Labone, la 10 May
Ha re ne re le lira, re ile ra boelanngoa le Molimo ka lefu la Mora oa hae.—Bar. 5:10.
Poelano ena e etsa hore re be le khotso le Jehova. Pauluse o ile a re poelano ena e bile teng ka lebaka la mosa o sa tšoanelang oa Jehova, ’me a re ho barab’abo ba tlotsitsoeng: “Kaha joale ho boletsoe hore re lokile ka lebaka la tumelo, a re thabeleng khotso le Molimo ka Morena oa rōna Jesu Kreste, eo ka eena ka tumelo re boetseng re fumaneng katamelo ea ho kena moseng ona o sa tšoanelang oo joale re emeng ho oona.” (Bar. 5:1, 2) Ruri ena ke tlhohonolofatso! Kaofela re hlaha re sa loka. Empa moprofeta Daniele o ile a bolela esale pele hore nakong ea bofelo, “ba nang le temohisiso,” e leng batlotsuoa, ba tla ‘tlisa ba bangata ho lokeng.’ (Dan. 12:3) Batlotsuoa ba thusitse batho ba limilione ba “linku tse ling” ka ho ba ruta Bibele, e le hore le bona Jehova a ka ba nka ba lokile. (Joh. 10:16) Jehova o ba nka ba lokile ka lebaka la mosa oa hae o sa tšoanelang.—Bar. 3:23, 24. w16.07 3:10, 11
La 7-13 May
Mareka 7–8
Pina ea 13 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Nka Thupa ea Hao ea Tlhokofatso U Ntatele U sa Khaotse”: (10 mets.)
Mar 8:34—Re lokela ho itela e le hore re be balateli ba Jesu (“a ke a itatole” nwtsty litlhaloso tsa Mar 8:34; w92 8/1 17 ¶14)
Mar 8:35-37—Jesu o botsa lipotso tse peli tse fatang maikutlo e le ho re thusa ho tsepamisa kelello linthong tsa bohlokoa (w08 10/15 25-26 ¶3-4)
Mar 8:38—Re hloka ho ba sebete e le hore re be balateli ba Kreste (jy 143 ¶4)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 7:5-8—Ke hobane’ng ha taba ea ho hlapa matsoho e ne e le bothata ho Bafarisi? (w16.08 30 ¶1-4)
Mar 7:32-35—Jesu o re behetse mohlala joang ka ho tsotella monna ea sa utloeng litsebeng? (w00 2/15 17-18 ¶9-11)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 7:1-15
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Video e Bontšang Leeto la Pele: (4 mets.) Bapala video. ’me le buisane ka eona
Leeto la Pele la ho Boela: (3 mets. kapa ho tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Thuto ea Bibele: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) bh 156-157 ser 6-7
PHELA JOALOKA MOKRESTE
Litlhoko Tsa Phutheho: (5 mets.)
“Thusa Bana ba Hao Hore e be Balateli ba Kreste”: (10 mets.) Puisano.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Khao. 7 ¶20-28
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 60 le Thapelo