Labone, la 17 May
Le se ke la lebala ho amohela baeti.—Baheb. 13:2.
Jehova o ile a etsetsa bajaki ba neng ba lula Iseraele litokisetso tse lerato tse kang ea ho khoahlapisa.(Lev. 19:9, 10) Ho e-na le hore Jehova a laele Baiseraele hore ba hlomphe balichaba, o ile a ba susumelletsa hore ba be le kutloelo-bohloko. (Ex. 23:9) Ba ne ba tseba hore na ho joang ‘ho ba bajaki.’ Le pele Baegepeta ba etsa Baheberu makhoba, ho ka etsahala hore ba ne ba se ba ntse ba ba khetholla ka lebaka la morabe le bolumeli. (Gen. 43:32; 46:34; Ex. 1:11-14) Baiseraele ba ne ba hutse ka thata ha e ntse e le bajaki, empa Jehova o ne a lebeletse hore ba tšoare motho leha e le ofe oa molichaba ‘joaloka letsoalloa la habo bona.’ (Lev. 19:33, 34) Re kholisehile hore Jehova o ntse a amehile ka batho ba tsoang linaheng tse ling ba tlang libokeng tsa rona. (Deut. 10:17-19; Mal. 3:5, 6) Haeba re nahana ka mathata ao ba tobanang le ’ona, a kang a ho khetholloa kapa ho se tsebe puo, re tla batla litsela tsa ho ba bontša mosa le qenehelo.—1 Pet. 3:8. w16.10 1:3-5
La 14-20 May
Mareka 9–10
Pina ea 22 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Pono e Matlafatsang Tumelo”: (10 mets.)
Mar 9:1—Jesu o tšepisa ba bang ba baapostola ba hae hore ba tla bona pontšo ea khanya ea hae ha a se a busa ’Musong oa Molimo (w05 1/15 12 ¶9-10)
Mar 9:2-6—Petrose, Jakobo le Johanne ba bona Jesu a fetoha sebopeho ’me ho hlaha “Elia” le “Moshe” ba buisana le eena (w05 1/15 12 ¶11)
Mar 9:7—Ho utloahala lentsoe la Jehova a tiisa hore Jesu ke Mora oa hae (“lentsoe” nwtsty litlhaloso tsa Mar 9:7)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 10:6-9—Jesu o buile ka molao-motheo ofe mabapi le lenyalo? (w08 2/15 30 ¶8)
Mar 10:17, 18—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela monna e mong ha a ne a mo bitsa “Mosuoe ea Molemo”? (“Mosuoe ea Molemo,” “Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” nwtsty litlhaloso tsa Mar 10:17, 18)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 9:1-13
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w04 5/15 30-31—Sehlooho: Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe a tlalehiloeng ho Mareka 10:25?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho . . . ”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Ratana le ho Hlomphana ho Momahanya Malapa.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Sehlomathiso se leqepheng la 215-218
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 66 le Thapelo