:1, 2—Baeta-pele ba bolumeli ba Sejuda ba ne ba batla lebaka la ho qosa Jesu (jy 78 ¶1-2)

    • Mar 3:3, 4—Jesu o ne a tseba hore ba ne ba e-na le pono e feteletseng ka molao oa Sabatha (jy 78 ¶3)

    • Mar 3:5—Jesu o ne “a saretsoe haholo ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa bona” (“ka khalefo, a saretsoe haholo” litlhaloso tsa Mar 3:5, nwtsty)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 3:29—Ho nyefola moea o halalelang ho bolela’ng, hona liphello ke life? (“ea nyefolang moea o halalelang,” “o molato oa sebe se sa feleng litlhaloso tsa Mar 3:29, nwtsty)

    • Mar 4:26-29—Re ka ithuta’ng papisong ea Jesu ea mojali ea robalang? (w14 12/15 12-13 ¶6-8)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar. 3:1-19a

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Bobeli la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Leeto la Boraro la ho Boela: (3 mets. kapa ka tlaase ho moo) Ikhethele lengolo leo u tla bua ka lona ebe u mo fa sengoliloeng

  • Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 34-36 ¶21-22 —Bontša kamoo u ka finyellang pelo ea seithuti ka teng.

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 123

  • “Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele’’: (15 mets.) Mar 4:9 e bolela’ng? (“Ea nang le litsebe ho mamela a ke a mamele” litlhaloso tsa Mar 4:9, nwtsty). Bapala video ea Mamela Keletso ’me U amohele Taeo. Ka mor’a moo le buisane ka lintlha tse hlahang lebokoseng le reng: “Mamela keletso ‘me u amohele taeo” khaolong ea 4 ea “Le Ipoloke Leratong la Molimo.”

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv khao. 7¶1-9 le lebokose le leqepheng la 76 le 78

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 125 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | February

BEKE EA LA 23-29 APRIL, 2018

23 Lula U E-na le Kamano e Ntle le Jehova

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela