Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Kajeno
May
Ho Hlahlobisisa Mangolo Kamehla—2018

Moqebelo, la 19 May

O kentse nako e sa lekanyetsoang ka lipelong tsa bona.—Moek. 3:11.

Saense e re senoletse ho hongata ka bokahohle le ka lefatše, ’me e re thusitse haholo likarolong tse sa tšoaneng. Empa ha e khone ho araba lipotso tse ngata tseo re ipotsang tsona. Mohlala, bo-rasaense ba ke ke ba re bolella hore na bokahohle bo bile teng joang kapa hore na ke hobane’ng ha ho e-na le lintho tse ngata tse phelang. Le batho ka kakaretso ba sitoa ho hlalosa hore na ke hobane’ng ha batho ba labalabela ho phela ka ho sa feleng. Ke hobane’ng ha batho ba ipotsa lipotso tse ngata tsa bohlokoa empa ho se na likarabo? Lebaka ke hore bo-rasaense ba bangata le batho ba bang ba buella khopolo e khahlanong le monahano oa Molimo ea hore lintho li ikentse. Leha ho le joalo, ka Lentsoeng la hae Jehova o araba lipotso tse ’nileng tsa tšoenya batho. Re itšetlehile ka melao e tšepahalang ea tlhaho eo Jehova a e behileng. Batsamaisi ba lifofane, litsebi tsa motlakase, tsa liphaephe tsa metsi, lienjiniere le lingaka, li sebetsa ho latela melao ena. w16.11 2:4, 5

La 14-20 May
Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso—2018 | May

La 14-20 May

Mareka 9–10

  • Pina ea 22 le Thapelo

  • Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)

MATLOTLO A TSOANG BIBELENG

  • “Pono e Matlafatsang Tumelo”: (10 mets.)

    • Mar 9:1—Jesu o tšepisa ba bang ba baapostola ba hae hore ba tla bona pontšo ea khanya ea hae ha a se a busa ’Musong oa Molimo (w05 1/15 12 ¶9-10)

    • Mar 9:2-6—Petrose, Jakobo le Johanne ba bona Jesu a fetoha sebopeho ’me ho hlaha “Elia” le “Moshe” ba buisana le eena (w05 1/15 12 ¶11)

    • Mar 9:7—Ho utloahala lentsoe la Jehova a tiisa hore Jesu ke Mora oa hae (“lentsoe” nwtsty litlhaloso tsa Mar 9:7)

  • Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)

    • Mar 10:6-9—Jesu o buile ka molao-motheo ofe mabapi le lenyalo? (w08 2/15 30 ¶8)

    • Mar 10:17, 18—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela monna e mong ha a ne a mo bitsa “Mosuoe ea Molemo”? (“Mosuoe ea Molemo,” “Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” nwtsty litlhaloso tsa Mar 10:17, 18)

    • U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?

    • Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?

  • ’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 9:1-13

E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI

  • Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.

  • Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.

  • Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w04 5/15 30-31—Sehlooho: Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe a tlalehiloeng ho Mareka 10:25?

PHELA JOALOKA MOKRESTE

  • Pina ea 131

  • “Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho . . . ”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Ratana le ho Hlomphana ho Momahanya Malapa.

  • Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Sehlomathiso se leqepheng la 215-218

  • Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)

  • Pina ea 66 le Thapelo

Tse ka Hare
Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2018 | March

BEKE EA LA 14-20 MAY, 2018

14 Re Lokela ho ba le Moea oa ho Amohela Baeti

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2026 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela