Laboraro, la 16 May
Tumelo ke . . . bopaki bo totobetseng ba lintho tsa sebele le hoja li sa bonoe.—Baheb. 11:1.
Na ha se ’nete hore batho ba lumelang hore lintho li iphetotse ba re ba na le bopaki ba saense, empa ho hlokahala tumelo hore motho a lumele hore Molimo o teng? Batho ba bangata ba nahana joalo. Empa re lokela ho hopola sena: Ho hlokahala hore motho a be le tumelo, ho sa tsotellehe hore na o lumela hore Molimo o teng kapa hore lintho li iphetotse. Hobane’ng? Ha ho motho ea kileng a bona Molimo, kapa a bona ha lintho li boptjoa. (Joh. 1:18) ’Me ha ho motho, ebang ke rasaense kapa che, ea kileng a bona ntho e itseng e iphetola ho ba ea mofuta o mong. Mohlala, ha ho na motho ea kileng a bona sehahabi se fetoha phoofolo e anyesang. (Jobo 38:1, 4) Kahoo, kaofela ha rōna re lokela ho hlahloba bopaki, ’me re sebelise matla a rona a ho nahana ho etsa liqeto tse utloahalang. Ha moapostola Pauluse a bua ka popo, o ile a re: “Litšobotsi tsa [Molimo] tse sa bonahaleng li bonoa ka ho hlaka ho tloha pōpong ea lefatše ho ea pele, hobane li lemohuoa ka lintho tse entsoeng, esita le matla le Bomolimo ba hae ba ka ho sa feleng, hoo ba se nang boikemelo.”—Bar. 1:20. w16.09 4:4
La 14-20 May
Mareka 9–10
Pina ea 22 le Thapelo
Selelekela (3 mets. kapa ka tlaase ho moo)
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG
“Pono e Matlafatsang Tumelo”: (10 mets.)
Mar 9:1—Jesu o tšepisa ba bang ba baapostola ba hae hore ba tla bona pontšo ea khanya ea hae ha a se a busa ’Musong oa Molimo (w05 1/15 12 ¶9-10)
Mar 9:2-6—Petrose, Jakobo le Johanne ba bona Jesu a fetoha sebopeho ’me ho hlaha “Elia” le “Moshe” ba buisana le eena (w05 1/15 12 ¶11)
Mar 9:7—Ho utloahala lentsoe la Jehova a tiisa hore Jesu ke Mora oa hae (“lentsoe” nwtsty litlhaloso tsa Mar 9:7)
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng: (8 mets.)
Mar 10:6-9—Jesu o buile ka molao-motheo ofe mabapi le lenyalo? (w08 2/15 30 ¶8)
Mar 10:17, 18—Ke hobane’ng ha Jesu a ile a khalemela monna e mong ha a ne a mo bitsa “Mosuoe ea Molemo”? (“Mosuoe ea Molemo,” “Ha ho ea molemo, haese a le mong, Molimo.” nwtsty litlhaloso tsa Mar 10:17, 18)
U ithutile’ng ka Jehova ’malong oa Bibele oa bekeng ee?
Ke’ng e ’ngoe hape eo u ithutileng eona matlotlong a tsoang Bibeleng a beke ee?
’Malo oa Bibele: (4 mets. kapa ka tlaase ho moo) Mar 9:1-13
E-BA MAFOLOFOLO MOSEBETSING OA BOBOLELI
Leeto la Pele: (2 mets. kapa ka tlaase ho moo) Sebelisa mehlala ea seo u ka se buang le batho.
Video ea Leeto la Pele la ho Boela: (5 mets.) Bapala le ho bua ka video.
Puo: (6 mets. kapa ka tlaase ho moo) w04 5/15 30-31—Sehlooho: Jesu o ne a bolela’ng ka mantsoe a tlalehiloeng ho Mareka 10:25?
PHELA JOALOKA MOKRESTE
“Seo Molimo a se Kopantseng Hammoho . . . ”: (15 mets.) Puisano. Bapala video ea Ho Ratana le ho Hlomphana ho Momahanya Malapa.
Thuto ea Bibele ea Phutheho: (30 mets.) lv. Sehlomathiso se leqepheng la 215-218
Akaretsa Seo re Ithutileng Sona ’me U Bolele Seo re Tla Ithuta Sona Bekeng e Tlang (3 mets.)
Pina ea 66 le Thapelo